sotho.17.free
Ditekete tsa Jazz
Monongwaha, Cape Town International Jazz Festival e tla tswa pele! Ho tla ketekelwa teng mokete o bitswang 'Africa's Grandest Gathering' mme dihlopha tsa matjhaba tse kang Ananda Project ya USA le Zola wa Afrika Borwa di se di ingodisitse hore di a tla jwang kapa jwang.
Mokete o mohla la 28 le 29 Hlakubele mane Cape Town International Convention Centre.
BONA e fana ka ditekete tse tharo tse tsamayang ka bobedi tsa mokete ona, le sekipa le CD tse bitsang R4 000.
Ha o rata ho iteka lehlohonolo, araba potso ena: "O bitswang mokete ona?" Romela karabo, lebitso, le mohala wa hao ka posekarete ho: BONA/Jazz Festival Tickets Giveaway, Box 32067, Mobeni 4060, kapa o romele JAZZ FESTIVAL ka *SMS ho 35919. (Ho palama le marobalo ha ho a kenyeletswa moputsong ona).
ya hao ya mahala
E bohlokwa kgolong ya lesea la hao
Nestlé Nutren Junior ke dijo-tlatsetso tsa kamehla bakeng la lesea la hao. E lokiseha ka bonolo: kopanya phoofo eo ya teng e tatso ya vanilla le metsi kapa o tshele yogurt.
Nutren Junior ke sejo se phepho se loketseng bana ba selemo ho ya ho tse leshome.
BONA e fana ka diphuthelwana tsa Nestlé Nutren Junior Back-To-School Backpacks tse nang le dihlahiswa tsa ha Nestlé le dintho tsa ho ngola tse bitsang R500 ka seng.
Ho ka iteka lehlohonolo, romela lebitso, aterese le mohala o fumanehang ho ona motsheare ka posekarete ho: BONA/Nestlé Nutren Giveaway, Box 32067, Mobeni, 4060, kapa o romele NUTREN ka *SMS ho 35919.
BONA SESOTHO - February 2008
Ithabise...
A ko lebale ka dintho tse ngata o ke o nahane ka sebaka se hole seo e leng kgale o se labalabela.
Senyanyatsi se tummeng sa ha Avons se ka o dumella ho etsa sena. Senyanyatsi ka seng se na le lephoka le monate la dipalesa. Ha o lakatsa ho fumana dihlahiswa tsena tsa ha Faraway? BONA e fana ka diphuthelwana tse 10 tse bitsang R400 ka seng. Ho iteka lehlohonolo, romela lebitso, aterese le mohala ka posekarete ho: BONA/Faraway Giveaway, Box 32067, Mobeni, 4060, kapa o romele FARAWAY ka *SMS ho 35919.
Letsatsi la ho kwala:
Hlakola 29, 2008
*(SMS ka nngwe e bitsa R3.)
Dimpho tse bitsang R16 200
Dinyanyatsi tsa banna le basadi
Hlakola ke kgwedi ya lerato, ka hoo, BONA e fana ka diphuthelwana tse supileng tse tsamayang ka bobedi tsa dinyanyatsi tsa Rasai bakeng sa monna le mosadi tse bitsang R600 ka seng.
Sephuthelwana ka seng se na le setebela lephoka sa Rasasi Blue Lady le sa Blue For Men. Blue Lady e foreshe ke ya basadi mme e na le lephoka le monate la dipalesa. Blue For Men yona e na le lephoka le monate la ditholwana tse bodila, mint, mandarin le e meng metswako ya dipalesa tse kenyeletsang jasmine mingle, geranium le pepere.
Ho iteka lehlohonolo, romela lebitso aterese le mohala o fumanehang ho ona motsheare ka posekarete atereseng ena: BONA/Rasasi Giveaway February 2008, Box 1393, Westville, 3630, kapa o romele RASASI ka *SMS ho 35919. [s]
