sotho.2039.sing
ya hao ka molao
Romela mathata a hao ho BONA Legally Yours, Box 32083, Mobeni 4060 - mme o fumane monyetla wa ho buisana le leqwetha metsotso e 30 mahala, mohlomong dikantorong tsa ona hohle naheng ena kapa ka mohala.
O e tlisetswa ke ba ha BONA le Scorpion Legal Protection
Ha ke molato
BOTHATA: Ke sebetsa karatjheng moo dikoloi di nosetsang teng. Ke nna ya amohelang tjhelete. Ka tsatsi le leng ho ne ho be le kgaello ya R300 mme manga karatjhe a re bolella hore ke rona ba nkileng tjhelete mme ra iswa motjhineng o lekolang leshano. Re ne re le babedi mme nna ka feila ha wa mphato wa ka yena a ne a pase. Ha ho ka ba ha ba teng diphuputso tse ding tse ileng tsa etswa mme ka iswa komiting ya kgalemo moo ke neng ke fihle ka lelekwa teng. Ha nka ba ka nehwa le monyetla wa ho hlahisa bopaki ba ka. Ha ke tsebane le tjhelete mme ke bona eka ha ba a etsa diphuputso ka nepo. Nthuseng hle!
KELETSO YA HA SCORPION:
Ka ho ya ka dintlha tsa hao, ho ne ho nepahetse hore ba o ise komiting ya kgalemo, empa he ba e tshwere ka tsela e seng molaong hobane ho feila teko ya leshano (polygraph) kapa (lie-detector) ha ho bolele hore o utswitse R300 eo.
Ba bangata batho ba feilang teko ena mme seo se sa bolele hore ha ba tshepahale.
Motjhine ona ha o kgone ho bontsha phapang pakeng tsa motho ya leshano le ya sa tshepahaleng!
O kgona feela ho bontsha diphetoho tse etsahalang mmeleng tse kang ho otla ka matla ha pelo, ho nyoloha ha kgatello ya madi esitana le ho fufulelwa nakong ya teko.
Ho na le kgollo ya hore diphetoho tsena di etsahala ha motho a bua leshano.
Empa ha ho jwalo, ho ka etsahala hore motho a tshohe hore o tla feila teko eo mme diphetoho tsena di etsahale.
Ka lebaka lena, CCMA e ne e nke qeto ya hore bopaki ba polygraph bo sebediswe ha feela bo felehetswa ke bo bong lehlakoreng.
Re na le tshepo ya hore o tla kgutlisetswa mosebetsing, ka hoo, re o eletsa hore o ikopanye le ba ha CCMA ka pele, bona ba tla o thusa ho makalla mohiri wa hao wa mehleng. Haeba o na le mathata, o ka ikopanya le kantoro ya ha Scorpion e haufi le wena.[s]
Re netefaditse hore dikeletso tsohle tseo re di nehwang ke tse nepahetseng. Empa nnete ke hore nyewe ka nngwe e hloka ho fuputswa mme Scorpion Legal Protection (Pty) Ltd, ditho tsa BONA le baphatlalatsi ba makasine ena, ba ke ke a rwala boikarabello ba ha motho a hlotswe ke nyewe kapa a utlwisitswe bohloko ka mokgwa ofe kapa ofe hobane a ile a latela dikeletso tseo re faneng ka tsona.
BONA SESOTHO - November 2007
SE NKILWE KE SEBONTSHI
LELAPA la habo le ne le tshohile. Mora wa bona a batla ho ya ba sebini sa sebayeng, mosebetsi oo ba bangata bao etsang ba phelang ka bofutsana bo tshabehang bakeng sa ho phela bophelo ba dinaledi. Ba bona hantle hore dikgolo, di sa tla! Linda Zitha wa bona o batla ho ya ba sebini sa opera!
Ke mathata feela!
Mmino o ne o sa qale ka Linda lelapeng lena. Mmae e ne e le sebini sa sehlopha sa kereke ha ntatae yena a ne a bintsha. Linda le yena o ne a qale ka ho binela sehlopha sa kereke. A hla nna a itshupa hore o na le lerato le ikgethang la mmino.
"Ke ne ke rata dipapadi haholo ha ke sa hola haholoholo bolo ya maoto. Ha ke le dilemo di 12, ka qala ho natefelwa ke mmino," ho bolela yena.
A pasa materiki, a se a qadile ho nkela mmino hodimo. Ka 1992, a hahlaula le sehlopha sa kereke ho ya Italy.
Empa a makatsa ba bangata ha a sa etse dithuto tsa mmino ka mora matiriki. "Ka qala ho etsa dithuto tsa marketing, empa ka phakisa ho fellwa ke lerato la tsona," ho bolela yena.
Tshehetso
Linda a qala ho hlokomela hantle seo a se ratang mohla a neng a le Pretoria State Theatre a mametse sebini sa opera. "Motswallaka o ne a nkopile ho tsamaya le yena ho ya shebella Nabucco ya Verdi. Ke ne ke tsebe hona ka nako eo hore ke sena seo ke se batlang bophelong ba ka, ho bina mmino wa opera.
"Batswadi ba ka ba ne ba hanyetsana le taba ena qalong. Ba ne ba batla hore ke etse mosebetsi wa profeshenale," o boletse jwalo a tsheha.
Qetellong eitse ha ba hlokomela hore ha a ikemisetsa ho tjhentjha maikutlo, ba mo tshehetsa ho fihlela lena.
"Ke batshehetsi ba ka ba baholo," o boletse jwalo Linda ya seng a kile a bina mmino wa opera o kang wa Tosca, La Bohème le Madame Butterfly.
Lelapa la habo Linda le leholo. O qakehile hoo a tshohang a etetse dikgaitsedi tsa hae tse tharo ka mafelo a beke hobane o dula haufi le Tshwane. Ha ho se moo a tla bina teng ka bosiu, o ya lapeng ho moratuwa wa hae Molebogeng Matlhare, kapa metswalleng ya hae. Ntle ho moo, o ya lapeng habo mane Emalahleni, lebatoweng la Mpumalanga.
"Ke se nkile ka bina ka makgetlo mane Emalahleni," ho bolela yena. "Lekgetlo la ho qetela ke ne ke bina le motswallaka Kaiser Nkosi le Given Mabena."
Kaiser le Given, le bona ba holetse Emalahleni mmoho le Linda, mme ke dibini tsa mmino wa opera tse atlehileng.
Katleho
O rolela Black Tie Ensemble kgaebana ka katleho ya hae. Ka mora ho phetha dithuto tsa hae tsa marketing, Linda o ne a qale dithuto Opera School ka 1994, mane Technikon Pretoria mme yaeba setho sa sehlopha sa opera sa State Theatre dilemo tse nne kaofela.
"Eitse ha State Theatre e kwalwa, ha thehwa Black Tie Ensemble ho thusa dibini tse ntjha tsa mmino wa opera," ho bolela yena.
"Ka 1999, pele ho kwala theatre ena, ke ne ke mengwe ho tla bina le sehlopha sena le ba bang ba bathehi ba sona, Mimi Coertse le Neels Hansen."
Le jwale o sa ntse bina le sona mme hape ke e mong wa ditho tse hodimo tsa komiti ya sona.
"Ke mosebetsi o motle haholo wa bonono," o boletse jwalo ha a bua ka opera. "Diaparo tsa teng, modumo wa mantswe esitana le puo eo ho binelwang setjhaba ka yona di etsa hore ebe bonono bo ikgethang."
Linda o rata ho dula le Molebogeng, haholoholo ka kitjheneng. "Ke rata ho pheha haholo. Ke natefelwa ke ho ithuta diresepe tse ntjha nako le nako. Empa ha e le nama ya nku yona ke e rata le ho feta tsohle," ho bolela yena. [s]
African Eye News Service/Homegrown
pale ka NATALIE NETO
ditshwantsho ka VANESSA GROBLER
Batho ba ne ba nahana hore o a hlanya, empa tjheseho ya hae ya mo bulela menyako ya katleho mme kajeno o balellwa hara dibini tsa Afrika Borwa tsa opera tse tshepisang haholo
O tswa
pele jwale
Linda Zitha
BONA SESOTHO - November 2007
KA HO LE LETSHEHADI: Linda le Molebogeng ba rata ho pheha mmoho.
KA TLASE: E meng ya mesebetsi eo Linda a e ratang haholo mminong ona wa opera ke Rigoletto.
