sotho.2047.yourlifeguide_muthi
Ha maikutlo a hao a fetoha
sera ho WENA
PALE ya bophelo ba mohlankana e mong wa seterekeng sa Ekurhuleni mane Joburg, e a tshosa - o botsa hore sesosa sa mathata a hae ke boloi kapa tjhe.
"Ka le leng ke ne ke utlwe ho thwe ho na le motho ya batlang ho mpolaya," ho bolela yena. "Ke ne ke tshohe haholo, ka ya ipata. Ka mora matsatsinyana ka ikutlwa ke ba le tshusumetso ya ho batla ipolaya."
"Ke ne ke tshwana le motho ya nyoretsweng jwala, lenyora le tota nako le nako. Pele ho nako e kae ka bona hore ha ke sa na boikgethelo. Ka bona ho le molemo ke ipolaye pele ba mphumana, ba ntlhekefetse ha bohloko ho fihlela ke eshwa."
O ne a ena le sethunya empa ho sa dumele hore a ithunye. "Ho ne ho sa dumele," o boletse jwalo lengolong la hae. Ka leba toropong, ke batla ho ya palama tse yang KwaZulu-Natal. "Ke ntse ke leka ho baleha."
Ha a le Joburg a ikutlwa eka ho na le motho ya mo latelang nako le nako. "Ba mpeile merebele. Ke bona hantle hore ba tla palama yona tekesi eo ke tlang ho e palama!"
A tshohile a bile a ferekane jwalo, a kena lebenkeleng, a reka thipa. "Ke ne ke batla ho itshireletsa," ho bolela yena. Empa eitse mohla kelello e kgutlang, a iphumana a se a eme ka thoko ho tsela a ithekgethetse ka thipa eo.
Ka lehlohonolo, ba ne ba mo amohe yona, ba mo bitsetsa koloi ya bakudi, a iswa sepetlele. Dingaka kaofela tsa dumellana ka hore o bile lehlohonolo hore ebe o a phela. Ebe jwale sepetlele o ne a bolokehile ho ya ka yena" A se a reng ka bao e neng a re ba a mo latela" Ke nakong eo a neng a alafshwa maqeba, moo a ileng a qala ho bona mohlolo.
"Ka qala ho hlokomela hore tsena tsohle tseo ke neng ke ntse ke di bolela, ke dintho tseo ke neng ke inahanela tsona. Ha ho motho le ya mong ya kileng a leka ho mpolaya!" Ho bonahala eka kelello ya ka e phatsamisehile. Ho dula o nahana hore ho na le batho ba batlang ho o etsa hampe ke mofuta o mong wa mokulo o hlokang kalafo ya meriana.
Mme sena ke se etsahetseng ho mobadi wa rona. Dingaka tsa mo neha dipidisi tseo a neng a lokela ho dula a di nwa, tseo a neng a lokela ho boela a di lata hape sepetlele ha di fedile.
Eitse hoba a be betere a lebala. Eitse ha dipidisi di fela, a se ke a kgutlela ho ya lata tse ding - mathata a qala hape.
Ka le leng a thunya mosebetsimmoho le yena mme jwale o ahloletswe dilemo tse robedi tjhankaneng.
Maemo a hae a mpefala le ho feta jwale. "Ke ne ke ikutlwa eka mapolesa le batshwaruwa ba bang ba batla ho mpolaya. A alashwa hape a ba batere. "Ke tseba hantle hore hang ha nka tlohela ho nwa dipidisi tsa ka, ke tla tshwana le lehlanya." Mohlankana eo o ithutile ntho ya bohlokwa bophelong.
Mathuela le ona a ne a ke ke a etsa mosebetsi o betere ho feta oo bakeng sa kalafo, haholoholo hobane ha mathata a hae a ne a qalwa ke yena ka ho se batle kalafo
O bone ka moo dipidisi di mo thusitseng ka teng empa a kgetha ho di tlohela jwalo ka ha a boletse. Ho sa kgathallehe hore ke meriana ya setho kapa ya sekgowa, mathata a kelello a nka nako e telele ho alafeha ho feta a mmeleng.
Ha lethulea le o kopile hore o kgutle hape, ha le leke ho ja tjhelete ya hao, ke hobane le a tseba hore mefuta e meng ya kalafo e nka nako ho alafeha ka katleho!
E, mohlomong ha o sa bone phapang ka mora dikgwedi tse tharo o sebedisa kalafo, ke hona o ka nahanang ho fetela pele - empa qala ka ho neha ngaka ya hao nako e lekaneng ya ho o alafa! [s]
Ngolla Force ho: Muthi Talk, Box 473014, Parklands, 2121, e-mail: muthi@caxton.co.za
KALAFO YA SETHO
Ha ke tlohela dipidisi tsa ka feela, ke fetoha lehlanya la motho
DITLHARE
Mathata a kelello a nka nako e telele ho alafeha ho feta a mmeleng - ke ka hona ho leng bohlokwa hore re nehe mathuela nako e lekaneng ya ho re alafa
Senyama
Mobadi e mong wa Umkomazi, KZN, o kgathatswa ke ho thatelwa ke ditepo tsa sekgo.
"Ke se ke ile mathueleng a fapaneng mme ha ho bonahale ekare ho na le le tla tseba ho nkalafa ho tlosa ditepo tsena tse ntletseng le ka ditsebeng!" ho bolela yena.
"Ka nako e nngwe ke utlwa ekare di teng le ka hanong."
Mathata ana a etsa hore a be pelo e nyenyane mme seo se senya dikamano tsa hae tse ntle le batho esitana le ba lelapa la hae.
"Ha ke na moo ke dulang athe le ba lelapa leso ba re ba kgathetse ke nna."
Ho a totobala hore mosadi enwa o na le senyama kapa bomadimabe."
O hloka moriana o ikgethang o tswakilweng ka tsona ditepo tseo tsa sekgo.
