sotho.1925.legaladv
TSEBA DITOKELO TSA HAO
Kgweding ena: ho rarollwa ha mathata ke monamodi le bohlokwa ba ho ba le inshorense ya koloi
TSOHLE KA: ARBITRATION
Ke rekile koloi mothong dikgweding tse mmalwa tse fetileng. Ka netefatsa hore morekise o fela a ena le tokelo ya ho rekisa kapa tjhe.
Mmuelli wa morekise a etsa tumellano ya thekiso, ka e saena, ka lefa tjhelete ya peheletso, ka nka koloi.
Tsohle tsa tsamaya hantle, ka lefa mokitlane ka kgwedi - ka makala ho fumana lengolo le tswang ho mmuelli e mong, le re koloi eo e ne e se e rekilwe ke motho e mong pele ho nna. Ho bolelang hore morekise wa yona o ne a se na tokelo ya ho nthekisetsa yona. Ka tlameha ho e kgutlisa.
Morekise a re o tla e lokisa taba eo ke se kgathatsehe. Jwale, o hana ho nkgutlisetsa tjhelete ya ka. Mmuelli eo ke buile le yena o re ho na le molao o ahlolang ha ho ena le kgohlahano thekisetsanong ya mokitlane, o re ha ke na ho ba le nyewe e tiileng ya ho mo qosa eo ho nkgutlisetsa tjhelete ntle ha ho ka kenella monamodi.
Monamodi o kena kae" Hona ke mo fumana jwang le hona kae"
KELETSO YA SCORPION
Bonamodi ke tshebeletso e nngwe ya molao ya ho leka ho rarolla mathata (pakeng tsa ba amehileng) ho latela molao ntle le hore nyewe e mamelwe ke lekgotla.
Setsebi se seng sa molao se se nang seabo hohang qabanng eo, se kgethwa hore se le namole. O hlahloba bopaki mme a nke qeto ya se ka thusang bakeng sa tharollo.
Qeto ya hae e ka nna ya nkwa jwalo ka "Taelo ya Lekgotla". Hona ho dumella mohlodi nyeweng ena hore a ngolle lengolo le mo dumellang hore a kgutlisetswe seo e leng sa hae kapa a buseletswe tjhelete ya hae.
Leha ba bangata ba nahana hore tumellano ya monamodi ha e kenye lekgotla, empa nnete ke hore ha ho jwalo.
Empa ela hloko hore ha o tswelapele ho tsekisa morekise tjhelete, dintho di ka nna tsa mpefala le ho feta.
Morekise a ka nna a hulanya maoto hore nyewe e kgutlisetswe morao ho fihlela ho kenella monamodi.
Wena o tla tlameha ho totobaletsa lekgotla lebaka le etsang o se bone ha monamodi o tla le thusa ka letho.
Ho ke ke haeba bonolo, ho sa kgathallehe hore maemo a jwang. Lekgotla le tla leka ho le susumeletsa hore le fumane monamodi - hobane ke yona tsela ya ho rarolla mathata a tsa theko ntle ho tshenyo ya nako.
Ho sa kgathellehe hore o kgetha ho etsa jwang empa mmuelli yena o tla mo hloka. Lekala le haufi le sebaka sa heno la Legal Aid Board le tla o thusa ha o se na tjhelete ya ho ipatlela wa hao. [s]
KELETSO YA MOLAO
HO BOHLOKO
Koloi ya ka e bitsa R75 000 ke e lefella inshorense ya ditjheho tse maemo ao. Dikgwedi tse 6 ke e rekile, ka hlahelwa ke kotsi. Ho e lokisa ho bitsa R30 000, ba inshorense ba re ba tla lefa 75% feela ya tsona, nna ke sa ntse ke lokela ho lefa le tjhelete ya axcess.
Hobaneng ke ne ke lefiswa inshorense e bitsang hakale athe ke sa ntse ke tla lefella le ditshenyehelo tsa ho lokisa koloi" Ha ke jewe tsuo.
KELETSO YA SCORPION
Diinshorense di se di ena le dinthontho dilemong tsena mme hape di a belaetsa. Empa ho ne tla ba hobe haholo ha o ne o se na inshorense hohang!
Ho bohloko, ho kganna koloi e se nang inshorense ke ho hloka boikarabelo hape ho ka o kenya dikolotong.
AXCESS EO
"Axcess" ke tjhelete e lehlakoreng o kgahlametsang inshorense ka yona ha o batla koloi ya hao e lokiswe ke ba inshorense. Diinshorense tse ngata di fumana tjhelete ya excess, mme o lokela ho kgutlisetswa tjhelete.
Empa ha o shebisisa pholisi, o tla hlokomela ha ba ne ba sa lokela ho o lefisa tjhelete eo.
O ke ke wa tlamella khampane ho o kguitlisetsa tjhelete ya hao! Tse ding di re o lefe di tla o kgutlisetsa ka morao. Empa ha ba e kgutlise ka nako e nngwe ka tshepo ya hore o tla qetella o lebetse.
SE NKILWE KE DIBONTSHI
O e tlisetswa ke ba ha BONA Legal Advice, Box 32083, Mobeni, 4060 - o ka fumana monyetla wa mahala wa ho bua le leqwetha metsotso e 30 mahala, mohaleng kapa dikantorong tsa bona hohle naheng ena.
Re netefaditse hore dikeletso tsohle; tseo re di nehwang ke tse nepahetseng. Empa nnete ke hore nyewe
ka nngwe e hloka ho fuputswa mme Scorpion Legal Protection (Pty) Ltd, ditho tsa balaodi ba yona le BONA mmoho le baphatlalatsi ba yona, ba ke ke ba rwala boikarabello ha motho a hlotswe ke nyewe hobane a latetse dikeletso tsa rona.
