sotho.1784.yourfamily_quiz
O DI RATA JWANG DINTHO TSE PELE"
Ha o na taba le dintho tse pele kapa o rata tse pele tse bitsang" A ko arabe dipotso tsena o bone hore o di rata jwang dintho
1 Baahisane ba hao ba sa tswa reka koloi e ntjha, taba eo e o tshwara jwang"
a) Ha e o kgathatse hohang
b) O a ba utlwela jwalo ka ha ba entse sekoloto se seholo seo ba lokelang ho se lefa
c) O tshwareha ha bohloko hobane wena ha o kgone ho tjhentjha sekorokoro sa hao
2 O tlameha ho ngola nomoro ya motho ya itseng, o ka e ngola kae"
a) Letsohong
b) Pampitshaneng o e fumanang mokotleng wa hao
c) Mohaleng wa selefounu
3 Haeba le intshitse le metswalle ya hao le ilo ja mme mohlankanao o sheba tshupanako. Metswalle ya hao e a bona hore ke ya maemo a tlase. O etsa jwang"
a) Ha o etse letho, hobane seo ha se o kgathatse
b) O etsa motlae ka hore o lebetse e majabajaba lapeng
c) O a thola, empa ha le se le le babedi o a mmolella ka moo a o tlontlollotseng ka teng
4 Haeba motho a batla ho phakisa ho ikopanya le wena, o etsa jwang"
a) O o letsetsa lapeng
b) O o letsetsa selefounung kapa mosebetsing
c) O o letsetsa selefounung, lapeng, ho pager, fekese kapa e-mail
5 O ka rata ho fumana mpho
ya setebelalephoka sa
mofuta ofe ho tswa ho
molekane wa hao"
a) Leha e le mofuta ofe feela o pele
b) Leha e le mofuta ofe o
o ratang
c) Mofuta a o ratileng yena
6 O intshitse le moratuwa wa hao mme o kopana le kgarebe ya hae ya mehleng e apere baki ya maemo. Sena se etsa o nahane hore...
a) Ke motho ya hlonameng ya ithabisang ka diaparo tse pele
b) O ipolella hore le na le kgetho e tshwanang diaparong jwalo ka banneng
c) O nahana hore ha se ya boleng bo hodimo
7 O ka intsha le monna ya mobe ha feela e le morui"
a) O batla monna ya motle, o mo ratang e seng morui
b) Ha feela e nngwe tjhelete a o fa yona
c) Ho jwalo, ha ho qeaqeo
8 O bona selefounu ya maemo e bitsang hantle ha o ntse o reka. O ka kgona ho e reka empa ke ya ho qetela mme tse ding di tla boela di ba teng ka mora nako. O ka...
a) Lebala ka yona hobane o nang le yona e ntse e sebetsa hantle
b) O sebedisa karete ya hao ya sekoloto
c) O ka rera ho boloka tjhelete dibekenyana hore o tle o tsebe ho e reka ha tse ntjha di fihla
9 Haeba o rekile dintho tsa mokokotelo, o ka rata ho etsa e ka ke tsa sebele metswalleng ya hao"
a) Ho jwalo, ho kgahlisa metswalle
b) Tjhe, hobane ba tla mpona bohole ha ba se ba hlokomela
c) Tjhe hobane o bona ho le boima ho bua leshano
10 Haeba metswalle ya hao ya banana e tla o etela bosiu, o ka kgetha difilimi di fe tseo le tla di shebella"
a) Filimi e sa tswa phatlalatswa eo o neng o e bapala motjhining wa hao o motjha wa DVD
b) Filimi e pele e bapalwang motjhining wa video o neng o e reke dilemong tse mmalwa tse fetileng
c) Le ka shebella e tla bapala ho TV hobane ha o na motjhini wa video kapa DVD
E bokeleditswe ke: Theresa Murphy/Planet Syndication
DIPOTSO
Dintho tse pele di se di o kene mading
DI TSAMAILE JWANG"
1. a) 0; b) 1; c) 3
2. a) 1; b) 2; c) 3
3. a) 1; b) 3; c) 2
4. a) 1; b) 2; c) 3
5. a) 3; b) 2; c) 1
6. a) 0; b) 1; c) 3
7. a) 1; b) 2; c) 3
8. a) 1; b) 3; c) 2
9. a) 3; b) 2; c) 1
10. a) 3; b) 2; c) 1
Pakeng tsa 0-10
Ha o motho ya ratang dintho haholo. Sa bohlokwa ho wena ke batho ba nang le tlhokomelo. Itebohele ka ho beha dintho tsa bohlokwa pele.
Pakeng tsa 11-20
O bonahala o sa rate dintho haholo, empa ka ho le leng tseo o nang le tsona o rata e be tsa maemo, le diaparo o rata tsa matshwao a pele. Ke mokgwa wa tlhaho hore o lakatse ho intlafatsa bophelong, empa o se ke wa dumella pelo ho ipapisa le ba bang.
Pakeng tsa 21-30
E se e le ntho e mading ho wena ho ba le dintho tsa moraorao tse fesheneng. Ke nako ya hore o emise, ho seng jwalo, o tla ipona o se o kene o kgelelletse dikolotong. [s]
