sotho.1811.purity May
leqephe la papatso
Sis Purity, setho sa ditsebi tsa Phepo ya Masea ya ha Purity, se araba dipotso tsa hao tse mabapi le phepo ya lesea
Sis Purity o re...
Potso 1:
Purity Cereals e ekeditswe iron, zinc le selenium. Hape dimakasineng le ho TV ho buuwa haholo ka iron. Hobaneng ha e le bohlokwa bakeng sa phepo ya Thabang wa ka ya dikgwedi di supileng, ya bileng a nyanyang" Mme Matsale o re ke mo phakele papa jwalo ka lelapa lohle.
- Jabulile Motlaung
Karabo:
Ke thabela ho utlwa hore o bala ka sohle se molemo bakeng sa phepo ya lesea la hao. Ho bohlokwa ho motswetse ho tseba sohle ka phepo ya lesea hore le tsebe ho hola ka pele ka ha le hloka dimenerale - iron, zinc le selenium - hore le tsebe ho hola le phetse hantle le masole a mmele a matlafetse.
Iron e molemo bakeng sa kgolo e ntle ya boko boo ngwana a tla bo hloka haholo ha a se a kena sekolo. O etsa hantle ha o hana ho fepa lesea la hao papa e jewang ke lelapa lohle ho fihlela bonyane le eba le dilemo tse pedi.
Potso 2:
Na nka fepa lesea la ka cereal habedi ka letsatsi" Ke mo fa rice cereal hoseng le Purity Cream Of Maize Baby's Soft Porridge bosiu. Na ke tsona" Ke tshaba hore o tla nona tlolo - empa o a e thabela. Ha ke mo fa yona hang ka letsatsi, ho tla loka" O ka mpa dikeletso tse ding"
- Phaka Singwane.
Karabo:
Ho mo fepa cereal habedi ka letsatsi ho lokile empa o ka mo fa sejo se seng lekgetlong la bobedi. O ka mo fa e nngwe ya di-cereals tsena tse pedi. Bobedi di ka nna tsa hanana le mmele wa lesea haholoholo ha le di qala.
Lekgetlo la bobedi, o le fa tse tatso esele, jwalo ka ya ditholwana tse kang diapole kapa mofuta o le mong feela wa moroho jwalo ka mokopu kapa patata. Ha lesea le sa thabele tatso eo e ntjha, o ka le fepa le e meng ya mefuta ya di-cereal a e ratang ho fihlela le di tlwaela. Thabela ho hodisa lesea la hao... Nako ya dijo e lokela ho ba monate.
Bakeng sa tshehetso ya World Health Organisation le Lefapha la Bophelo bo Botle, lesea le se le lokela ho qadiswa ho ja dijo tsohle tse thata tsa dietswa tsa ha Purity ha le le dikgwedi di tsheletseng.
Dietswa tsohle tsa ha Purity ha di na metswako ya ho tjhentjha mebala ya dijo.
MEFUTA yohle ya Purity cereal e fepa mmele ya lesea ka iron e ngata ho feta mefuta yohle ya dijo tsa masea e fumanehang. Ho bua nnete, sejana ka seng sa Purity Cereal ya masea e na iron e ka hodimo ka 50% ho eo mmele wa lesea le dikgwedi di 6 -12 o e hlokang ka letsatsi. Sheba hore ho na le Vitamin C pakaneng ya yona hobane yona e thusa mmele ho monya iron.[s]
Hobaneng re e hloka"
- E aha di-tissue le mesifa
-- E thuse mmele ho lwantsha tshwaetso
Dijo tse nang le iron
Nama ya kgomo
Mahe
Sepinatjhe
Sardines
Di-cereal tsa masea
