sotho.1897.yourstories_dating
SE RATANE
Le YENA
KE NE ke kopane le Slindile dilemong tse 12 tse fetileng, mme o ne a mpolelle hore o dilemo di pedi a sa ratane le motho. Ke ne ke ye le kgongwana hodimo, ka mo kgolwa. O ne a sa sebetse mme ka tlameha ho mo thusa le ka tjhelete. Ke ne ke mo rata mme ka mo tsebisa ho ba heso.
Ka mora selemo re ratana, o ne a ime mme ka ya mo qela. Nakong eo a immeng, o ne a mpolelle hore ha a ka a rohana le mohlankana wa hae wa mehleng, ba ne ba arohane feela hobane a tshwerwe.
Ke ne ke hlabehe, ke ipotsa hobaneng a sa mpolella di tloha feela, mme ka mmotsa hore o tla etsa jwang ha a etswa moo tjhankaneng. O ne a re ha ho letho le tla etsahala hobane o ne a na le dikgarebe tse ding.
Ka mora ho belehwa ha ngwana, re ne re qale ho dula mmoho. Ka mora dilemo tse pedi, o ne a nyamele nako e ka etsang dibeke tse tharo. Ke ne ke hlabehile. Ke ne ke mmatla hohle, le mohala wa hae o kwetswe. Ke ne ke tlalehe le mapoleseng.
Motswallae o ne a qetele a mpolelletse hore o ne a le Sebokeng a dula le mohlankanae eo wa tjhankaneng.
Ke ne ke kope mapolesa ho mphelehetsa ho ya teng. Re ne re mo fumane a qhanolotse le senokwane seo sa hae. O ne a re ha a sa nthata mme ke mo thuse ka ho hlokomela ngwana rona jwalo ka ha moratuwa wa hae a sa rate ho hlokomela ngwana wa monna e mong. Ke ne ke lle, empa a se ke a nnatsa le ho nnatsa.
Nakwana ka mora moo, moratuwa eo wa hae a boela a tshwarelwa ho tshwara poho mme a ahlolelwa dilemo tse hlano tjhankaneng. O ne a kgutle a ntelela hore re boelane.
Ho ne ho nkuke nakwana ke inahana, empa ra qetela re se re le mmoho hape. Ke ne ke nahana hore dintho di tla tsamaya hantle kgetlong lena - ka qetella ke lefile mahadi.
Ka mora dilemo tse pedi, ra hlahlamisa mme le
dintho di ne di ntse di tsamaya hantle. Ke ne ke
sa nahane hore o tla boela a ntshiya hape.
Ngwahola mohlankana eo wa hae a tswa tjhankaneng, mme a ntshiya, a boela ho yena.
O ne a mpolelle sefahlamahlo hore o boela monneng ya mo tshwarang hantle, ya sa mmakeleng bodutu.
Ke ne ke leke ho ipolaya, ka boela ka utlwa bohloko.
Ke ne ke ipotse hore hobaneng a ne a siya motse o motle hakalo a tele ho ya dula le tsotsi mokhukhung.
Ka mora dikgwedi tse hlano feela, o ne a se a imme ngwana wa tsotsi eo ya hae. Tsotsi eo e ne e boele ya tshwarwa mme jwale a tlameha ho ya
dula le mmae.
O ne a nthomelle melaetsa ya SMS a bolela hore o entse seo hobane a louwe. Kgetlong lena ke ne ke ikane
hore nke se mo amohele hape, haholoholo jwalo ka
ha a se a na le ngwana wa monna e mong. Ke ne ke shebane le bana ba ka mme ke ntse ke tla ba fumanela motho eo ba tla re mme ho yena. [s]
Pale: Kamogelo Sebola
DIKAMANO TSA HAO
PALE YA ANDREW:
O ne a ntshihi le bana a boela mohlankaneng wa hae ya neng a le tjhankaneng
PALE YA RHOFIWE:
Botahwa ba hae bo ne bo etse ke senyehelwe habedi mme a ba a beta le mmangwane
NAHANA feela o ratana le monna, empa ka mora nako o hlokomele hore ke letahwa, le bileng le betang. Seo ke se neng se etsahale ho nna.
Ke ne ke kopane le Nicholas mane Limpopo. O ne a qabane le ba lelapa la habo mme a ngala a ya batla mosebetsi Krugersdorp.
Ka mora selemo, ra rera ho nyalana mme ka kopa Nicholas hore a tshwarelane le ba habo. Ba habo ba ne ba ntlhoile ba nahana hore o ne a sa kgutle lapeng dilemo tsena tse hlano kaofela ka lebaka la ka.
Ka mora ho nyalana ha rona, ba habo ba ne ba re re se dule mmoho, ba re nna ke dule le bona mme Nicholas a tle feela ka ho nketela. Ba ne ba tseba hore o tla dula a romela tjhelete mme hape a tle lapeng kgafetsa. Nicholas o ne a dumele, empa nna ka hana, ke ne ke sa rate ho ya phela jwalo ka ngwetsi.
Ke ne ke na le bara ba babedi ho tswa dikamanong tse fetileng, mme Nicholas o ne a ba amohele. Re ne re dule mmoho Kagiso. Ke ne ke tseba hore o a tahwa, empa o ne a tlohele molemong wa dikamano tsa rona. Ke ne ke sa tlameha ho mo kgolwa.
Ke ne ke utlwe a se a mpitsa ka nyopa hobane ke se na ngwana le yena. Ke ne ke tlamehile hore ke se ba fumane bana, re ne re dutse re qabana, mme seo se ne se etsa ke senyehelwe. Taba ena e ne e re qabanya haholo. O ne a tlohe lapeng a ya dula haufi le mosebetsing a bolela hore o fokotsa ditjeho tsa ho palama.
Ka nako e nngwe o ne a qeta dibeke tse ka bang tharo a sa kgutle lapeng, ha a kgutlile a etele metswalle yohle ya ka. Ka nako e nngwe o ne a sa batle le ho mpona. Ho na le dinako tseo ka tsona a neng a phutha diaparo tsa ka a di lahlele kantle ho mokhukhu wa rona.
Ke ne ke boele ka ima mme ke ne ke fokola haholo. Bana ba ne ba le sekolong mme jwale ke hloka motho ya nthusang motsheare. Ke ne ke kope mmangwane Kondi ya dilemo di 20 ho tla dula le nna.
Ka mora dibeke tse tharo re dula mmoho, ke ne ke tlamehe ho ya toropong. Tsatsing leo, Nicholas o ne a le teng mme a re ke se ke ka tsamaya le Kondi. Ke ne ke sa ikemisetsa ho phehisana le yena, ka mo siya ka tsamaya hobane ke ne ke tatile.
Ha ke kgutla, ke ne ke kopane le yena, a tahilwe, a nqakile. Ke ne ke fihle Kondi a kwatile empa a sa mpolelle lebaka. Motswalle wa hae o ne a mpolelle hore o betilwe! Eitse ha ke botsa Kondi hore o betilwe ke mang, a mpolelle hore o betilwe ke monnaka - e ne e ka ke a hlanya!
Re ne re tlalehe taba eo sepoleseng mme a qeta matsatsi tjhankaneng. Ba habo ba ne ba nkope hore ke phumule nyewe, empa ka hana. Se neng se hlahetse Kondi se bohloko. O ne a sa ikemisetsa ho ya lekgotleng, ka hoo, o ne a rere ho kgutlela lapeng. Nyewe e ne phumulwe mme Nicholas a lokollwa.
Le nna ke ne ke be le kgatello e kgolo mme ka boela ka senyehelwa. Bakeng sa hore a nkutlwele bohloko, o ne a tswelepele le ho nthohaka a mpolella hore ke nyopa. Ho ne ho fele dilemo tse tharo ke le lenyalong lena, ke ntse ke sa ba fumane bana.
Ke ne ke tlohele le ho ithuta, ke sa sebetse, ke sa etse letho. Ke ne ke qetelle ke mo sihile, o ntse a nqeka, empa ha ke sa boela morao, ke tswelapele le bophelo ba ka. [s]
Pale: Ntokozo Maseko
PALE YA ANDREW
(e tswela pele):
PALE YA RHOFIWE' (e tswela pele):
Mabitso a sebedisitsweng mona ha se a beng ba ditaba tseo e le ka nnete.
