sotho.1981.children
BONA e a fuputsa
Bana ba a bapala Bonne Esperance Refugee Shelter. Bana ba itsamaelang ba le bang ba kopana le mathata a tshabehang leetong la bona le lelele la ho tla Afrika Borwa.
BA TSHETSE meedi ba kena Afrika Borwa, leeto leo ho lona ba tsamayang ba lefa tjotjo ho balebedi hore ba tsebe ho ba dumella ho feta le ho ba bontsha tsela e tsamayang hara meru e hlwellang le dithabeng. Bongata bo dilemo di 14 athe ho na le ba banyenyane ba nang le tse supileng.
Bongata bo balehile dintwa, bofutsana le tlhaselo e tshabehang ya EITSI, haeba ba atlehile ba itshela hodima tlhekefetso e nngwe hape.
Ho bona Afrika Borwa ke Kanana, e kang ya bana ba Isiraele empa seo ba se fumanang moo ha se fetane le Egepeta eo ba tswang ho yona, ba sebediswa ka sehloho ba sa lefshwe kapa ba lefshwa R200 ka beke. Banana bona ba bile ba fetolwa makgoba a thobalano.
Setjhaba sa Afrika Borwa se iphapanyetsa bana bana. Ke ba mmalwa haholo ba tsebang ho kopana le ho buisana le basebeletsi ba tsa kahisano, ba bangata ha ba kene sekolo hape ba dutse ba tshoha difohle hobane ba ka tshwarwa neng kapa neng ba kgutlisetswa morao.
Sehloho sena sa bana ba balehelang kwano ba etswa hohle dinaheng tsa Afrika, se utullotswe ke baetsi ba dipatlisiso tsa Save The Children UK tse entsweng tlasa leano la Forced Migration Studies Programme mane Wits University.
Di entswe Joburg, Musina (moeding wa Zimbabwe) le Malelane le Komatipoort (moeding wa Mozambique). Ho ba 130 bao ba buisaneng le bona, ho ile ha totobala hore ho na le palo e kgolo ya bana ba tlolang meedi ba itsamaela ba le bang, e leng se tshosang."
Kotara ya bao re buisaneng le bona ba ne ba etswa Zimbabwe le Mozambique. Dipersente tse ka bang 50 di lefella batshwari tjotjo hore ba ba dumele ho kena ka hara naha, ha tse 80 tsona di lefa batho ba seng molaong ha feela ba dumela ho ba felehetsa ba ba bontshe tsela e kenang Afrika Borwa.
Ba neng ba le Joburg ba ne ba etswa dinaheng tse fapaneng tse kang Democratic Republic Of Congo, Burundi le Rwanda.
Tlaleho e bontshitse ka moo maemo a bana bana a leng hlokolosi ka teng.
Tlhekefetso
Korata ya bona e se e ile ya kgutlisetswa morao ntle ho molao ke mapolesa mme 25% ya bona ya tshwarwa empa ya boela ya lokollwa.
Ho rekisa diphahlo mebileng ke ho fela ha seo ba iphedisang ka sona, dipersenteng tse 25 tseo ho buisanweng le tsona, tse 14 di iphedisa ka ho bokelletse dibotlolo tsa dipolastiki meqomong ya ditshila.
Motho o se a dutse a kopana le bana ba keneng ka hare ho naha ntle ho molao hohle mebileng. Kapa, Father Geraldo Garacia, ke mookamedi wa Lehae la House Of Lawrence mane Woodstock, o re ho na le bana ba 19 ba dulang lehae leo, ba iphihletseng ba itsamaela ba le bang, ba dilemo di tlohang ho tse 14 ho ya ho tse 5.
Bongata bo tswa DRC, Rwanda le Angola, mme ba bile alafshwa dikelello hobane ba thefulehile ha bohloko ke tlhekefetso eo ba tsamaileng hara yona.
Adolphine Mulanga wa Lehae la Bonne Esperance Refugee, e amohelang basadi le bana mane Philippi, o re bana ba kena Afrika Borwa ba itsamaela ba le bang ba laetswe ho tla lehaeng leo.
Ba a tshwarwa
E mong wa bona ke Anna (17), ya neng a tsamaya le ngwanabo ya dilemo di nne ba etswa Kinshasa ho la DRC.
Leeto la bona le ne le le bolelele ba 3 000km ho ya Kapa ka mora hore batswadi ba bona ba nyamele, ka mora ho tshwarwa dilemong tse pedi tse fetileng.
Anna, eo re buisaneng le yena ka thuso ya toloko, o tseba ho bua Sefora feela, o re ka mora hore batswadi ba nyamele, a tlameha ho tlohela sekolo a hodise ngwanabo, a rekisa diphahlo tsa habo bona hore ba tsebe ho iphedisa.
Eitse ha tjhelete e fela, a qala ho rekisa dipompong mebileng ya Kinshasa, moo a neng a bonwe ke motswalle wa mong wa mmae, a mo thusa ho balehe naheng ya habo le ngwanabo le bana ba bang ba babedi ba dilemo di 8 le 14.
Ba qala leeto lena la matsatsi a mararo ba palame teraka e tletseng bana tswete, bao ba bang ba bona ba neng ba hatellwa hore ho etswe thobalano le bona pele ba ka dumella ho tswelapele.
Anna le bao a neng a tsamaya le bona ba ne ba phonyohe thobalanong hobane motswalla mmabona o ne a ba nehile dijo hape a lefile hore ba tsebe ho fetiswa mme o re bana ba bang bona ba ne ba se na boikgethelo ba ne ba tlamehe ho dumela ho etsa thobalano le banna bao hona leetong leo.
"Ha ke so ka ke bona ntho e bohloko hakaalo bophelong ba ka eo hape ke sa tlo hlola ke e lebala le kgale," ho bolela Anna.
Ba ne ba bolelletswe hore Afrika Borwa ke naha e nang le menyetla e metle. Eitse ha ba fihla Joburg motswalla mmabona a ba nyahlatsa Park Station ka mora ho ba rekela ditekete tsa terene tsa ho fetela Kapa. "O ne a se a sa kgone ho ba hlokomela," ho bolela yena.
Ba fihla Motsemoholo maqalong a Mphalane. Ba emelwa ke dihlooho hobane ba ne ba sa tsebe motho hape ho se le motho ya utlwang puo ya bona.
Ka lehlohonolo ba kopana le monna wa Congo, ya neng a ba ise Wynberg Refugee Centre, mme ba tloswa moo ba lebiswa Lehaeng la Bonne Esperance.
Ba nyahlatswa
Leha palo e kgolo ya baphaphathehi e ile ya kena ka hare ho naha ena dilemong tse mmalwa tse fetileng empa ha se hangata ho tsotlellwang hore hara bona ho na le bana ba itsamaelang ba le bang, ho ya ka moo Ramjathan-Keogh a bolelang ka teng.
Tal Schreier, mophaphathehi ya keneng ka molao naheng ena eo hape e leng lekhanselara la UCT Law Clinic, o dumellana le yena.
O re dikgeo tsa molaotheho ke tsona tse etsang hore bana bana ba se ke ba hlokomeleha. Ha ho ditlhalosetso tse ntle le thupello mafapheng a tsa kahisano le a ditaba tsa lehae esitana le mekgatlo e seng tlasa taolo ya mmuso ya hore ba tsebe ho amohela le baphaphathehi ba bana.
"Re kile ra kopana le maemo a mabe, basebeletsi ba tsa kahisano ba hana ho felehetsa baphaphathehi ba banyenyane kapa hona ho ba thusa hobane feela e se Maafrika Borwa," ho bolela yena.
Mathata
Leha molao o sireletsang bana o batla hore ba hlokang le bona ba sireletswe hape ba hlokomelwe empa ha ho moo o kenyeletswang teng le baphaphathehi. Mme ke ka hona bana bana ba hlokang tlhokomelo tjena. "
Adolphine Mulanga, wa lehae la Philippi le neng le amohele Anna ba na le boiphihlelo bo feletseng ba tshotleho eo bana ba kopanang le yona.
O re ho thata ho etsetsa bana bana mangolo a molaong a boitsebiso ha ba fiihlile mona ba itsamaela ba le bang. Ke ka hona bongata ba bona bo sa kgoneng ho fumana melemo eo bana ba bang ba Afrika Borwa ba e fumanang mmusong.
Mathata a mang ke a ho ba fumanela dikolo ba se na mangolo jwalo. Agnes Muller, mosebetsi wa tsa kahisano eo e leng mookamedi ho tsa ntshetopele ya setjhaba yena o bolela ha ho se "mosebeletsi wa tsa kahisano" ya lokelang ho hana ho thusa ngwana hobane a re ke mophaphathehi.
O re lefapha le sa ntse le sekasekana le molao o tla ba thusa hore ba tsebe ho tobana le mathata ana le hore bana bana ba amohelehe.
Ke tlolo ya molao mme hape ke ho rapitla ditokelo tsa ngwana eo, ya se nang ditokomane tsa tlhaho ya hae mme o etsa boipiletso ho mapolesa hore ha ba kopana le maemo a kang ao ba lokelang ho bitsa basebeletsi ba tsa kahisano hore ba ba thuse. [s]
West Cape News
BONA SESOTHO - February 2008
Bana ba ikgwa- ntlellang
Bana ba banyenyane, ba dilemo di supileng ba iphumana ba tlameha ho balehela dintwa le bofutsana dinaheng tsa habo bona ba tle Afrika Borwa - mme ba fihle ba hlekefetswe ba be ba tshwarwe.
pale ka PETER LUHANGA ditshwantsho ka NEIL BAYNES/WCN
Dipalopalo tse tshosang di bontshitse hore ho na le palo e kgolo ya bana ba tshelang meedi ba itsamaela ba le bang.
BONA SESOTHO - February 2008
Adolphine Mulanga o hlokomela bana ba thefulehileng maikutlo ha bohloko.
u
t
Basebeletsi ba bang ba tsa kahisano ba hana ho thusa baphaphathehi ba bana hobane ba re ha se Maafrika Borwa.
BONA SESOTHO - February 2008
Batjha bana ba Kinshasha ba ile ba ya Kapa. Ke mathata feela ho etsetsa baphaphathehi ba banyenyane ditokomane tsa boitsebiso.
