sotho.1704.opera
Edward Mabunda, Xola Mpola, Elliot Koena le Bokang Sehau.
BONA SESOTHO June 2008
Tinoro tse tharo le bese
MMINO WA OPERA
LEHLASO LA MMINO
Re bua ka dikakapa tse kang George Harrison, Johannes Kerkorrel, Verdi le Josh Groban, mantswe a banna bana ha a kopane, a ntsha le monate lehlatso, ba se ba bile ba tsebisahala lefatsheng ka bophara... Pale ka Steven Makhanya setshwantsho ka Ivan Naude
OPERA? Ke ntho ya makgowa eo, ha ho jwalo? Tjhe ha ke dumele. Bona bashemane bana ba Soweto. Ha ba bine mmino ona wa Matadiana feela, empa ba o tswaka le morethetho wa Seafrika - e leng se bontshang talente e kgolo haholo.
O ka ba nka hanyane ha o ba bona, ba behe kalaneng, ba tla o makatsa...
E ne e re leha ba bolella metswalle ya bona ka toro ya bona ya ho ba di-Pavarottis tsa Afrika mona Soweto, ba ne ba ba tshehe.
Dinthong tsohle - opera? Eo ke ntho ya makgowa, ha ho jwalo?
Leha ho le jwalo, Xola Mpola, Elliot Koena, Edward Mabunda le Bokang Sehau, ha ba a ka ba fela matla, ba ne ba thehe sehlopha sa Soweto Opera Quadro.
"Motsheare ke ya boikwetlisong ba lentswe mme mantsiboya ke ipapalle bolo le metswalle jwalo ka tlwaelo," ke Elliot eo.
"Ka ho etsa jwalo, nke ke ka ba lejela thoko metswalleng ya ka."
Kajeno bongata ba bao e leng balatedi ba hae, ke bao ba neng ba mo tsheha...
...Ho tswaka mofuta wa tlelasiki le wa opera morethethong ona o ratwang ke batho ba baholo, ho etsa SOQ, jwalo ka ha sehlopha sena se bitswa jwalo mane Soweto se be maemong a matjhaba.
Re buile le bona ka bonngwe...
EDWARD MABUNDA: Ke bina tinoro sehlopheng mona. Ntle le hore ke ne ke bina sekolong le kerekeng, ke ne ke ntse ke le setho sa sehlopha sa Oasis Cultural Band, e binang mmino wa serabe sa Afrika.
Seo ke se ratang haholo, ke mokgwa oo sehlopha sena se fetolang dipina tsa kgale tsa serabe, di se fetolele morethethong wa kajeno wa makeisheneng ka teng.
Ke moo ke hlokometseng monate wa ho tswaka mmino wa tlelasiki le wa serabe, o tsamaye o kenya dikupu tsa Seafrika o sa sihi violin ka thoko. Tsena tsohle ke tsona tseo sehlopha sena sa SOQ di tsebisahalang ka sona.
Sena ke sona se entseng hore ho be bobebe ho balatedi hore ba amohele opera eo ba neng ba ipolella ha e ne e le ya "makgowa."
Ke ne ke ntse ke na le toro ya ho kena mminong, empa e seng ho fihlela maemong ana!
Dipineng tsohle tsa rona, ha ho eo ke e ratang ho feta Ave Maria eo re e fetoletseng Seafrikeng.
ELLIOT KOENA: Le nna ke bina tinoro mme ke dilemo di hlano ke bina sehlopheng sa SAPS. Ke ne ke nahane ho kena bolong e lefellwang, empa lerato la ka mmino la tota.
Ho bina opera, le boikwetliso ba teng, ho nthutile boitshwaro bo botle. Bo ntshotse dinthong tsohle tse sa lokang tse etswang ke mathaka makeisheneng. Ditho tse ding tsa sehlopha, di bolela ha ke le seswaswi se seholo mona sehlopheng.
Nna pina eo ke e ratang ke? Shosholoza.
BOKANG SEHAU: Le nna ke bina tinoro. Ke hlahetse ka ba ka holela Sharpville, ke nyantse lerato la mmino ho mme, haholo wa dikhwayare jwalo ka ha a ne a bina ho tsona. O dutse a nkema nokeng le hona ho nkgothatsa.
Ha ke qeta materiki, ke ne ke ingodise sekolong sa mmino sa Fuba School Of Music e Joburg. Ke hona mona moo ba leoditseng talente ena ya ka teng.
Ke tshepa hore ditho tsohle di tlameha ho leboha Petros Mofokeng eo e leng yena ya re leotsang mantswe.
O tlwaetse hore: "Ke le leoletsa hore ka le leng le tle le re "Ntle le Mong Mofokeng, re ka be re se maemong ana."
Ke motho wa bohlokwa ho rona, re motlotlo haholo ka yena.
Nna pina eo ke e ratang ke I Just Called To Say I Love You - e nkgopotsa kgale.
XOLA MPOLA: Ba mpitsa Mahlathini hobane lentswe la ka le ba hopotsa mofu Mahlathini Nkabinde. Ke bina bese.
Ke hlahetse PE ka tla Joburg ho tla batla mosebetsi.
Ho ne ho se bobebe. Ke ne ke ye ditekong ho Sowetan Mass Choir Festival. Mathaka ana a mararo ona a ne a se a bina sehlopheng seo, re ne re kopane ha jwalo.
Meadowlands ke yona thatohatsi ya ka - e nkgopotsa lapeng. [s]
Re mmoho
BONA SESOTHO June 2008
Dikeletso tsa SOQ tsa hore sehlopha se dule se kopane...
Bontshanang jwalo ka sehlopha.
Le se nyefolane, kgothatsanang.
Tshehetsanang ha e mong a le mathateng.
Qobang tsohle tse ka bolayang lebitso le maemo a sehlopha.
Sebedisanang.
