sotho.1918.soccercoach_NEW
E NTJHA
E kojwa e sa le metsi
HO ruta morahao ho bapala bolo, ha se mosebetsi o bobebe wa ho mo neha bolo hore a e rahe, ho rialo naledi ya mehleng ya Sundowns, Mike "Tse-Tse Fly" Ntombela. Ha o na dumella morahao ho etsa seo o sa se ratang.
Re ile ra botsa Mike ka maele a "sethatho" thutong ya bolo.
Ena ke ntho e ka leotsang kapa ya senya sebapadi. Haeba o batla hore ba se ke ba nna ba re ho yena "wena ha o tsebe bolo," o tlameha ho mo ruta mekgwa le maele a ho laola bolo ha e "fihla" ho yena.
Jwalo ka ha o tla iponela le wena, thuto ena ke yona e mo rupellang le ho raheng bolo. [s]
Pale: Force Khashane
Bonginkosi Gonco le ntatae John Mkhabela.
NA O NE O TSEBA
Dibapadi tse ngata di ithuta mekgwa e mebe ya ho bapala ho tloha dilemong tse hlano ho ya ho tse 11. Ngwana o e a fihle dilemong tsa ho kena boikwetlisong ba mannete dilemong tse 12 ho ya ho tse 15, ho ebe ho se ho senyehile," ho hlokomedisa Mike "Tse-Tse Fly" Ntombela.
Ntate ke yena mokwetlisi wa bohlokwa wa morahae, jwalo ka ha e le yena ya atisang ho qala ho mo ruta bolo. Empa le bontate bana le bona ba ntse ba hloka thuso. Ka ho bua ka taba ena, ho tshwana le ho qala lethathama la bokwetlisi molemong wa bontate hore ba thuse bara ba bona tseleng e yang bonaleding ba bolo
MO LEOTSE
Bakeng sa boikwetliso bona, o hloka sebaka se bataletseng, e ka ba jwanng kapa lebabading.
1 Ntate le mora ba tlameha ho arohana ka dimitara tse hlano mme mora a rahele ntatae bolo ka lebatha e le hore bolo e tle e tle butle ho ntatae.
2 Ntatae le yena o tla kgutlisetsa bolo ho mora ka lona lebatha, a e rahe hanyane.
3 Ka bobedi ba tlameha ho netefatsa hore bolo e a fihla ho e mong. Hopola hore ntho ya bohlokwa ke ho "laola" bolo ha e fihla ho wena. Bolo ha e a tlameha ho tloha ho wena ho fihlela e ba wena ya e dumellang.
4 Le tlameha ho rahelana bolo bonyane makgetlo a mahlano le sebedisa leoto le le leng - ha hlano ka le letona, ha hlano le ka la leqele, le ka le letona jwalo jwalo.
Ho bohlokwa ho ithuta ho sebedisa maoto ka bobedi!
HLOKOMELA: Taba ya bohlokwa ke ho laola bolo mme haeba ngwanahao a sa ntsane a le dilemong tse hlano ho ya ho tse tsheletseng, o se mo jahe. Ho raha mashoto ha ho bohlokwa mona!
Bashemane ba dilemong tse robedi ho ya ho tse robong ba seng ba kile ba rupellwa pele, bona tjhe ba ka rahelwa mashotonyana.
Mona Bonginkosi o bontsha tsela e fosahetseng ya ho amohela bolo. O leka ho tshwara bolo ka ho e hata ka leoto, e leng se ka etsang hore e mo phonyohe. Amohela bolo ka lebatha mme o se e dumelle ho o phonyoha o sa e dumella.
BOKWETLISI BA BOLO
KELETSO
