sotho.1813.contraception
Tsohle ka dithibelapelehi...
Re o thusa ho kgetha seo o loketseng - o tlohele mekgwa e sa lokang e ka behang bophelo ba hao kotsing...
BONA SESOTHO - May 2007
HO KA kgetha dithibelapelehi tse nepahetseng, ho ya ka ditlhoko tsa hao. Ho ya ka maemo a bophelo ba hao le hore o rerile ho ba le bana neng.
Hape e nngwe taba ke hore na o na le balekane ba ba kae bao o yang thobalanong le bona.
Ntle le maemo a hodimo a tegniki ya tsa bophelo bo botle, kgohlopo e ntse e tswa pele ho thibeleng kokwanahloko ya HIV le EITSI mmoho le mafu a mang a tshwaetsanang ka thobalano.
Ditsebi di eletsa hore kgohlopo ke ona mokgwa o tswang pele ho thibeleng ho ima ho sa rerwang ntle le haeba o itseba hore o a tshepahala ho molekane wa hao.
Ditekong tsa rona re kenyeleditse le dithibelapelehi tsena tsa mahala tse fumanehang ditliliniking tsa mmuso. Intrauterine Device (IUD), e hloka tsela e itseng mme e fumaneha ditliliniking tse itseng feela....
ka GRACE KHUZWAYO
Dithibelapelehi tse sebediswang haholo
Sethibelapelehi
HO SEBETSA HA SONA
MOLEMO
BOBE BA SONA
Kgohlopo ya banna
E entswe ka polasitiki kapa polyurethane.
80-98%
Haeba e sebedisitswe ka nepo.
E sireletsa kokwanahloko ya EITSI le mafu a mang a nelehetsanang ka thobalano. E fumaneha ka bonolo, ditliliniking, dikhemising esitana le dibakeng tsa setjhaba.
E ka taboha ha e sa sebediswa ka nepo. (Hlokomela: Ha o a tlameha ho sebedisa ditlolo tse kang vaseline kgohlopong hobane di a e thellisa. Ditlolo tse kang KY Gel di ka sebediswa.)
Kgohlopo ya basadi
E entswe ka polasitiki e bobebe, empa e thata mme e kgolwanyane ho na le ya banna. E kengwa sethong sa sesadi pele ho thobalano.
79-90%
Haeba e sebedisitswe ka nepo.
E sireletsa kokwanahloko ya HIV le lefu la EITSI le a mang a nelehetsanang ka thobalano mme e etsa hore mosadi a kgone ho itshireletsa ka tsela eo a e ratang.
E tlameha ho kengwa pele ho thobalano.
Combined Pill
E na le oestrogen mmoho le progesterone. Hore e sebetse hantle, ho ya ka maemo a bophelo ba hao le haeba ho le teng kalafo e itseng o e sebedisang. Ka hoo, ho bohlokwa ho tsebisa tliliniki ya hao ha ho le teng kalafo o e sebedisang e le hore ba tle ba kgone ho o neha dipidisi tse se nang ho hanana le kalafo eo.
92-99%
Haeba di nowa ho latela ditaelo.
Di bolokehile basading ba bangata mme di fokotsa menyetla ya hore mosadi a ye nakong pele ho nako, le ho fokotsa mathata ha a le nakong.
E nyekisa ka pelo, o ye matsatsing pele ho nako ya hao, o tshwarwe ke hlooho mme o theohe le mmeleng. E ka nna ya hanana le mefuta e meng ya kalafo. Ha o ka fosa e le nngwe feela, o ka nna wa ima.
The Mini Pill
E na le progesterone. E loketse batswetse. Hangata e nehwa basadi ba nang le mathata kapa ba sebedisang kalafo ya nako e telele.
92-99%
Haeba di nowa ho latela ditaelo.
Di bolokehile basading bohle mme di na le ditlamorao tse mmalwa ha ho bapiswa le Combined Pill. Tsona di beha dinako tlasa taolo e ntle.
Di sebetsa hantle haholo ha di nowa nepo, ke hore, ka nako e le nngwe ka mehla. Ha o ka fosa nako kapa wa tlolwa ke e le nngwe feela, o ka nna wa ima.
Ente
E na le progestogen mme e ka sebediswa dibekeng tse ding le tse ding tse robedi ho ya ho tse 12.
92-99%
E sebetsa hantle. O ka enta hane kapa ha tshelela ka selemo.
E tjhentjha dinako tsa sesadi, ka nako e nngwe di se ke tsa bonahala. E hlatswa pelo mme e ka o nontsha ka nako e nngwe ha o sa ele hloko.
Intrauterine Device (IUD)
Ke sesebediswa se boemo ba T mme e entswe ka koporo kapa polasitiki. Ngaka kapa tliliniki e tla o eletsa ka mofuta o tla o lokela. E ka dula dilemo tse 10 popelong mme e loketse basadi bohle.
98-99%
E sebetsa hanghang. Ha e na ditlamorao, e bile ha e hanane le kalafo tse ding mme ha e hanane le mekgwa yohle ya ho etsa thobalano.
E ka etsa dinako di be boima hape ho ba le mathata a mangata haholoholo mothong ya etsang thobalano le batho ba fapaneng.
Thabela thobalano
BONA SESOTHO - May 2007
MOKGWA o bolokehileng o bileng o sebetsang ke wa Emergency Contraceptive Pills (ECP)
Ho na le mefuta e mengata ya dipidisi tsena mme kaofela ha tsona di thibela ho nontshwa ha lehe popelong
Dipidisi tsena di ka sebediswa tlasa maemo a latelang:
Ha o entse thobalano o ne o sa lebella mme hape e ne e sa bolokeha;
Haeba o qobeletswe ho etsa thobalano o sa sebedise dithibelapelehi;
Haeba kgohlopo e ile ya taboha;
Haeba o tlotswe ke makgetlo a mebedi kapa ho feta a ho kwenya dithibelapelehi;
Haeba o tlotswe ke nako ya ente ka dibeke tse pedi.
Dipidisi tsena di ka sebetsa hantle ha di ka nowa pele ho fela dihora tse 24 ka mora thobalano eo e sa bolokehang, empa o ntse o ka di sebedisa ho fihlela matsatsing a mahlano.
Ha o potlaka ho di kwenya, le tsona di tla o sebeletsa ka potlako. O tla hloka tse pedi: Ya pele hang feela ka mora thobalano, e nngwe yona o ka e kwenya dihoreng tse 12 ka mora moo. (Hlokomela: Se sebedise di-ECP bakeng sa kalafo e tlwaelehileng ya ho thibela pelehi. Ha o di sebedisa kgafetsa, di ka nyolla maemo a ho ima ho feta ha o sebedisa dithibelapelehi tse tlwaelehileng.
Thobalano e bolokehileng
Mekgwa ya tlhaho - ha e kgothaletswe
Ho rotela kantle ho setho sa sesadi kapa hona ho etsa thobalano ka matsatsi a itseng ka bobedi ke ditsela tsa ho thibela pelehi tsa tlhaho tse sa kgothaletsweng ke ditsebi.
Ho etsa thobalano re bala le ho ngola fatshe matsatsi a ho ya nakong e le hore le tle le etse thobalano nakong eo le tsebang hore lehe le ke se nontshehe.
Ho rotela kantle ho setho sa sesadi re bolela ho ntsha setho sa bonna pele o rota, o ke se tshepe mokgwa oo hobane ho ka etsahala peo ya botona e rothele sethong sa sesadi le pele o rota.
Spermicides ke dikhemikhale tse sebedisetswang ho bolaya peo ya botona, di tla ka mefuta e fapafapaneng e ka ba: lekweba, mokedikedi o reberebe kapa setlolo mme tsohle tsena di kenngwa sethong sa sesadi. Di ka sebediswa mmoho le diaphragm. O ke se tshepele dinthong tseo, ho molemo o sebedise le kgohlopo.[s]
THUSO! Bakeng sa ditlhakisetso ka dithibelapelehi hahololo tsa tshohanyetso letsetsa Emergency Contraception nomorong ena: 0800-246-432
BONA SESOTHO - May 2007
Tsa tshohanyetso
Leshano ka dithibe-lapelehi
HO NA le menyenyetsi ka dithibelapelehi le boimana...
O ke se ime ha o nyantsha kapa ha o le nakong.
HA SE NNETE. Lehe le ka nontshwa o nyantsha kapa ha o le nakong.
O ke se ime kgetlo la pele thobalanong.
O ke se ime ha o ka tlolatlola ka mora thobalano.
O ke se ime ha mosadi a le ka hodimo.
O ke se ime ha o ka rota hang ka mora thobalano.
HA SE NNETE. Tsohle tse ka hodimo ke leshano. Peo ya botona e kena popelong le haeba le etsa thobalano ka mokgwa ofe mme e ka dula popelong matsatsi a mahlano.
Clingwrap kapa balloon e ka sebediswa bakeng sa kgohlopo.
HA SE NNETE. Ho kotsi e bile ke bowatla.
Banana ba so kang ba ya nakong ba ka ima hobane lehe le nontshwa le pele ho dinakong.
'Ho kwala' pelehi
HO KWALA pelehi ke ntho e etsahalang banneng le basading. Mang kapa mang ya dilemo di ka hodimo ho tse 18 ya kgonang ho inkela qeto ka boyena, a ka kgona ho nka qeto ena.
Pele motho a kwalwa pelehi, o a eletswa, hape a saene le foromo ya tumellano. Menyetla ya hore opereishene e atlehe e meholo haholo.
Basadi: Opereishene ena e bitswa tubal ligation. Methapo ena e tlisang lehe popelong, e a kwalwa.
Banna: Banneng teng e bitswa vasectomy. Methapo e tsamaisang peo ya bonna e a pongwa e tlangwe. Ka mokgwa oo, peo ya bonna e ke se tswe nakong ya thobalano. Ha se hangata opereishene ya mofuta ona e sa atleheng. (Hlokomela: Sena ha se phakise e be tharollo ya ho thibela ho ima - ho na le e meng mekgwa eo o ka e sebedisang hobane ho ka nka dikgwedi bonyane tse tharo pele motho a ka ba le bonnete ba hore o sireletsehile).
