sotho.1938.coincidence
Badimo ba a re makatsa
BONA SESOTHO - March 2006
Lefatshe la dimakatso
RE HLOLA re utlwile ka diketsahalo tse makatsang le seo batho ba se nahanang ka tsona ha ba re: "Ho iketsahalletse feela." Ebe hoo ho bolelang" Ebe dintho di iketsahalla jwang"
Ena potso ke e arabehang ka bonolo ka ho etsa mohlala. Mohlomong o hopola motswallao eo o neng o mo qetele ka dilemo, o be o ipolelle hore ka le hlahlamang o tla mo letsetsa mohala.
Hona ha ho a iketsahalla, ke seo o se nahanneng, wa se phetha.
Empa ha o ka lora motswallao eo e leng kgale o mo qetetse - ka le hlahlamang a be a o letsetsa mohala teng"
Na ha ho makatse" Ha ho letho leo o le entseng, ka nako e nngwe o ne o sa tsebe le moo a dulang.
Ka mantswe a mang, ho etsahetse dintho tse pedi tse tshwanang ka nako e le nngwe. Ka nako e nngwe o ke o kgathatsehe hore mmao o tsohile jwang - ho sa le jwalo, a o founele. Hona ho iketsahalletse hobane ha o a etsa letho le ka etsang hore mmao a o hopole le yena moo a leng.
Batho ba bangata ba nahana hore ba na le bonono bo itseng ba hore batho ba bang ba tsebe ho utlwa ka moo ba ikutlwang ka teng ba le hole le bona. Ha se rona bohle ba ka bang le pitso ya badimo empa nnete ke hore kaofela re hlahelwa ke diketsahalo tse makatsang ka dinako tse ding.
Bala ka tse latelang...
Mosadi e mong wa Engelane o ne a bolawe ke pere ka ho mo diela hodima lejwe le leholo la sehopotso. E ne e le la sehopotso sa mobishopo ya neng a shwelle sebakeng seo - le yena a diwa ke pere ya ba ya mo ripitla.
"Ke sebetsa lehaeng la maqheku," ho hlalosa mosadi e mong. "Mohla la 12 Hlakola 2003, re ne re hlwekisa moaho o mong ha re tla fumama buka ya ditshwantsho mmoho le diposkarete tsa kgale.
"Diposkarete tsena e ne e le tsa selemo sa 1911 ho ya ho 1918 mme re ne re makale haholo haholoholo hobane e nngwe ya tsona e ne e ngotswe letsatsi la la - Hlakola 12, 1913 e seng 2003 jwalo ka mohla re neng re di fumana!"
George Bryson o ne a tsamaile ka mosebetsi mme ha a qeta ho ingodisa hoteleng a nehwa senotlolo sa phaposi ya 307, a bolellwa le hore ho na le lengolo la hae. A makala hobane o a fihla sebakeng seo. Empa a nehwa enfolopo e ngotsweng lebitso la hae le nomoro ya phaposi ya hae, 307. Lengolo leo e ne e se la hae e ne e le la George Bryson e mong ya neng a robala phaposing eo matsatsing a fetileng, empa ba ne ba sa tsebane.
Ka nako eo sethuthuthu sa Erskine Ebbin wa Hamilton, Canada, se neng se tjhaiswa ke tekesi mme a shwella moo ka 1975, ba lelapa la habo ba ne ba utlwe bohloko haholo. Hona mohla letsatsi leo ngwahola, Neville moholwane wa Erskine le yena sethuthuthu sa hae se ne se thulwe ke tekesi mme a shwa hanghang.
Bobedi ba ne ba le dilemo di 17 ha ba hlokahala, ba lemalla sebakeng se le seng, ba palame dithuthuthu, tse tjhaiswang ke tekesi e kgannwang ke motho a le mong a palamisitse bona batho bane bao a neng a ba palamisitse le selemong se fetileng.
Motshwaruwa e mong wa Argentina o ne a batle ntatae ya neng a so ka a mo bona haesale a tswalwa. A hira lefokisi ho mo thusa. Ka mora dikgwedinyana la mo fumana - e ne e le e mong wa balebedi ba tjhankana eo a neng a kwaletswe ho yona.
Ka 1858, sebapadi sa dikarete, Robert Fallon o ne a thunngwe, a shwa. O ne a sa tswa hapa $600 ka bolotsana mme a so ka e nehwa.
Ho ne ho se ya ka kwalang sekgeo sa hae e leng se bolelang hore ha ho motho ya ka nehwang moputso oo wa hae. Qetellong sebapadi sa fumaneha ho kwala sekgeo seo mme sa dumellwa hore se ka amohela moputso wa mofu wa $600.
Ka nako eo mapolesa a qetang diphuputso, sebapadi sena se setjha se ne se se se ekeditse moputso ona wa $600 hore ebe $2 200 ka ho nna a hapa dipapadi. Mapolesa a laela hore ba lelapa la habo Fallon ba nehwe moputso wa hae wa $600.
Ha fumanwa hore sebapadi seo se setjha ke mora wa Fallon ya neng a qetele ho bona ntatae dilemong tse supileng tse fetileng!
Moqolotsi e mong wa ditaba o ne a fihle hoteleng mme ha a bula dikhabathe tsa phaposi eo a robalang ho yona a fumana ditokomane tsa monna ya bitswang Harry Hannin - eo e neng e le motswallae.
Empa le pele a fumana monyetla wa ho tsebisa Hannin ka ditokomane tseo, ka lehlohonolo, yena a fumana lengolo le tswang ho Hannin.
Lengolong la hae o ne a mo bolelletseng hore ka nako eo a neng a le hoteleng e nngwe Paris o ne a thole ka thae ya hae.
Henry Ziegland o ne a re o tswile tleneng tsa tau. Ka 1883, o ne a arohane le moratuwa wa hae eo a neng a ipolaye ke ho utlwa bohloko. Kgaitsedi ya moratuwa eo wa hae e ne e halefile hona hoo e neng e tsome Ziegland hohle mme ya mo thunya.
Ha Ziegland, a re kgekgenene fatshe, eo a hlokomela mathata ao a ikentseng ho ona mme a shebisa sethunya ka ho yena a ipolaya. Empa Ziegland o ne a sa shwa.
Kulo e ne e mo pote ka thoko ya phunya sefate se neng se le ka mora hae.
Ziegland a re o phonyohile. Ka mora dilemonyana a sakga sefate seo se neng se mo pholose. A bona hore se tla mo hlola mme a se butswela ka seqhomane.
Kulo e neng e le ka hara sona ya budulwa ke seqhomane ya tswa. Ya hlaba Ziegland hloohong a shwa hanghang.
Mosadi ya bitswang Anne Parrish o ne a sheba dibuka tsa kgale tse rekiswang lebenkeleng le leng la tsona ha a tla bona e nngwe, Jack Frost And Other Stories. A e bontsha monnae a mo bolella hore o ne a e rata haholo bongwaneng ba hae.
Monna a e phetla, a fumana e ngotswe lebitso la mohatsae. E ne e le yona ya hae.
lMonna e mong wa Soweto o ne a bolokile tjhelete e lekaneng ho reka koloi e ntjha. A rekisa ya kgale mme a kganna e ntjha. Dibeke tse mmalwa ka mora moo a thulana le koloi ya mosadi e mong ya neng a kganna koloi eo ya hae ya kgale.
Hona le batho ba bolelang hore diketsahalo tsa mofuta ona di bontsha hore Modimo le badimo ba a qabola.
Ha se hore re nehilwe anathema ha dintho tsa mofuta ona di etsahala maphelong a rona - empa e le sehopotso feela sa hore ho na le melao lefatsheng mme dintho di kopana kaekae.[s]
pale ka ISAAC KWELA
setshwantsho ka CLIVE THOMPSON
Dimakatso, koduwa, masisapelo le tse ding tse ngata di ke di re hlahele ka nako e nngwe maphelong a rona - ebe di bolelang"
BONA SESOTHO - March 2006
