sotho.2016.letters
Hlahisa maikutlo a hao:
Ngolla ho: Mangolo ho Mohlophisi, Box 32083, Mobeni, 4060, South Africa
fax: 031-912-2720
e-mail: bona@dbn.caxton.co.za
Eba mohlodi le Nashua Mobile
Ngola, o hape!
Kgweding ena monga lengolo le hapileng moputso, o tla fumana mohala wa Nokia 2600 (o bitsang R900) o tswang ha Nashua Mobile, ditshebeletso tsa mehala tse ikemetseng tseo o ka kgethang hara tsena tse tharo tse pele.
Bakeng sa ditlhalosetso tse ding tsa bohlokwa, otlela mohala ha Nashua Mobile nomorong ena 0860-412-412.
Ho mamella tlhekefetso
MOHLA o bolellang ngwaneno ka diqabang pakeng tsa hao le monnao, yena o ne a ipotse dipotso di hana ho fela.
O o araba ka hore o lehlohonolo hobane monnao o bontsha ka moo a o ratang ka teng.
O a dumela ho motswallao hore ho na le se sa tsamayeng hantle pakeng tsa hao le monnao mme yena o o bontsha maqeba a tshabehang a a fumaneng ntweng ya hae le monnae...
O bolella mmao nnete, o mo bolella hore monna eo o a o rohaka, a o nyatse ka ho hloka botshepehi ka mora hore le ye moketjaneng ofe kapa ofe. Mmao o sisinya hlooho mme o re: "Ha a o otla, ho kotsi hobane o tla o roba masapo, athe dipuo tsona ha di na kotsi ya letho, tiisetsa mosadi."
Se dumele taba eo hohang! Leha molekane wa hao a sa o otle ka matsoho, mantswe a bohloko le ona a ntse a le kotsi hobane a kgitla ha bohloko moyeng! Motho ya hloriswang a ka nna a qetella a se a ena le mathata a ho tetebela maikutlo le a mang a mangatangata bophelong ka mora nako e telele!
Thando Ntombela, Dobsonville
Mangolo a Hao
Leqeme la mesebetsi
Ke ngongorehiswa ke leqeme la mesebetsi naheng ena. Ke bona tharollo e le hore lefapha la tsa thuto le hlahise lenaneo la tataiso ya mesebetsi le tla qala sekolong baneng ba sa leng maemong a tlase. Ha se bana bohle ba ka kgonang ho atleha dithutong tsa boholo mme e be barutehi.
Martin Mrobo, Katlehong
A re pholoseng manyalo
Ho a swabisa ho bona banyalani ba bangata ba kgaola manyalo a bona selemo le selemo. Ho bonahala ekare banyalani ba matsatsing ana ha ba tsebe hore motheo wa lenyalo ke ntho tse pedi feela, botshepehi le dipuisano. Botshepehi bo etsa hore lenyalo le tie mme banyalani bao ba kgone ho mamellana le mohla ba nang le mathata. Bonneteng motho ha ntlo ya hae e nela, o a e thiba - ha a e heletse!
Botshepehi bo na le tshireletso bo a kgothatsa. Dipuisano di thusa hore motho a nahane hantle pele a bua. Motho a be le lerato mme a mamele ha e mong a bua.
Lucky Mkhonza, Badplaas
Ba a hatsela mebileng
Ke kgathatsehile ka bana ba mebileng, haholoholo mariha. Mmuso o reng ka bona" Hape, batswadi ba bona ba kae" Ba bolailwe ke EITSI" Setjhaba sona se ikemiseditse ho ba thusang ka ho etsang" Hobaneng ha bana ba lahlwa ka sehloho se sekale"
Sylvia Koali, Maseru
O a inyatsa
Ke ahloletswe dilemo tse pedi tjhankaneng ka ho utswa dikoloi. Ke a hlokomela jwale hore seo ke neng ke se etsa ha se na molemo ebile ke ketso e mpe haholo, ke a ikwahlaya ka hona ke bile ke amohetse le kotlo ya ka.
Hohang tjhankana ha se sebaka seo motho a ka lakatsang ho dula ho sona. Ntho e nngwe feela e seng e nneha tshepo bophelong bona ke yona makasine ya BONA. Ke e rata ka pelo yohle ya ka.
Nhlanhla Ndebele, Benoni
O ka nna wa lahlehelwa ke sohle
Bathong ba bang, ho betjha ka tjhelete ha se ntho eo ba e etsang tshohasengope - kapa eo ba e etsang ka letswalo.
Ho na le batho ba seng ba nka dipapadi tsena jwalo ka tsela ya boiphediso, ha ba sa tshoha tahlehelo eo motho a ka nnang a e fihlela. Pele ho fela nako e kae, ba iphumane e se e le makgoba - e leng sesosa sa masisapelo ka lapeng. Bophelo ba motho bo a senyeha ha a se a fetohile lekgoba. Dipapadi tsa tjhelete hohang ha se ntho eo motho a ka lebellang hore e tla mo tlisetsa phaello. Ke bowatla ho nahana hore ka le leng o tla boela o fumana tjhelete e ngatangata metjhining ya casino.
Aaron Tlou, Tweefontein[s]
Re thuse re o thuse
"BONA e fihla le moo ho sa fihlelleheng ka bonolo," ho bolela
Mong Mnguni. Na ha ho jwalo"
NA O KGONA HO REKA BONA KA PUO EO O E RATANG LE HONA O LE KAE KAPA KAE"
Re kopa o re bolella haeba o sa kgone ho fumana makasine ena eo o e ratang le hona ka puo e ratwang ke wena. Ngolla ho, Mangolo ho Mohlophisi mme o se lebale ho re bolella dintlha tsena tsa bohlokwa: ke puo efe eo o neng o e batla; o ho kae esitana le lebitso la lebenkele leo o neng o atisa ho reka makasine ena ho lona.
Modimo a hlohonolofatse BONA!
Batho ba lokela ho tseba hore BONA ke makasine hara dimakasine. Haesale e le teng le ka dinako tse thata haholo. Ho nyolla theko ya yona ke tseba hantle hore ke seo le se etsetsang hore le kgone ho nna le re tlisetsa tse molemo ka dinako tsohle.
BONA e kgathalla bakudi, ba sa sebetseng esitana le ba ikgonang. BONA e fihlella le moo ho sa fihlelleheng ka bonolo. Modimo A hlohonolofatse BONA!
SM, Reitz
BONA SESOTHO - October 2005
t
Mangolo a Hao
t
BONA SESOTHO - October 2005
Ke batla ho patwa ke tsotse!
Babadi ba tla hopola pale ya rona ya Hlakola e neng e bua ka mabokose a bafu a setso a neng a etswa ke khampane e nngwe mane Bronkhorstspruit tlasa taolo ya Beau Brummel. Paleng eo, Brummel le yena o ne a boletse ha le yena a batla ho patwa a phuthetswe ka letlalo la kgomo mme tebelong ya hae a batle ho tle mathuela a tla kgona ho bina bosiu ho sa. Nnete ke hore ha ho bonolo ho hlophisa sena jwalo ka ha re nahana. Ke sena se boletsweng ke Beau...
SETJHABA sa Manguni se motlotlo ka serabe sa habo sona, se pata bafu ba habo sona ka letlalo la kgomo kwana Great Lakes. Ona ke mokgwa wa Seafrika. Makgowa ke ona a neng a fihle a re bolella hore bafu ba tlameha ho patwa ka mabokose. Nna ke batla ho patwa ke tsotse, ke phuthetswe feela ka letlalo la kgomo. Empa ho a makatsa hore ebe kajeno ho etsa jwalo e se e le tlolo ya molao naheng ena!
Motho o se a tlamellwa ho patwa ka lebokose e seng ka letlalo la phoofolo!
Nka thabela ha melao ena e ka tjhentjhwa.
Ke ngolletse Monghadi Pallo Jordan, hore a kenelle tabeng ena jwalo ka letona la tsa bonono le meetlo.
Ho pata bafu ka matlalo, ho tla thusa ho kopanya Maafrika Borwa a merabe yohle mme hape ho dumellana hantle jwang le mohopolo wa Mopresidente Mbeki wa Tsoselletso ya Boafrika. Ba molaong ba re setopo se lokela ho kenngwa ka lebokoseng pele le ka phuthelwa ka letlalo. Nna ha ke dumellane le seo.
O ka nna wa ngola lebitso la boswaswi empa leha ho le jwalo o lokela ho re bolella la hao la nnete le aterese ka botlalo. Ha se hore re dumellana le sohle se boletsweng ke babadi mangolong ana mme re na le tokelo ya ho hlophisa mangolo botjha ho ya ka moo re ratang ka teng pele re a phatlalatsa.
