sotho.1957.Jomo
BONA SESOTHO - December 2005
Na ho senyehile ho Cosmos"
pale ka MARK GLEESON
ditshwantsho ka TOUCHLINE PHOTO
Sehlopha sa Sono se ile sa qoba selepe ngwahola, ekaba le monongwaha ho sa tla ba jwalo, jwalo ka ha se qadile liki hampe hakale...
Mamela maikutlo a Jomo ka Cosmos
JOMO Cosmos le selemong sena e iphumana e ntse e le mohatleng wa liki ya Premiership moo e neng e qobe selepe teng ngwahola. Empa monga yona, Sono, o bolela hore 're thole re re tu! re tla bona ha selemo sena fela Cosmos e tla be e le hokae.'
"Ho na le tlhase ya tshepo ho nna," ho rialo monga Cosmos, e neng e rathwe ke selepe empa ya boela ya qata letjhoba ka 1994 ya kgutla.
"Thota e sa namme mona liking, kgobang matshwafo. Re na le letlobo leo re sa ntseng re le thapisa. Bongata ba dibapadi tsa rona ngwahola di ne di le dilemo di 20!
"Ke lona lebaka le entseng re batle ho rathwa ke selepe ngwahola, hape ha re na tjhelete ya ho reka dibapadi. Re kgona ho kadima dibapadi feela."
Cosmos e tlameha ho tiisa sehlopha sa yona ka dikakapa tse kang Jimmy Kauleza ya kileng a bapalla Bafana Bafana ya tswang ho Orlando Pirates, mmoho le Mamadou Diallo wa Senegal ya dilemo di 33, empa ya seng a bapaletse dihlopha tse ngata dikontinenteng tse nne kaofela.
Empa Sono o re tshepo ya hae o e behile dibapading tsa hae tsa mehleng, Teboho Mokoena le Helman Mkhalele," ho rialo yena. "Ba ke ke ba ntshwetsa."
Teboho Mokoena ya bapetseng nakwana ho Mamelodi Sundowns, o ne a hlabele Bafana Bafana ntlha Mohopeng wa Lefatshe mane Korea Borwa mme Mkhalele yena o sa tswa kgutla Turkey moo a bapetseng teng dilemo tse ka bang leshome kaofela.
"Ke mohlala wa sebele dibapading tse sa leng nyane," ho rialo Sono a bua ka mokaubere ona o dilemo di 36, o seng o behile thebe kgotla makgetlonyana sehlopheng sa naha.
Sono o re Cosmos e sa kang ya fumana tlholo dipapading tsa yona tsa pele tse robedi selemong sena, e ikemiseditse hore e kene mohopeng wa Supa8 selemong sena.
Ha se mosebetsi o boima."
Sono hape o buile le ka menyenyetsi ya hore o tlameha ho tlohela ho kwetlisa sehlopha sa hae.
Jwalo ka monga sehlopha, Sono o bolela hore yena ha a dumele hore ho qala liki hampe ha Cosmos ho amana le bokwetlisi ba sehlopha.
Sono, ya neng a qeta dilemo tse 50 ka Phupu, ke yena mokwetlisi ya seng a kwetlisitse nako e telele ho feta bohle mona liking. Ka Pherekgong, o ne a qeta papadi ya bo 400 a kwetlisa sehlopha sena sa hae dilemong tse 12 tse fetileng.
O a dumela hore Cosmos e tlameha ho phahamisa dikausi hore e tsebe ho pata bohlwaswa ba ngwahola. "Ho bohlokwa hore sehlopha se bapale hantle, ke ka hona re reng re ikemiseditse haholo selemong sena. Empa ha ho seo ke tlamehang ho se hlakisa ho mang kapa mang. Ha ho seo nna ka bonna ke tlamehang ho se hlakisa, tjhe."
Sono o ne a thehe sehlopha sa Cosmos ka 1982 nakong eo a neng a reka Highlands Park ho tswa ho Rex Evans a nka Roy Mathews ya ba mokwetlisi dilemong tse 11 kaofela ho fihlela e rathwa ke selepe mafelong a 1993.
Ka mora moo, ho tloha ka 1994, Jomo a itshwarela ditomo tsa bokwetlisi sehlopheng sa hae mme a atleha ho se kgutlisa hlatheng ka 1995 mme o se a kwetlisitse dipapading tse 400 ho tloha nakong eo.
Nakong ena kaofela, Cosmos e kile ya hapa mohope wa Coca-Cola ka 2002 mme ngwahola ya hapa Super8, athe mokwetlisi wa yona yena o se a kile a kwetlisa sehlopha sa naha bakeng sa ditlhodisano tsa Mohope wa Lefatshe ka 2002 mane Korea Borwa esitana le Mohopeng wa Afrika mane Burkina Faso ka 1998.[s]
KA HO LE LETSHEHADI: Jomo ha a dumele hore jwale ke nako ya hore a tswe bokwetlising.
BONA SESOTHO - December 2005
"Ha ho seo ke tlamehang ho se hlakisetsa mang kapa mang," ho rialo Jomo.
u
t
"Ha ke a tlameha ho ratisa motho."
