sotho.178.Lesley
PALE YA NNETE
BONA SESOTHO July 2008
HOLO ya motse e ne e tletse e pepeteha. Batho ba ne ba hatana hodimo, ba tswile ka bongata, mang le mang a sa rate ho utlwa ka bobare - a batla ho ikutlwela ka tsa hae ditsebe hore moshemane eo ya neng a se a fetohile kgodumodumo setjhabeng sa lekeisheneng la Lulekani (haufi le Phalaborwa mane Limpopo) o ne a batla ho reng. E ne e se e le dilemo tse fetang tse leshome Lesley Mongwe a iphetotse kgodumodumo, "setshajwa ke bohle" motseng oo wa habo.
O ne a tloswe tjhankaneng ya Tzaneen a tliswa moo holong, hara setjhaba se neng se phuthehile, ho le teng le mahlatsipa a diketso tsa hae tse tshabehang.
Ya fihla e sa hane nako, a hlwella kalaneng a ntse a tlanngwe maotong le matsohong ka diketane, a qala puo ya hae ka lentswe le bonolo. "Ho bohle bao ke ba hlekefeditseng, ha e hate ka maro, tjhankana e mphile thuto, ke bakile."
Ha kgutsa ka holong.
"Ha ke lokollwa mona, ke tshepisa ho tla qala maano a ho ruta batjha ka bobe ba bonokwane hara setjhaba," ho bolela Mongwe. "Ke batla ba lelapa leso ba boele ba tsamaye ka bolokolohi mme hape ke rerile le ho boela sekolong."
Tsena tsohle, di etsahetse selemong
sa 2006. Mongwe o ne a phethisi tshepiso ya hae jwalo ka ha kajeno a fetola maphelo a batjha ba lebatowa leo kaofela.
Re se re buile haholo ka Lesley, empa hantlentle yena ke mang? O kene jwang bonokwaneng?
Lesley ya dilemo di 31, ke letsibulo habo baneng ba leshome. O hotse ntatae a sa sebetse, mmae yena a hlwekisa sepetlele. O ne a qale ho tshwarwa a le dilemo di 15, ka molato wa ho thuba, empa a se ke a kwallwa ka lebaka la dilemo tsa hae.
Eitse Lesley a kopanya dilemo tse 28, o ne a se a tshwerwe makgetlo a 25 ka melato e kang boshodu, ho hlekefetsa, ho tshwara poho le ho thuba!
"Jwalo ka ngwana e moholo lapeng, ke ne ke tlameha ho hlokomela baena le dikgaitsedi tsa ka," ke yena a bolella ba ha BONA.
"Ha tlala e ne e haketse, mme a sa kgone ho re fepa le ho re rekela diaparo tse ntle, ke ne ke leba toropong ho ya utswa. Ke bo qadile jwalo bonokwane."
Ekaba o itshireletsa ka bofuma mekgweng eo ya bonokwane?
"Tjhe, tjhe," ke yena eo. "Ha ho jwalo, ke hlolehile ho mamela batswadi, ka mamela metswalle."
Talente ya Lesley ya ho kgona ho tshetlehela setjhaba puo, e ne e qale ho bonahala hona tjhankaneng ya Tzaneen nakong eo a neng a ahlotswe dilemo tse pedi ka molato wa boshodu.
O ne a sebediswe jwalo ka "lenqosa" leanong la tlhahiso leseding batjheng ka bonokwane le neng le tsamaiswa ke Lefapha la Tlhabollo ya Batshwaruwa, a iswa diholong le dikolong lebatoweng leo lohle ho hlaba batjha malotsana ka bobe ba bonokwane.
"Ke ne ke ba bolella ntho eo ke e tsebang," ho hlalosa Lesley.
"Ho ba leanong lena ho nthusitse haholo. Le ne le mpule mahlo hore ha ke sa hlokomele, ke ne ke tla tsofalla tjhankaneng."
EITSE ha Lesley a lokollwa, ka Pherekgong, a hopola tshepiso ya hae.
Kajeno o sebetsa projekeng ya "Youth Against Crime" dikantorong tsa sepolesa moo Lulekani.
Projeke eo e se e rupeletse batjha ba 40 bao e neng e le "dinokwane."
Lesley o boetse sekolong jwale, o etsa selemo sa pele dithutong tsa civil engineering Sir Val Duncan Technical College moo Phalaborwa.
Mmae, Sarah Mabunda, o nyakaletse haholo ke sena.
"Ke leboha Modimo ka sohle," ho bolela yena. "Ke ne ke se ke lahlile tshepo, ke sa kgolwe hore moraka o tla ke a fetohe, e be motho setjhabeng."
Empa leha ho le jwalo dintho ha di itsamaele bolatjha ho Lesley. Lelapa la habo le hula ka thata ho mo lefella dithuto tsa hae. "Empa le haeba ho ka etsahala eng, nke ke ka boela morao bonokwaneng," o boletse jwalo ha a phetha puo ya hae. [s]
NewsFirst
Lesley le batswadi ba hae ba motlotlo. "Ke leboha Modimo ka sohle," ho rialo mmae, Sarah.
Eitse a kopanya dilemo tse 28 o ne a se a tshwerwe makgetlo a 25 - empa jwale Lesley Mongwe o fetohile, empa ha o a tlameha hore o be senokwane hore o tle o hate mehlaleng ya hae e metle ya morao tjena! Pale le ditshwantsho ka Neville Maakana
Tjhankana e mo fetotse moetapele
Lesley o motlotlo kantle ho sekolo seo a ithutng ho sona civil engineering.
Lesley o fonanisa mapoleseng a tjhankana nakong eo a neng a lokollwa tjhankaneng.
MAELE A SUPILENG A LESLEY BATJHENG
1. Ha o kgetha motswalle, kgetha eo le tla kgona ho eletsana ka dintho tse atlehisang bophelong.
2. E ba le seabo dinthong le mekgatlong ya setjhaba.
3. Qoba ditamene le dithethefatsi.
4. Kereke ha ebe motswalle wa hao.
5. Nka karolo dipapading, sekolong le setjhabeng.
6. Itlhomphe, o hlomphe batswadi le mesuwe ya hao.
7. Qoba thobalano kapa o itshireletse haeba o sa kgone ho itshwara.
BONA SESOTHO July 2008
