sotho.1985.wonders
Dimakatso tse Supileng
Tse Ntjha tsa - Lefatshe
KE DILEMONG tsa bo 1950 ha ho thehwa semmuso lethathama la Dimakaso tse Supileng tsa Lefatshe. Di ile tsa kgethwa mme tsa ngolwa ka mengolo ya Greece ya Sekgalekgale athe bongata ba tse ding tsa dimakatso tsena ha di sa le yo. Tsena di kenyeletsa le Hanging Gardens Of Babylon le seamahale sa modimo wa MaKrike, Zeus se entsweng bolelele ba dimitara tse 12.
Ho bua nnete, moaho o kgonneng ho ba teng le mehleng ena ya tswelopele ke wa Great Pyramid wa Giza.
Ka mora ho hlokomela sena, rakgwebo wa Switzerland, Bernard Webber o ne a phatlalatse hore ho kgethwe "Dimakatso tse Ntjha tse Supileng tsa Lefatshe" ka Loetse 1999. Batho lefatsheng lohle ba ne ba menngwe ho kgetha ba sebedisa khomputara kapa mohala.
Mohla la 7 Phupu selemong sena, ha phatlalatswa sephetho mane Lisbon, Portugal. Ha ho makatse hore ho bile le diphehisano tse kgolo ka sona.
Egepeta, ha re etsa mohlala, e ne e bolela ha Great Pyramid e tlameha ho balellwa lenaneng lena hobane le mehleng eo e ne e ntse e le teng palong. Ka hoo Great Pyramid e ile ya hlonetjhwa mme ya se ke ya ntshwa palong, ha tlatseletswa hodima yona ho fihlella ho fumaneha meaho e robedi!
Dinaha tse ngata di ile tsa kgothalletsa baahi ho supa dibaka tsena mme yaeba e le nngwe feela eo ho yona ho ileng ha kgethwa e le nngwe hara lethathama leo ba neng ba le entse. Ebile Brazil, moo ho neng ho kgethwe mohwanto wa "Kgetha Kreste" mme ba dikhampane tse rekisang moya wa diselefoune ba dumella batho ba Brazil ho letsa mahala ha ba kenya dikgetho tsa bona.
Ke sena sephetho seo ba tlileng le sona sa Dimakatso tse Ntjha tse Supileng ...
Ke nnete! Lefatshe jwale le na le mehlala e metjha e supileng e bontshang ka moo batho ba leng bohlale hape ba ena le bokgoni bo botle...
ka WALTON GOLIGHTLY
ditshwantsho ka GREAT STOCK
BONA SESOTHO - September 2007
The Great Wall Of China
Shanhai Pass to Lop Nur, China
The Great Wall e ne e ahetswe ho kopanya lebota le neng le se le le teng le le leng le letjha ho thibela batho ba merabe e meng ho tla kena hara setjhaba seo. E ahilwe pakeng tsa 200BC le 220BC, e ahwa ke mapantiti a dilemong tseo. E bolelele bo ka hodimo ho 6 500km mme ke yona e telele ho di feta kaofela lefatsheng hara meaho yohle e iketseditsweng ka matshoho.
E emetse: mamello le pheello.
Tswelopele ya Mayan ebile e nngwe ya tse pele ka Borwa le Leboya ho Amerika ya ho hlahisa leano la ho ngola mmoho le maths le ho bala dinaledi.
The city of Chichén Itzá yona e bile setsi sa dipolotiki le tswelopele ya moruo. Pyramid ena e nehetswe ho modimo wa Mayan wa noha, Kukulcan (kapa Quetzalcoatl).
Ka matsatsi a mang a selemo, huku ya moaho ona e ba le moriti o sebopeho e kang sa noha lehlakoreng le ka leboya. Ha letsatsi le ntse le phahama le seriti sena se bonahala ekare se theohela tlase moahong ona.
O emetse: thapelo le tsebo.
Christ Redeemer
Rio de Janeiro, Brazil
The Pyramid At Chichén Itzá
Yucatan Peninsula, Mexico
BONA SESOTHO - September 2007
Seemahale sena sa Jesu se bolelele ba 38m se thabeng ya Corcovado se shebile Rio de Janeiro.
Se akantswe ke Heitor da Silva Costa wa Brazil, sa etswa ke sebetli sa Fora, Paul Landowski, ha nkwa dilemo tse hlano se hlongwa mme sa behwa semmuso mohla la 21 Mphalane, 1931.
Se emetse: ho amohela le pelo tse bulehileng.
Dimakatso tsa Lefatshe
BONA SESOTHO - September 2007
Ho tloha ha 1438 ho ya ho 1533, Incas e ne e qale ho laola karolo e kgolo ya Amerika Borwa, ho kenyeletswa le dikarolo tsa sejwalejwale tsa Ecuador, Peru, Bolivia, Argentina, Chile le Colombia.
Dilemong tsa bo1500, Mmusi wa Incan, Pachacútec o ne a ahe toropo e nang le maru dithabeng tse neng di tsebisahala ka hore Machu Picchu ("thaba ya kgale").
Moaho ona o ikgethang o ne o le tlhorong ya thaba ya Andes Plateau, botebong ba meru ya Amazon ka hodima Noka ya Urubamba. E ne e nyahladitswe ke Incas ka mora ho hlasela ka matla ha lekgwekgwe ka mora hore Spain e hlole mmuso wa Incan, toropo ena ya lahlehelana le setjhaba dilemo tse ka hodimo ho tse makgolo a mararo. Ya fumanwa botjha ke Hiram Bingham ka 1911.
E emetse: setjhaba le boinehelo.
Petra
Petra, Jordan
E maqalong a Sehlekehleke sa Arabia, Petra e ne e le motsemoholo wa mmuso wa Morena Aretas IV wa setjhaba sa Nabata, o neng o qale ka selemo sa 9 pele ho tswalo ya Kreste wa fela dilemong tsa 4000 ka mora lefu la Hae.
Ekare lehaha, le bolelele ba dimitara tse 42 ka pela Lehae la Baitlami la El-Deir mme e sa ntse e le o mong wa meaho e makatsang lefatsheng.
E emetse: tshireletso le engineering
Machu Picchu
Machu Picchu, Peru
Moaho o babatsehang wa sekgalekgale o ne o ahwe ka taelo ya Shah Jahan a etsa sehopotso sa mohatsae. O ahilwe ka majwe a masweu a dimabole ho teratela jarete, Taj Mahal e nkwang e le mabenyane a babatsehang ka botle ba bonono ba Mamuslin mane India.
Mmusi enwa o ne a tshwarwe mme o ne a se a kgona ho bona tora ya Taj Mahal ka festerana ya tjhankana feela.
E emetse: lerato le tjheseho.
The Taj Mahal
Agra, India
The Roman Colosseum
Rome, Italy
BONA SESOTHO - September 2007
The Great Pyramid ya Giza, o mong wa meaho ya Dimakatso tsa Lefatshe wa borobedi, o mong wa e Supileng e sa ntseng e le jwalo ka ha e ne e thehwe.[s]
Moaho ona o motle wa dipontsho o ne o ahelwe ho keteka tlotla ya mmuso wa Maroma - mme le dilemong tse 2000 ka mora moo, dipapadi tsa sejwalejwale di sa ntse di bapallwa moo Colosseum. Mehleng ya boholoholo ho ne ho ithabiswa ka hara ona ka dipapadi tse kang tsa ho lwana ka disabole le thelledisane kapa hona ho shebella BaKreste ba harolwa ke ditau.
E emetse: thabo le tshotleho.
