sotho.1997.yourstories_murdered
A betwa, a bolawa a ba a tjheswa!
Ke motho ya entseng jwang ya ka etsang sehloho seo mothong e mong? Jwalo ka ha eka ho beta le ho bolaya motho ha se bokgopo bo lekaneng, hodima tseo tsohle, o tjhesetswang? Mme ya utlwileng bohloko, o batla ho tseba mabaka
JO-ANNE ROSENBERG (43) o ne a bone setopo sa moradiae se tuka malakabe. O bolella Kamogelo Sebola wa BONA ka sehloho seo moradiae a neng a bolawe ka sona ke motswallae
ENE E LE ka 3 ka meso mohla la 8 Phupu, monongwana ha kgaitsedi ya ka le mohatsae ba nkokotela. Le pele ba bua, ke ne ke iponele hore ho hobe ho ya ka moo ba neng ba tshohile ka teng.
Ba re moradi wa ka Veronique (26) o bolailwe, setopo sa hae se tjhesitswe. Ya ka ke a phofa empa ka phakisa ho hlokomela hore ha ke lore, ka nako eo ba nkisang sebakeng seo.
Ka bona ka maoto hore ke yena Veronique - setopo sa hae se ne se tuka malakabe. Ka haroha letswalo, ka ba ka akgeha. Ha ke phaphama, ka qala ho hlokomela hore moradi wa ka o hlokahetse.
Kgaitsedi ya ka ya tima malakabe ao ka kobo mme a kwaela setopo sa Veronique. Ke ne ke ipotsa hore: na seo ke se bonang efela e le nnete?
Veronique o ne a dula foleteng ya ntate Westbury le bana ba hae, ha nna ke dula De La Rey, Roodepoort hona Joburg. Ha ke sa tla hlola ke lebala letsatsi leo le kgale. E ne e le ka meso ka Laboraro. O ne a tsamaile le metswalle ya hae ho ya reka jwala foleteng e haufi le moo. Ba dula moo ho fihlela hara kgitla mme yena a kgutlela foleteng ya hae.
Ba re eitse ha a etswa, monna e mong eo a neng a mo tseba, o ne a mo latele. A ikutlwa a sa lokoloha a phakisa ho kgutlela morao ho ba bang. Ha a se a tsamaya hape, ka mora nako, monna eo a boela a mo latela, ke nahana hore ha a ka a hlokomela kgetlong lena. A se ke a kgona ho phonyoha ho mmolayi wa hae ya lonya. A hlasela Veronique a mo hlaba maqeba a 53.
Mapolesa a re o ne a betilwe le ho betwa pele a bolawa. Ka mora moo, setopo sa hae sa boela sa tjheswa. Mmolayi wa hae, a boela a ba le sebete sa ho ya bolella ntate. Ntate a se ke a kgolwa, a tsoha le yena a ya iponela ka a hae, sehloho seo setloholo sa hae se bolailweng ka sona. A fumana setopo sa Veronique se tuka malape sebakeng se ka tlase ho kilomitara ho tloha foleteng ya hae.
Ba lekolo ba fihla mmolayi a se a iphile dimenyane. Mofu o ne a ena le bana ba babedi Shinique (5) le Tyrique (3), ya neng a nyanya ka nako eo. Tyrique o ne a ntse a llela ho nyanya, a sa utlwisise hore ho etsahetseng ka mmae.
Ka mora lepato, re ne re ise bana ho setsebi sa profeshenale se thobang maikutlo hore se ba thuse. Veronique o ne a lokile, a rata ho pheha a phakela bohle. O ne a sa lokelwa ke lefu le sehloho hakaalo, le hona a bolawa ke motho ya mo tsebang hantle.
Erekaha setopo sa hae se ne se tjhele, ke ne ke tlamehe ho lefa R900 ka hodimo ho ditjeho tsohle tsa bapati hobane se ne se hloka tlhokomelo e ikgethang.Ka tlameha ho lefa ka hodimo ho R15 000 bakeng sa lebokose le ikgethang ho latela maemo a sona. Ke utlwile bohloko bo tshabehang mme ha ke bone hore nka kgona ho tshwarela mmolayi.
Ke ipotsa hore motho ya phetseng hantle kelellong, o etsa sehloho se sekale mothong e mong jwang, haholoholo ya bileng a mo nkang jwalo ka motswalle?
Mapolesa a ne a nke beke pele a tshwara mmolayi (19), hobane o ne a ipatile ha ausiae. Ke lakatsa monyetla wa ho mmotsa seo a neng a se nahanne ka nako eo, le hore o ne a se tjhesetsang setopo?
Ke rapella hore ho etswe toka mme mmolayi enwa a ahlolelwe ho dula tjhankaneng bophelo bohle ba hae. Nna ke tlameha ho amohela nnete ya hore mmae yena a ka nna a mo etela neng kapa neng tjhankaneng empa nna wa ka ngwana nke ke ka hlola ke mmona le kgale. [s]
PALE YA NNETE
Yena mmae a ka nna a mo etela tjhanka-neng, empa nna wa ka nke ke ka hlola ke mmona
Ho ya ka Jo-anne, Veronique o ne a le lerato.
Jo-anne le bana ba Veronique, Shinique le Tyrique.
