sotho.1961.yourlifeguide_rltnshp
Ke eng protection order?
Haeba o le lehlatsipa la moruso wa ka lapeng, ke nako jwale ya ho qeta seo.
O ka etsa sena ka ho batla tshireletso
ya molao
Ke eng protection order?
Ke tshireletso ya molao, eo ho yona ho laelwang ya o hlekefetsang hore a kgaohane le wena, ho bolela Mzolisa Madolo, motjhotjhise e moholo wa mmuso lekgotleng la manki la dinyewe la Randfontein. Ha mohlekefetsi enwa a sa hlomphe taelo eo, a ka tshwarwa.
O e fumana jwang?
Ha o hlekefetswa kapa o ngongorehile ka tshireletso ya hao. Tlhekefetso e mekgwa e mengata. O ka hlekefetswa mmeleng - ka ho otlwa kapa ka thobalano. Ka dipehelo bophelong jwalo ka ho hanelwa ho bona metswalle, ho ya mosebetsing, ho amohuwa dintho tsa hao kapa di senngwe.
Ke mang ya ka kopang tshireletso ya molao?
O ka e kopa haeba:
O nyetswe ka lenyalo la mofuta ofe kapa ofe.
Le dula mmoho.
Le tshepisane lenyalo.
Metswalle le ba leloko la ya hlekefetswang ba ka etsa kopo ha feela ba na le tumello e ngotsweng ya ya hlekefetswang, ho bolela Nthabiseng Monareng bukeng ya A Simple Guide To South African Family Law.
O e etsa jwang kopo ya tshireletso ya molao?
Nka bukana ya hao ya boitsebiso o ye lekgotleng le haufi la manki mme o be le dintlha tsa ya o hlekefetsang jwalo ka aterese ya lapeng le ya mosebetsing. Le mangolo a ngaka, ditshwantsho tsa temalo le a mang a kano ya ba lelapa, baahisane kapa bana ba tsebang ka tlhekefetso eo, ha a le teng.
Manki o tla o neha tokomane ya tshireletso ya molao ya nakwana. O ka kopa hore ya o hlekefetsang a amohuwe sethunya ha a na le sona mme mapolesa a o felehetse ha o ilo nka diphahlo tsa hao kapa o ilo mo leleka moo le dulang.
Lenqosa la lekgotla kapa lona lepolesa ke lona le tla mo neha tokomane eo ya molao. O tla bolella mohlekefetsi letsatsi le ngotsweng tokomaneng eo la ho ya kgotla
Ka letsatsi leo, bobedi le tlameha ho ba teng. Manki o tla mamela taba ya lona, ho ya ka motjhotjhise, Mzolisa Madolo mme a etse qeto ya ho neha e mong tshireletso ya molao ha ho hlokahala. Haeba ya hlekefetsang a hlolehile ho tla kgotla, tshireletso ya nakwana e ba ya nako e feletseng.
Manki o tla ntsha tokomane eo, a ntshe le lengolo le laelang hore mohlekefetsi a tshwarwe ha a sa fihla kgotla.
Mohlekefetsi o tla fumana khophi ya tokomane eo mme lengolo le laelang ho tshwarwa ha hae le tla iswa sepoleseng seo wena o se kgethileng. Le wena o fumana khophi.
E nka nako e kae?
E emiswa ke wena ka ho ngolla ya hlekefetsang mme o kenye kopo ya ho emisa tshireletso eo. O be hlokolosi o se e hlakole ka mabaka a fokolang, ho bolela Nthabiseng. Bahlekefetsi ba masene, ba etsa e ka ba fetohile, ha ba batla o emise tshireletso, ka mora moo, ba qale hape.
Ho etsahala eng ha a sa hlonephe molao?
O fumana kotlo e thata. O ka tlaleha sepoleseng seo tokomane e neng e romelwe ho sona. (Haeba o sa kgone, o ka ya leha e le ho se fe feela.)
O tshware le khophi ya lengolo la hore a tshwarwe e tsamayang le tshireletso ya molao, o tsebise sepolesa ka moo ya o hlekefetsang a tlotseng molao ka teng. Ha a tlameha ho tshwarwa, o tla tswarwa, a kwallwe kapa a bitsetswe kgotla. [s]
Pale: Kamogelo Sebola.
SEO O TLAMEHANG HO SE TSEBA
Ekaba lenyalo la setso le molaong? Ho bolelang ho kopanya mafa lenyalong? Motho a ka hlala e mong jwang? Kapa o kenya kopo ya sapoto ya ngwana jwang? Bongata ba Maafrika Borwa ha bo tsebe ditokelo tsa ona, haholo dintlheng tse amang malapa. Ke mona moo Nthabiseng Monareng ka buka ya hae, A Simple Guide To South African Family Law (Siber Ink) a thusang teng. Ho yona o hlalosa dikarolo tsa molao wa malapa ka puo o ka e utlwisisang ha bonolo. Buka ena e a fumaneha mabenkeleng ohle a rekisang dibuka, empa re fana ka tse hlano. Ho ka iteka lehlohonolo, re romelle lebitso, aterese le mohala o fumanehang ho ona motsheare ho: BONA/Law Book Giveaway, Box 473014, Parklands, 2121.
DIKAMANO TSA HAO
