sotho.203.legalmay
SE NKILWE KE SEBONTSHI
Ha ho a amoheleha
BOTHATA: Mme o ne a kenye kopo ya pei ya botsofadi ha a ne a kopanya dilemo tse 60, empa kopo ya hae ha e kaba ya amohelwa hobane monnahae (ntate) a ne a sebetsa jwalo ka molebedi sekolong sa mmuso.
Ntate o hlokahetse pele a ka nka penshene. Ka mora lefu la hae, mme o ile a kenya kopo hape, le yona e ileng ya hanwa tlasa mabaka a sa utlwahaleng.
Se fedile selemo jwale ntate a hlokahetse, empa mme ha a so fumane le sente ho tswa mosebetsing wa hae.
Natae o sebeditse mmusong dilemong tse fetang tse 20, tjhelete ya penshene e ne e ntse e hulwa moputsong wa hae dilemo tsena kaofela. Hobaneng mme a sa fumane tjhelete ena-
KELETSO YA HA SCORPION:
Re bohloko ho utlwa ka moo Lefapha le tobaneng le dipenshene mmusong le ileng la sebeletsa mmao ka teng.
Eo ha se taba e amohelehileng, leha ho le jwalo, ha se mmao feela ya bileng le bothata bona.
Leha taba ena e se mabapi le tsa molao, empa e hloka leqwetha le tla kgonang ho tsebisa letona le ikarabelang esitana le lona lekgotla la dinyewe la basebetsi ka taba ena.
Leqwetha leo le tlameha ho ngolla Lefapha la Ditjhelete tsa Mmuso lengolo le le romelle dintlha tsa ntatao, hore o ne a sebetsa kae, a amohela bokae, hore o hlokahetse neng, o ne a dula kae, le hore lefa la hae le ngodisitswe Lekgotleng le Phahameng la Dinyewe kapa tjhe.
Hona lengolong leo, leqwetha leo le tlameha ho kenya dintlha tse feletseng tsa mmao. Lengolo la lefu la ntatao mmoho le bukana ya boitsebiso ya mmao le ntatao di tlameha ho romelwa le tsona.
Ka mora moo, le tlameha ho nehwa diforomo tse ngata tseo le tlamehang ho di tlatsa.
Ke mehato e mengata mme wena le mmao le tlameha ho ba le mamello hore dintho di loke, ho seng jwalo, kopo ya lona e tla hanwa ho ya ho ile.
Lefapha la Ditjhelete le tla le thusa ha le bona hore le ikemiseditse mme hape le na le leqwetha le tla le sireletsa.
Ka hoo, ke eletsa wena le mmao hore le fumane leqwetha ka potlako.
Haeba o se setho sa Scorpion Legal Protection, hape o sa kgone ho lefella leqwetha, o ka ikopanya le kantoro ya ha Legal Aid Board e haufi le lona. [s]
BONA SESOTHO - May 2008
O e tlisetswa ke ba ha BONA le Scorpion Legal Protection
Re netefaditse hore dikeletso tsohle tseo re di nehwang ke tse nepahetseng. Empa nnete ke hore nyewe ka nngwe e hloka ho fuputswa mme Scorpion Legal Protection (Pty) Ltd, ditho tsa BONA le baphatlalatsi ba makasine ena, ba ke ke a rwala boikarabello ba ha motho a hlotswe ke nyewe kapa a utlwisitswe bohloko ka mokgwa ofe kapa ofe hobane a ile a latela dikeletso tseo re faneng ka tsona.
TSAMOLAO
Romela mathata a hao ho BONA Tsa Molao, Box 32083, Mobeni 4060 - mme o fumane monyetla wa ho buisana le leqwetha metsotso e 30 mahala, mohlomong dikantorong tsa ona hohle naheng ena kapa ka mohala.
