sotho.1851.pabi
Re bua le Pabi Moloi
pale ka DOMINICK SEGOATLE
ditshwantsho ka: PETER WHITFIELD
mekgabiso le moriri: FAITH SEUOE; setaele: MARINA WALSH; bohokahanyi: PATRICIA McCRACKEN
PABI o qadile mosebetsi wa hae ho TV a le dilemo di tharo feela ka lebaka la ho butswa ha hae ka hanong. Kajeno o se a le dilemo di 21 mme le jwale o ntse a bua. Ha jwale o hasa lenaneo le bitswang The Morning After The Night Before ka Moqebelo le Sontaha pakeng tsa hora ya bo 6 le ya bo 9 hoseng ho Metro FM mme ha a bua, ke kgeleke.
Seo o se utlwang radiong, ke seo a leng sona.
"Ke ne ke sebeletsa radio e nngwe mme ke ne ke tswa ntsha leino, molomo o ruruhile, ke bile ke ntse ke tletleba. Ka nako eo, Leo, eo e leng motshwari wa mananeo ho Metro FM, o ne a ntse a mmametse, ke ne ke o fumane ha jwalo mosebetsi ho Metro FM," ho rialo yena.
"Ke a rata ho sebeletsa SABC. E phatlaletse le naha. O ka bua le batho ba Kapa e leng se makatsang."
Mme wa Pabi, Nana Moloi, le yena o ne a sebetsa ho TV ka dilemo tsa bo 1980, empa Pabi o re yena o hotse ka tsela e tlwaelehileng. "Empa ho ne ho na le dinako tseo ka tsona re neng re sa atise ho bonana ka lebaka la mosebetsi wa hae."
Empa mme enwa o ne a kgone ho hodisa moradiae!
"O ne a ntlhokomedise ka dinokwane tseo tse o bolellang hore o etse thobalano le tsona pele o ka fumana mosebetsi ho TV," ho bolela Pabi.
O bolela ha indastering ena ho se monate jwalo ka ha batjha ba nahana.
"O dutse o mengwa meketjaneng - athe hape ho na le ba o nonosang ka mefuta yohle ya dithethefatsi esitana le majwala.
"Haeba o le mofodi, o ka ekeha."
Ngwahola Pabi o ne a tshwere lenaneo la Dikgau tsa Mmino tsa Afrika Borwa mmoho le Tumisho Masha wa Isidingo.
"Ke ne ke tshohile letsatsing le eteletseng pele leo, ke bile ke se ke sa tsebe le taba tsa ka," ho rialo Pabi.
"Ke ne ke tshohile, empa Tumisho a ntihisa lengole ka lebaka la boiphihlelo ba hae."
Toro e latelang ya Pabi, ke ho hatisa CD esitana le ho ba le lenaneo leo e leng la hae - la hoseng kapa la mantsiboya.
"O a tseba hore ke eng seo ke hlileng ke ratang ho se etsa" Ho ba le lenaneo le bolelang ka moo direkoto di rekisang ka teng."
Ekaba ke ofe monna eo a "lakatsang" ho intsha le yena"
"Nka kgetha pakeng tsa Zola, hobane o qoqa haholo le Snoop Dogg bakeng sa meketjana," ke Pabi eo a ntse a tsheha.
"Botsa hape!"
HO LOKILE, ke efe koloi ya ditoro tsa hao" "Ke rata koloi e kgolo, 4x4!"
O lakatsa ho etela kae"
"Haesale ke lakatsa ho etela Mozambique, empa jwale, ke se ke lakatsa ho ya Rio De Janeiro, Brazi.
"Ke rata ho ba pela lewatle, ke otlolle maoto ka ho matha moo lebopong.
"Ke rata haholo ho eta - ke shatjwe ke moya ke kopane le batho ba batjha."
Dintho tsena kaofela - ho kenyeletsa le ho bina, o tshepa hore di tla etsahala jwalo ka ha Pabi a dumela hore o lehlohonolo.
"Ka tsatsi le leng re ne re ntse re bua ka ho ba lehlohonolo hona ha ka le nkgono. Batjha ba bangata ba a sokola pele ba ka fumana mosebetsi. Ho hlile ho boima. "Batjha ba tlameha ho bula dikelello, ba tlohele ho bona mathata feela lefatsheng. Ba tlameha ho lebella dintho tse ntle ho etsahala bophelong ba bona.
"Ha ho boima hakalo lefatsheng mona. Ha o ya ditekong tsa mosebetsi, ekaba wa bongodi kapa leha e le ofe feela, itshepe!"
Pabi o na le kgaitsedi e dilemo di tharo feela. O tlwaetse ho sala le yena lapeng. Ba dutse ba swaswa moo lapeng ka hore o tlameha ho phakisa ho nyalwa e le hore a tle a tsebe ho ba le ngwana ya tla bapala le kgaitsedi eo ya hae.
"Empa bahlankana bona ha ba bone hore ke hloka monna ya tla tlisetsa kgaitsedi ya ka motswalle!" ke yena a ntse a tsheha.
BONA SESOTHO - October 2005
M
O dilemo di 21 feela, empa o se a atlehile mosebetsing wa hae ho TV le radio- o ikemiseditse ho ba le CD...
Tsohle di
otjheng!
"Ke rata diaparo tse ntle tseo nka di aparang ha ke se ke kgonne ho theola mmele!" ke Pabi a ntse a bonya. (Top: Foschini; masale: Ruby In The Dust.)
"Ke a rata ho eta, nke ke shatjwe ke moya ke kopane le batho ba batjha," ho rialo Pabi Moloi. "Ke ne ke lakatsa ho ya Mozambique - empa jwale ke se ke lakatsa ho ya Rio!" (Baki le sekhafo: YDE; sekipa: Woolworths; hempe le sekete: Foschini; kepisi: ya Pabi; masale: Ruby In The Dust; dieta: Europa Art; luggage: Matador.)
BONA SESOTHO - October 2005
Ke motho ya jwang Moloi
Pabi o itlhalosa e le "lepantsola la ngwanana - le rwalang diteki tsa All Stars, le aparang marikgwe, empa ha ho le teng seakanyi se ka ntlisetsang diaparo tse betere, nke ke ka re tjhe!"
O re le nakong eo a neng a nkwa ditshwantsho, o ne a sokola hobane jwale o ne a tlameha ho fetola mawa, a apare diaparo tse nyenyane tseo a neng a sa kgolwe le hore di tla mo lekana le tseo a neng a sa kgolwe hore a ka di apara bophelong ba hae.
"Ho ne ho le boima - ke tlameha ho ba boikwetlisong dihora tse tharo ho seng le mantsiboya dikgwedi tse tsheletseng ho ya ho tse robedi kaofela." ho rialo yena. "Ke ne ke se na mokwetlisi. Ke ne ke ikwetlisa nna ka bonna - ke thuswa le ke morethetho wa mmino wa hip-hop!
"Ke ikutlwa ke phetse hantle ke bile ke matlafetse - nka nyolaha ditepisi ka etsa seo ke neng ke sa kgone ho se etsa peleng ntle le mathata. Ke hlile ke tjhintjhile sohle bophelong." [s]
