sotho.1800.manners
BONA - August 2005
E ba le thuto baneng
B
Ha ho tsela e betere ya ho etsa hore ngwanahao e be motho setjhabeng ntle le hore o mo rute boitshwaro bo botle...
e bokeleditswe ke PRIMROSE WILLIAMS
ditshwantsho ka CLIVE THOMPSON
KA NAKO e nngwe batswadi ba iphumana ba le maemong a kang ba ka re lefatshe taboha re ipate ha bana ba bona ba etsa dintho tse sa lokang. Bana ha ba hlahe ba se ba na le boitshwaro bo botle kapa bo bobe - ba tlameha
ho rutwa.
Boitshwaro bo botle ke eng"
Leha ho na le meetlo e fapaneng, empa ho na le dintho tse tshwanang bathong bohle tse etsang ho be le dintho tse tshwanang ka boitshwaro bo "botle"...
4 Ka kopo, ke a leboha, tshwarelo: Bana ha ba banyane hoo ba ke keng ba rutwa mantswe a kang ana. Lebitso le reng "ta" ke la bohlokwa ha ngwana a ithutang ho bua.
4 Ha re sheba dintho tse ding: Ruta ngwana ho loka, mo rute bohlokwa ba ho hlokomela le ho thusa batho ba bang ba hlokang. Ba rute hore ba se ke ba nna ba tsamaya ba supa batho, ba tsheha batho ba merabe le meetlo e meng, ba holofetseng esitana le ba futsanehileng, ke bolela le haeba ke ntho e sa tlwaelehang hakakang.
Ba se bitsolle motho ka lebitso, hobane ke ntho e swabisang.
4 Ho hlonepha dintho tsa batho ba bang: Ruta bana ho hlonepha dintho tsa batho tse kang matlo le thepa jwalo jwalo. Haeba motho a adimme ntho ya motho, o tlameha ho e kgutlisetsa e le maemong ao a neng a e fumane e le ho ona.
4 Ho hlonepha sephiri: Mo rute hore pele a kena ka tlung, a kokote, hape a emele hore ho thwe a kene pele a ka etsa jwalo; a se phenyekolle dintho tsa batho, ho bala mangolo esitana le ho mamela moqoqo wa batho ba bang ntle le tumello ya bona.
4 Ho hlonepha batho ba baholo: Ho se bitsolle batho ba baholo ka mabitso. Ruta ngwana hore a no phahamela motho e moholo haeba a hloka setulo sa ho dula.
4 Ho hlonepha batswadi: Ngwana o tlameha ho hlonepha titjhere ya hae sekolong. Bana ba tlameha ho tseba hore ha se ntho e nepahetseng ho bua leha e le ha jwang feela le batho ba baholo kapa leha e le mang feela.
4 Botshepehi: Leha ho se bobebe hore bana ba kope tshwarelo ha ba sentse, empa ba kgothaletse ho etsa jwalo hobane hoo ho ka bontsha botshepehi. Mmolelle hore haeba a bone phoso ya hae, ho bohlokwa ho kopa tshwarelo.
Ha se nnete
Batho ba bang ba nahana hore ngwana ya hlomphang, o tlameha ho dumellana le sohle seo a se bolellwang, a se hanyetse letho. Dilemong tsa kajeno, e se e le ntho e tlwaelehileng hore ngwana a rutwe ho "itshepa." Ke ntho e nepahetseng hore ngwana a itshepe, a tsebe ho ikemela ka boyena jwalo ka ha seo se sa qete ho hlompha le ho hlompheha ha hae.
O qala neng
Ho tloha bonyane ba ngwana, hona jwale Jabu o etsa seo a tlwaetseng ho se bona, a bue le puo eo a tlwaetseng ho e utlwa, ka hoo, ho bohlokwa hore a rutwe tlhompho hang feela ha a se a kgona ho utlwisisa seo o se bolelang. Ha o a tlameha ho emela a be a kene sekolo pele o ka mo ruta tlhompho. Maele a Sesotho a re 'e kojwa e sa le metsi,' ka hoo, ho molemo ho ruta ngwana tlhompho ho ena le hore o emele ho mo kgalema ka nako eo a seng a entse phoso.
E ba mohlala
"Etsang ka moo ke bolelang, le etse seo ke se etsang," ena ke tsela e nepahetseng ya ho ruta bana tlhompho. Hopola hore 'bana ba lekgala ba tsamaya ka lekeke jwalo ka mmabona,' le wena o ke ke wa lebella bana ba hao ba hlonephe ha wena o sa kgone ho etsa jwalo. Batho ba ithuta dintho tse ngata lapeng. Ho hlonephana ha batswadi le ho hlompha bana ba bona ke ntho ya bohlokwa. Ha o bolella bana hore ba etse ntho eo wena o sa kgoneng ho e etsa, ho tla ba boima, bana ba ithuta ka mehlala!
Mo rorise ha a entse hantle
Ho rorisa, ke thuto e ntle haholo. Bolella bana ka moo o leng motlotlo ka teng ha ba hlonepha. Ho bohlokwa hore o etse sena ngwana a sa le monyane, empa le ba baholo le bona o ntse o tlameha ho ba rorisa ha ba entse hantle.
Se bue ha ba fositse feela. Ka ho etsa jwalo, o bontsha hore o ba tsotella ha ba fositse feela. Ha bana ba fositse, se qetelle ka ho ba nyatsa, empa ba bolelle ka moo ba ka etsang seo ka nepo ka teng. Empa se omanye ngwana hara batho, leha ka nako e nngwe ho tiisa lentswe ha o bua le yena ho ntse ho nepahetse.
Ho kgalema kapa hona ho omanya ngwana ka pela batho ha se ntho e ntle.
Lebella boitshwaro bo botle
Boitshwaro bo bobe bo ka senyetsa bana ba hao nako. Motho ohle o rata bana ba hlonephang ba itshwereng hantle. Bana ba tellang, ba sa hlonepheng ha ba ratehe bathong le baneng ba bang.
Ngwana o qala ho fellwa ke boitshepo ha a se a bona ba bang ba se ba mo kgesa. Ha se thuto e ntle ya motswadi ho dumella ngwana ho etsa dintho tse sa lokang. Lebella ho kgola seo o se jetseng ngwaneng. Beha molao o tiileng, ha ntho o boletse hore ha o e batle, dula o e nyatsa jwalo, se nna o tjhentjha tlasa maemo a itseng. Ba hopotse ka mehla hore o lakatsa hore e be bomme le bontate ba kamoso ba hlonephehileng.
BONA SESOTHO - October 2005
oitshwaro
Nahana ka
ba ngwanahao
Boitshwaro mohaleng
Ho molemo hore bana ba se arabe mohala ho fihlela ba tseba melao ya ho araba mohala. Sena se tla thibela dintho tse hlabisang ditlhong tse kang "ke maswabi ntate a ke ke a tseba ho tla mohaleng hobane o ntlwaneng."
Ba rute sena ka mohala wa ho bapala. Jwalo ka ha bana e le bona ba atisang ho ba lapeng, ho bohlokwa ho bona ho tseba hore na mohala o arajwa jwang.
Mmolelle hore motho ya letsang ha a hloke ho tseba sohle, o tlameha ho kgotsofala ha ho thwe "Mme o sa phomotse hanyane," kapa "Mme a ke ke a kgona ho tla mohaleng, nka mo nkela molaetsa."
BONA SESOTHO - October 2005
Melao ya dijong
Bana ba ke ke ba tseba se lokileng le se sa lokang ha ba le dijong tsa tafoleng, ka hoo, ntle le tataiso ya batswadi, bana ba ka hola ba sa tsebe letho ka boitshwaro ba tafoleng - motho o bonahala tafoleng hore ke motho ya jwang.
Ke tsena dintlha ka boitshwaro ba tafoleng:
Se bue hampe ka dijo tseo le di jang. Haeba ho le teng seo o sa se jeng "leboha."
Bontsha thahasello. Leboha mothong eo a o tsholelang.
Se etse mothamo ha o ja hobane o ka nna wa qhwelwa.
Haeba o tjheswa ke dijo, se di tshwele, potlakela nthong e nowang, o theolele.
Eja hantle, o se phake.
Hlafuna hantle o kwetse molomo, ha ho motho ya ratang ho bona mothamo wa hao.
Kwenya pele o bua.
Dijo ke tsa ho jewa, e seng o bapale ka tsona.
Se otlolle diphaka hodima dijo tsa babang hobane o rata ho nanabela se itseng, kopa ho nelehetswa.
Se itukule batho ba bang ba sa ntse ba eja.
Se behe ditsu hodima tafole! [s]
