sotho.1932.tsotsi
Se bolelwang ke dinaledi tsa filimi e ntjha...
'Ke lla samannete'
pale ka DOUG GORDON
ditshwantsho ka ADELE HAMBLIN
LEBITSO la hae ke Presley Chweneyagae (21), ke naledi e seng e hapile kgau filiming e moferefere, Tsotsi - leha a le hlwahlwa hakalo ha a na degree ho drama. "Ke bapala karolo ena ya Tsotsi hobane ke holetse bofutsaneng, batswadi ba ka ba ne ba arohane ke sa le monyenyane," ho bolela yena. "Ha ke lla filiming, ke ebe ke lla sa mannete."
Presley o ne a ena le dilemo tse 16, a kena sekolo Tshwane, ka nako eo agente e pele, Moonyeenn Lee a hlokomelang neo ya hae.
"A re ke qetele dithuto tsa ka tsa meteriki o tla mphumanela mosebetsi wa ho bapala difiliming," ho hlalosa Presley.
"Selemong se fetileng a nthomela ditekong moo ho neng ho hlokahala sebapadi se karolo ya sehlopha sa dinokwane filiming ya Tsotsi mme ka iphumanela karolo e pele!"
Sephiri sa Presley papading ke hore feela o tshwantsha karolo eo a e bapalang le bophelo ba hae ba nnete mme sena se etsa hore a ratehe haholo ho babohi. "Ke hotse ka thata, ke dutse ke tshohile, ke lebelletse ho hong ho bohloko ho tla ntlhahela. "Ke rata mme Agnes ka pelo yohle mme ha ke bapala karolo e utlwisang bohloko papading, ke nahana ka moo nka ikutlwang ka teng ha ho ka thwe mme o hlokahetse. Ke lla hona jwale ha nka nahana ka taba eo, kelello ya ka e se hlole o hopola le hore ke a bapala."
Hangata filiming ena ya Tsotsi ke mahlatsipa a hae a llang. Tsotsi ena e lonya e ne e hole e le kgutsana e se nang le lehae mme e hloile mang kapa mang ya boi.
O khothotsa mahlatsipa a hae lekeisheneng, mebileng esitana le seteisheneng se Park Central moo ho dutsneg ho phethesela.
Presley o tshwantsha karolo eo a e bapalang le ya bophelo ba hae ha nnete ba mohla a neng a khothotswa selemong se fetileng toropong ya Tshwane.
"Ke ne tswa itlhophisetsa papadi ya Hamlet mane State theatre ha ke hlaselwa ke ditsotsi tse pedi ka dithunya," ho hlalosa yena. "Ba ne ba batla selefoune. Ke ketsahalo e tshosang haholo empa ke ne ke qale ka ho lwana.
"Ka akgela founu fatshe mme ba teneha hona hoo ba neng ba nkokote hlooho ena ka kutu ya sethunya. Ke bohlanya feela: Ke ne ke tjapalletse fatshe ke dutla madi ebile ekare hlooho e a tsekela.
"Ba tjhwabola mokotla - ba nka sekipa se setsho se ngotsweng Stop Crime. E mong wa bona ke a tshepa le kajeno o ntse a se tena hobane ba ne ba hlola monga sona ka matla.
Phirimaneng eo ka ya bapala ho Hamlet ke le tlasa kgatello e mpe ke letswalo."
Filiming eo ya Tsotsi, Presley o rata ho nna a thetsa maqeba a hloohong ya hae ho ikgopotsa sehloho sa dinokwane tseo tse tharo.
Ke pale ya buka e ngotsweng ke Athol Fugard dilemong tsa bo 1970. E hopotsa batho ka bophelo ba Jozi moo motjha a iphumanang a baleha ka koloi mebileng ya lekeishene la makgowa a sa bone le hore ho na lesea ka hara yona. Mapolesa a lelekise koloi eo ho fihlela e tjhaisa mme yena a baleha le lesea a leba le lona lekeisheneng le haufi. A hatella motswetse e mong ka sethunya a re a nyantshe lesea leo. Ke mohlolohadi ya sa leng motjha ya qetelletseng a mo qhekelletse a mo bolella hore bophelo ba hae bo ka tjhentjha.
Pele Presley a nehwa karolo ya Tsotsi o ne a kotjwe ho etsa diteko kgahlano le basetsana ba bang bao le bona ba neng ba iteka ba batla karolo ya Miriam.
Bongata ba bona e ne e le batho ba tummeng ho TV empa leha ho le jwalo, ho ne ho kgethwe ngwanana ya sa tumang hohang - Terry Pheto (23). Jwale o sebeletsa ho fihlella maemong a Presley.
Terry le yena batswadi ba hae ha ba kgone ho mo lefella dithuto tsa kholetjhe. Ke ka hona ka mora materiki a ileng a ba setho sa Soweto Youth Drama Society.
"Thupello ya moo e ntle haholo mme le jwale ke sa ntse ke le setho sa sehlopha seo," ho bolela yena. "Moonyeenn o ne a mpone moo, ke bapala ho The Toilet, papadi e rutang tsa EITSI - e buang ka banana ba bararo ba sekolo se phahameng ba neng ba dutse ba qoqa ka bashanyana, thobalano le dikgohlopo sekolong.
"Ke ne ke qala ho bapala ka pela khamera mme karolong ena ya Tsotsi ekare ke sekolong sa difilimi," ho bolela Terry. "Ha ke na bana ke ka hona ke sa ntseng ke ithuta le ho ba mme. Bahlahisa ba filimi ena ba hlwahlwa haholo mme ba kgonne ho re tataisa le Presley hore re kgone ho beha pale ena maemong a matle a lefatshe."
Terry o ratwa haholo. Mohlahise e mong wa difilimi wa Yuropa o ne a kgahlwe ke yena mme a mo palamisa ho ya London bakeng sa diteko tsa filimi e nngwe e pele ya Afrika Borwa, e buang ka bophelo ba mehleng ya kgethollo ya mmala, moo ngwetsi e nngwe e neng e siuwe ke monna ha a eya sesoleng sa MK.
E bitswa Hotstuff, naledi e tummeng Bonnie Mbuli yena o nketswe ditshwantsho Joburg athe Terry yena o bapala karolo ya bohlokwa. "Pale ena ke e monate haholo ho tse kileng tsa hlahiswa mona Afrika mme re motlotlo hore re be le seabo ho yona." ho bolela yena. [s]
BONA SESOTHO - November 2005
KA HODIMO: Presley (le letshehadi) le dibapadi tse ding tsa filimi ena, Zenzo Ngqobe, Mothusi Magano le Kenneth Nkosi.
LE LETONA: Presley le Terry - dibapadi tse pedi tse sa tumang, di iketsetsa lebitso difiliming.
Batjha bana ba babedi ba netefatsa filimi ya Tsotsi ya Athol Fugard - mme ba hapa dikgau tsa maemo a lefatshe
BONA SESOTHO - November 2005
u
t
"Karolo ya Tsotsi ho nna e ne eka ho ithutela ho balapa difilimi."
