SOTHO.194.muthi
ka FORCE KHASHANE
28 BONA SESOTHO - February 2007
JWALO ka ha re tseba hore "tsebo ke matla," haeba o tsebile kotsi e o tlelang, ho tla ba bobebe ho e qoba. Bophelo bo ba bobebe ha o tseba motho ya ka o bolellang tsa bokamoso ba hao.
Ha ke bue mona ka mathuela - ke bua ka motho phaqa, empa ya nang le matla a makatsang a tjhebelopele.
Empa hangata, metswalle le ba malapa ha ba ele batho ba kang bao hloko.
Mpho ena ya bonohe e ba lefutso - e ka bonahala ngwaneng ho tloha a le dilemo di le leshome feela.
Empa he o a tseba hore ha se hangata batswadi kapa bona batho ba baholo ba natsang se bolelwang ke bana.
"Le se le qadile lethuela la habo lona le re le bona e mong wa rona a se a ile boyabatho," ba e ba bolele jwalo batho ha ba se ba mo phoqa.
E seng ditorong feela
Phoso e kgolo eo re e tsang re e re nke batho ba kang bana eka ke mathuela. Ha ho jwalo.
Mpho ena ha e itlhahise borokong feela, empa ba bang batho ba nang le mpho ya mofuta ona le bona ba ka e hlokomela mothong e mong.
Mosadi e mong ya seng a nyetswe o re o kgathatsehile haholo hobane batswadi ba hae, dikgaitsedi, bana babo mmoho le monnae ha ba amohele mpho ya hae eo a seng a phetse le yona dilemong tse fetang leshomeng.
Ha a etsa mohlala o re ha a ka ba matsatsing a hae a sesadi hang feela ka mora ho bona motho ya kulang, seo se bolela hore mokudi eo o ebe a tla hlokahala.
O tla ba nakong ho fihlela mokudi eo a eya badimong.
Ke ena e nngwe pale ya hae... "Ke ne ke etetse Foreisitata matsatsi a mabedi ha ke tla ikutlwa ke ena le modikadikwane, ke nyekelwa ke pelo," ke yena eo.
"Ka etsa qeto ya ho kgutlela hae pele ho nako eo ke neng ke e behile mme ka fumana mannaka le kgarebe ka tlung."
Ho nyekelwa ke pelo hona ke hona ho neng ho etse hore ke belaele.
O utlwa ka sefahleho
Mosadi e mong o re yena mpho ya hae e ngotswe sefahlehong sa hae. Ho a makatse, empa ke nnete.
"Ha nka tekeletswa ke leihlo le ka leqeleng, ke a tseba ho teng lefu le tla hlaha ka lapeng," ke yena eo.
"Ha e le le letona, ke a tseba ho ebe ho tla hlokahala motswalle.
"E ntshwara hampe taba ena hobane ha ke kgone ho e laola.
"Batho ba bangata bao ke seng nkile ka bua le bona ka taba ena ba mpolella hore ke ingwaye moo ho teketsang teng ka lehlokwa la lefielo.
"Ha ke rate ho tseba ha ho le teng motho ya tla hlokahala.
"Nka e qeta jwang mpho ena ya ka eo ke sa e rateng""
Ka bomadimabe, sena se ke ke sa fela - ha ho tsela ya ho qeta ho teketsa hoo ha leihlo.
Ena ke sammanama, ke ntho o tla phela le yona ho fihlela. Ke o eletsa ho e amohela.
Phela le yona
Mathuela le dingaka tse ngata tsa setso di na le mpho e jwalo mme di e amohela e le karolo ya bophelo ba bona.
Mosadi enwa yena ya nang le mathata a ho ya nakong nako e telele, a ka alafela ka moriana o bitswang mositsane kapa mkhurushane.
A ka bedisa o mong wa meriana ena, kapa ka bobedi ka halofo ya kopi ya metsi. A nke metsi a moriana oo mme a fehle ka ona lesheleshele leo a tla le habola habedi ka letsatsi beke kaofela.
Ho na le tumelokgwela ya hore batho ba kgona ho bontshwa dintho tse mpe feela maphelong a bona.
Ha ho jwalo.
Mamela taba ya monna ya bolelang hore ha a hlohlonelwa ke letsoho le letona, o ebe a tla fumana tjhelete, ha e le letshehadi e ebe e le lengolo. [s]
Re bua ka ditlhare
Ho ba le tjhebelopele
Ha o na le potso ka ditlhare, ngolla Force atereseng ena:
Re bua ka ditlhare, Box 473014, Parklands, 2121 kapa o mo romelle email atereseng e reng:
forcek@caxton.co.za
