sotho.1731.yourman_soccer
Ho kopane
DIKAKAPA
Union of European Football Associations (UEFA)
Mokwetlisi: Marcello Lippi
Mokapotene: Fabio Cannavaro
Makgetlo Mohopeng wa Lefatshe: 16
Maemo ao ba a fihletseng: Bahlodi (1934, 1938, 1982, 2006)
Mohope wa Confederations: Ke tonamente ya pele
BAHLODI ba Mohope wa Lefatshe wa 2006 dintho ha di ba tsamaele hantle matsatsing ana haholoholo ka mora hore dibapadi tsa sehlooho di behe meja fatshe ka bongata bo boholo.
Ba bapala setaele se totobetseng jwale, ka pele ba hlomme kakapa, Luca Toni - ke sona se neng se ba nyopisetse merero ka 2008 ho European Championships, moo ba neng ba felle maemong a etellang sekamakgaolakgang pele, ka mora ho tswa ka soba la nale dihlopheng tseo ba neng ba pannwe le tsona.
Ho bua nnete, Italy e na le neo e lekaneng ya ho hlola naha efe kapa efe e ka qothisanang lehlokwa le yona tonamenteng ya Mohope wa Confederations. Nnete e a sala, ho tla nkga ho sa bola Loftus Versfeld ka la 21 Phupjane ha Italy e thulana le Brazil.
O KA LEBELLA BOMANG: Andrea Pirlo (AC Milan, Italy)
Sebapadi se pele sa sehlopha le sa naha ke, Pirlo mme ke yena motshepuwa ho Mataliana mokgubung wa lebala.
O dilemo di 29 mme ba mo hlonepha hoo ba mo bitsang setsebi sa di-free-kick, ka ha o se a kentse dintlha tse ntle bona bo makatsang ho fihlella motsotsong ona.
TSE IKGETHANG TSA BOLO
ITALY
NNETE!
Italy e bapetse ho e neng e bitswa "Game Of The Century" ka mora ho shashara Jeremane ka 4-3 ho sekamakgaolakgang ho Mohope wa Lefatshe ka 1970. Dihlopha tsena di ile tsa pabala ka 1-1, empa ha hlajwa dintlha tse hlano nakong e ekeditsweng, Mataliana a itlhomme pele.
Mohopeng wa Confederations, Italy le Brazil di tla nkgisetsana mahafi Loftus Versfeld ka la 21 Phupjane, athe Egepeta le USA di ka nna tsa re makatsa karolong ena ya dikakapa tse shebilweng ka mahlo a matala
Mokgatlo: Confederación Sudamericana de Fútbol (CONMEBOL)
Mokwetlise: Dunga
Mokapotene: Lúcio
Makgetlo Mohopeng wa Lefatshe: 18
Maemo a hodimo ho ona: Bahlodi (1958, 1962, 1970, 1994, 2002)
Mohope wa Confederations:
Bahlodi (1997)
Makgaolakgang (1999)
Boneng (2001)
Mokgahlelong wa pele(2003)
Bahlodi (2005)
BRAZIL ke thatohatsi ho ba bangata bolong, e seng ho baahi ba naha ena feela, hape e seng ka lebaka la katleho ya bona empa ka mokgwa o e bapalang hantle ka ona.
Sehlopha sena sa Brazil se bapalang "Samba Style" se tummeng, bohle ba thabela ho shebella menyakwe ya sona ka lebaleng haholoholo ha e hlasela.
Brazil e kile ya hula ka falese leha ho le jwalo, mme mokwetlise Dunga a hlaselwa hampe ke batho ba habo ka mantswe ka hore o hatella dibapadi ho lahla mmapalo wa tsona wa tlhaho, o re di latele melaonyana ya hae e ngotsweng dibukeng.
Empa o ke ke wa kgella sehlopha sena tlase leha ho le jwalo, e seng ha se kentse le dikakapa tse kang Kaká, Ronaldinho, Adriano, Robinho, Daniel Alves le Alexandre Pato hara tse ding tse mmalwa.
O LEBELLA BOMANG: Kaká (AC Milan, Italy)
Ricardo Izecson dos Santos Leite (26), ya tsebisahalang lefatsheng ka la Kaká, ke sebapadi se hlwahlwa sa bohareng ba lebala. Ke moKreste ya ngotseng dieta tsa hae tsa bolo hore: "Modimo O A Tshepahala".
BRAZIL
NNETE!
Mokwetlise wa Brazil, Dunga, e ne e le mokapotene wa sehlopha sena ya neng a se eteletse pele ka 1994 ha se hapa Mohope wa Lefatshe mane USA. O dilemo di 45 mme o bapaletse sehlopha sa naha eo makgetlo a 91, a qala
ho ba mokwetlise ho
tloha ka 2006.
Confederation Of North, Central American And Caribbean Association Football (CONCACAF)
Mokwetlisi: Bob Bradley
Mokapotene: Carlos Bocanegra
Makgetlo Mohopeng wa Lefatshe: 8
Maemo ao ba a fihletseng ho ona: A boraro (1930)
Mohope wa Confederations:
Maemo a boraro (1992)
Maemo a boraro (1999)
LEHA ba se na dinaledi tse kgolo tsa matjhaba empa USA e ipehile maemong a matle mmapeng wa lefatshe dilemong tsena tse mmalwa tse fetileng. Mohopeng wa Lefatshe wa FIFA wa 2006 e bile ya bohlano eo naha ena e atlehileng ho yona, e a tshepisa le ho tsa ho kenela Mohope wa Lefatshe wa 2010. Ke sehlopha se thata, ha ho bonolo ho ya mekwallong ya sona, le wena o tla iponela dipapading tsa Group B moo ba thulanang le dikakapa, Italiy, Brazil le Egepeta.
Ba ne ba fihlelle maemo a sekamakgaolakgang Mohopeng wa Lefatshe wa 2002 wa FIFA, moo Jeremane e neng e ba hlothe leqa hanong, empa ka 2006 ba ntshwa mokgahlelong wa pele.
O KA LEBELLA BOMANG: Landon Donovan (LA Galaxy, USA) Se seng sa dibapadi tse ntle haholo tseo USA e kileng yaeba le tsona ke Donovan, mohlabadintlha ya itlhommeng pele, ya seng a hapile kgau ya USA Player Of The Year ha hlano.
O bapala pele le mapheong, o ne a romelwe sekolong sa bolo sa batjha mane German Bundesliga a bapalla Bayer Leverkusen a le dilemo di 15 empa a se ke a kgaola maqhama le naha eo ya Manyesemane. O ile a atleha a bapalla USA mme jwale o bapetse Mohopeng wa Lefatsheng wa 2002 le wa 2006 wa FIFA.
USA
NNETE!
USA e ne e tene ba bangata mohla e neng e ntsha batshepuwa, Engelane ka 1-0 Mohopeng wa Lefatshe wa 1950 mane Brazil. Erekaha bolo eo e kene e hlaha ka hodimo, bahlophisi ba bangata ba dikoranta ba Engelane ba re ho etsahetse phoso, ba ngola hore Engelane e hlotse ka 1-10 ka le hlahlamang.
Confederation of African Football (CAF)
Mokwetlisi: Hassan Shehata
Mokapotene: Ahmed Hassan
Makgetlo Mohopeng wa Lefatshe: 2
Maemo ao ba a fihletseng: Mokga-hlelong wa bobedi (1990)
Mohope wa Confederations: Mokgahlelo wa pele (1999)
EGEPETA e qhoqhobetse khontinente ena ya Afrika mme e ikemiseditse ho etsa jwalo le lefatsheng. E kwetliswa ke Hassan Shehata, dibapadi tse ngata ke tsa Cairo, dinaledi ke Al Ahly le Zamalek, ba a atleha le dihlopheng tsa Manyesemane.
Bahlabadintlha bana ba babedi Mido le Amr Zaki ba bapala Liking ya Manyesemane, Wigan Athletic, athe Mohamed Zidan ke le motshepuwa ho Borussia Dortmund ya Jeremane, selemong sena sa bolo. Egepeta e pannwe le dihlopha tse matla, empa nnete e a sala, e ka shashara naha efe naka efe ha e ka ikemisetsa.
O KA LEBELLA BOMANG: Mohammed Aboutreika (30) (Al Ahly, Egypt)
O hlahetse Cairo, lekeisheneng le pele la Giza, ke sebapadi se pele kontinenteng ena ya Afrika. O ne a kenye ntlha mme Egepeta ya nka Mohope wa Dinaha tsa Afrika wa 2008. Hape ke motshepuwa le sehlopheng sa hae, Al Ahly, o lebelo le makatsang. O tla dula a beha sehlopha sa hae le kontinente ena maemong a matle a lefatshe. [s]
Pale: Mark Gleeson
Ditshwantsho: Gallo
EGEPETA
NNETE!
Egepeta e bile naha ya pele ya Afrika ya ho kenela ditlhodisano tsa Mohope wa Lefatshe tsa FIFA ka 1934 ho bapallwa Italy. Leha ho le jwalo ba ntshwa mokgahlelong wa pele ba ntshwa ke Hungary ka 4-2.
DIPAPADI TSA GROUP B
15/6 USA vs Italy (Tshwane)
Brazil vs Egepeta (Bloemfontein)
18/6 USA vs Brazil (Tshwane)
Egepeta vs Italy (Joburg)
21/6 Egepeta vs USA (Rustenburg)
Italy vs Brazil (Tshwane)
