sotho.1988.career
INDASTERI ya mabenyane e se e entse diphetoho thupellong ya yona. "Pele, ya neng a rata ho sebetsa jwalo ka mmetli wa mabenyane, o ne a tlameha ho sebetsa jwalo ka akgente tlasa mmetli ya seng a na le boiphihlelo dilemo tse hlano kaofela," ho rialo Chris De Beer, hlooho ya babetli le bahlahise ba mabenyane mane Durban Institute Of Technology.
"Jwale di-technikon di se di fana ka dithuto tsa ho betla mabenyane hobane di se di bone tlhoko ya sena mmarakeng wa bahlahise ba mabenyane.
"Ha ba sa tsepamisa maikutlo haholo ho tsa tegniki empa ba se ba a tsepamisitse haholo ho tsa taolo, ho rala, dithuto esitana le papatso.
"Le dikhomputara le tsona ke karolo ya indasteri ena, di hlile di bebofatsa mosebetsi ona wa bonono.
"Diphetoho tsena di etsa ho be le mabenyane a mangata a entsweng kwano. Ho na le tlhokeho e kgolo ya mabenyane a entsweng kwano mme ntshetsepelo ya tlhahiso ya tsona mona Afrika Borwa e tseleng.
"Ke rata ho bona Maafrika a mangata mosebetsing ona. Baithuti ba rona ba kelello e tjhatsi, bongata ba bona ba rata ho iketsetsa tsa bona dintho, ba bang ba kgona ho ikakanyetsa a bona mabenyane ba a rekise ba ntse ba ithuta."
Daniel Kolobe o ile a potoloha le ba ha BONA a ba bontsha khampane eo a e sebeletsang e kgolo e etsang ona mabenyane.
Ke ntho e ntle haholo - ho kopangwa ha mokedikedi oo wa mabenyane ho fihlela o kenngwa dipitseng tse o ralang, o sehwa ho fihlela a ba a pholetjhwa a benya.
"Nakong ya dithuto tsa ka tsa fine arts, e nngwe ya dithuto tsa ka e ne e le kakanyo, jewellery design," ho rialo Daniel. "Ke ne ke bone sena e le mpho e kgolo ho nna mme titjhere ya ka e ne e nkgothaletse hore ke kene lekaleng lena.
"E ne e le thuto e thata, empa ka tiisetsa hobane bonono ke ne ke bo rata. Re ne re le bararo feela ba neng ba qetile dithuto tsena ka 2002 mme ra ba le dipontsho tsa mosebetsi wa rona. Batshwari ba khampane eo ke e sebeletsang kajeno, ba ne ba kgahlwe ke mosebetsi oo wa ka mme ba nkgira."
Daniel o etsa mefuta yohle ya ho rala le ho etsa mabenyane a sebedisa meralo e ngotsweng fatshe esitana le ka khomputara.
Bongata ba mabenyane a a etsang a ya mabenkeleng ana a maholo, empa Daniel o ntse a kgona ho etsetsa motho ka mong ya fihlang ho yena.
"Ke ba motlotlo ha ke e ntse moralo o motjha wa mabenyane mme ke tshepe hore le moreki wa ona le yena o tla thabela seo," ke yena eo.
Menyetla ya mosebetsi
Ba bang mona indastering ena ba rata ho rala feela, ha ba bang bona ba rata ho rala le ho rekisa ba buisane le bareki.
O ka ba moreki wa mabenyane kapa o iqalle ya hao kgwebo.
"Bongata ba baithuti ba ka ba iqaletse dikgwebo tsa bona; bongata ba bona bo atlehile," ho rialo Chris De Beer. "Ke ntho e ntle, empa eka o ka qala ka ho fumana boiphihlelo pele o ka ikemela."
Moputso
Seakanyi kapa mohlahise ya sa ntseng a ithuta a ka qala ho fumana moputso wa R3 000 ho ya ho R5 000 ka kgwedi a sebeletsa lebenkele kapa feme.
Ha o se o na le boiphihlelo teng, moputso wa hao o ya ka tjhelete eo o e kenyang khampaneng.
Dikhampane tse ngata di beha meputso ya basebetsi ba tsona ho ya ka phaello eo di e etsang. Se bolelang hore, ha o ntse o fumana bokgoni, o kgona ho kenya phaello e kgolo khampaneng - e leng se bolelang hore le moputso le ona o a nyoloha - hoo o ka fumana moputso o tlohang ho R20 000 ho ya hodimo ho ye ka boholo ba khampane le hore e ho kae.
Teng ha o ka ba le lehlohonolo wa kgona ho iqalla ya hao kgwebo ka mora moo, o ka atleha haholo!
Ho hlokahala eng
Ho ka amohelwa technikon bakeng sa dithuto tsa boakanyi ba mabenyane, ho hlokahala lengolo la materiki kapa le leng feela leo ba ka le hlokang. Pele o qala dithuto, baithuti ba kenela diteko. Dintlha tsa boiphihlelo ba hao ka diteko tseo di o tswela molemo o moholo.
O ka ithutela kae
Dithuto tsena di a fumaneha dikolong tse kang Durban Institute Of Technology, Tshwane University Of Technology, University Of Johannesburg, Cape Peninsula University Of Technology, Central University Of Technology, Free State, le Stellenbosch University.
Baithuti ba ba le monyetla wa ho kenela diteko tsa boiphihlelo ka mora dilemo tse pedi ba ithuta ba bile ba sebetsa. [s]
BONA SESOTHO - February 2006
Mosebetsi o motle
Motho e monyane le e moholo, o a a rata mabenyane. Ho ba ithutetseng mosebetsi ona wa ho betla mabenyane, le ba nang le bokgoni teng ke indasteri e putsang haholo...
pale ka GRACE KHUZWAYO ditshwantsho ka BRETT FLORENS
KA HODIMO: Daniel Kolobe o okamela dikarolo tsohle tsa kakanyo ya mabenyane mme o dutse a sebedisana le baithuti ba hae bakeng sa mosebetsi o tswileng matsoho.
Mesebetsi e metle
BONA SESOTHO - February 2006
KA TLASE: Mosebetsi o moholo ke wa ho rala mabenyane ana.
