sotho.1904.yourworld_overseas
Sebini sena sa mmino wa rap se se se kile sa tshwarwa makgetlo a leshome ho tloha se qala ho bina ka 1992. Se ne se tshwarelwa dinyewe tse kenyeletsang dipolao, ho ba le dithunya tse seng molao le dithethefatsi. Leha ho le jwalo, ha se setumo se neng se qabanye Snoop le ba molao. Ho tloha sekolong, e ne e le setho sa maqulwana mme eitse hoba a qete dithuto tsa hae yunivesithing, o ne a ahlolelwe dilemo tse tharo tjhankaneng ka lebaka la ho fumaneha le cocaine. Leo e ne e be lekgetlo la ho qetela a kwallwa tjhankaneng.
DINALEDI TSA MOSE
Dinokwane tsa Hollywood
Haeba naomi a rera ho beha meja fatshe haufinyane ho tsa bobontshi, o tlameha ho kena ditebeleng. O se a kene lekgotleng la dinyewe makgetlo a supileng pakeng tsa 2000 le 2008 ka lebaka la ho hloka boitshwaro ha a halefile jwalo ka ha a ne a otla basebeletsi ba hae esitana le mapolesa. Leqwetha la hae le ne le qetele le mo nyahladitse hobane le bona ho le kotsi ho ba haufi le yena mme jwale o nehilwe kahlolo ya ho sebeletsa setjhaba, o ya le dithutong tsa taolo ya kgalefo, hape o se a lefile tjhelete e ballwang ho
R35 000 dinyeweng tsena tsa hae. Ho tseba mang mohlomong jwalo ka ha o bala pale ena, o se a otlile e mong.
Ho a hlaka hore ha o batla ho ba motho wa bohlokwa sedikadikweng sa hip-hop, o tlameha ho tshwarwa, a kwallwe tjhankaneng. Ho bile jwalo le ho Akon, jwalo ka ha a ne a qete dilemo tse nne le sekoto tjhankaneng. Naledi e pele jwalo ka yena" Ha re nahane jwalo! Re ka re nako eo a e qetileng tjhankaneng, ke yona e mo tliseditseng setumo jwalo ka ha a ne a ngole setlabolane sa hae sa pina, Locked Up, a le tjhankaneng moo empa nnete ke hore ha e yo ntho e kgahlisang ka ho tshwarelwa ho utswa dikoloi. Lequlwana la Akon le ne le utswa dikoloi tse pele tsa Porsche le Lamborghinis ba di rekisetse dinaledi le boradithethefatsi. O ne a pholoswa ke lebelo la dikoloi tseo mapoleseng.
Ke mahlabisadihlong hore batho ba bangata ba nke mohlala bathong ba kang TI, eo ba bangata ba mo hlomphang, ya neng a qetelle a se a phela bophelo ba bonokwane. Sebini sena se buelang fatshe se ne se tshwarwe sa ahlolelwa selemo le letsatsi tjhankaneng ka 2007 ka ho leka ho reka dithunya tse seng molaong ka Hlakubele monongwaha a ba a lefiswa le tjhelete ka hodimo ho moo. Re tshepa hore thaka e tshesane e sa ntsaneng e hola e a bona hore bonokwane ha bo
na molemo.
Sebini sena se ne se ahlolwe selemo le letsatsi ka hodimo sa hlola tjhankaneng ka 2005 ka lebaka la ho bua leshano lekgotleng la dinyewe hobane se sireletsa metswalle ya sona e neng e nkile karolo ho thunyaneng ho neng ho etsahale haufi le seteishene sa seyalemoya sa Manhattan. "Ke nkile boikarabelo ba diketso tsa ka," o boletse jwalo. "Ke ne ke bue leshano lekgotleng la dinyewe. Ke motho ya tshabang Modimo, mme seo ke neng ke se etse ke ntho e boima haholo." Kajeno o fetohile, seo a ka behwang molato ka sona feela, ke tsela eo a aparang ka yona.
Dinaledi tse qetileng nako e ngata dinyeweng ho ena le bonaleding
Pale: Ntokozo Maseko Ditshwantsho: Gallo
Lefatshe kaofela le ne le tshohe ha Chris le Rihanna ba sa bonahale moketeng wa dikgau tsa Grammy ka Hlakola monongwaha hobane Brown a ne a otlile kgarebe ena ya hae e tummeng jwalo ka yena. Sebini sena se dilemo di 20 sa Kiss Kiss se ne se inehele sepoleseng sa Los Angeles, sa behwa molato wa ho hlekefetsa mme sa lokollwa ka beili ya R390 000. Chris o ne a dumele molato wa ho hlekefetsa Riri ya dilemo di 21 mme hore Chris a se ke a qetella a le tjhankaneng, ba ne ba bolellwe hore ba se dule mmoho. Chris o ne a laelwe ho ya thojwa maikutlo bakeng sa morusu wa ka lapeng a etse le mosebetsi wa setjhaba.[s]
