SOTHO.1702.cells
BONA e a fuputsa
Ho bolelwa ha mafapha a tsa sephethephethe mebileng a atisa ho tlola molao ka ho kwalla bakganni ba kolotang ntle le mangolo a ba dumellang ho etsa seo. Ke efe nnete ka sena" Ekaba ba etsa sena ka lebaka la maemo a hodimo a tlolo ya molao, kapa empa e le ketso e mpe eo ho yona re bonang bakganni ba se nang molato ba hlekefetswa" Ekaba batshwari ba lefapha bona ba reng ka ditlaleho tsena"
E NE E re ha ho utlwahala hore ketjhine ya Setsi sa Mapolesa a Toropo ya Thekong e se e fetotswe tjhankana eo ho yona ho kwallwang bakganni ba kolotang ditjhelete tseo ba di nyaolwang ka ho tlola melao ya tsela, baqolotsi ba ditaba ba ne ba tlolele hodimo ho letsetsa motshwari wa toropo ena ya Thekong, Mike Sutcliffe ho netefatsa taba ena.
Ha se toka seo ba se etsang, le ho "kwallwa" hoo ha batho ha ho molaong, ke se ileng sa bolelwa.
Dipotso di ne di fete dikarabo, empa ka mora dihoranyana, ha utlwahala hore mekwallo ya ditshepe e neng e kwaletswe ntlong eo, e ne e se e tlositswe, e boetse e le sebaka se tlwaelehileng.
E ne e re leha dipaki tsa mokgatlo wa basebetsi ba masepala di paka hore tjhankaneng ena ho ne ho kwallwa basadi le banna, ba petetsana moo ho fihlela metswalle kapa ba malapa a bona ba ba lefella melato ya bona. Empa tseo kaofela, mapolesa ana a a di latola.
Titus Malaza, Hlooho ya mokobobo ya Mapolesa ao a Toropo o e latotse taba ena ha a ne a buisana le koranta ya The Mercury.
Empa o ne a qetelle a dumetse. "Ha re kwalle bakganni ba tlwaelehileng mona, re kwalla ba ditekesi ba kolotang masepala," ke yena a bolella koranta ena. "Mona ke moo ba bolokwang teng ho emela beng ka bona ho tla ba lokolla."
BONA e fupuditse mahlatsipa a "sewa sena."
Re ile ra kopa ho buisana le ya tshwereng dintlha tsohle tsa ba kileng ba kwallwa tjhankaneng mmoho le mangolo a neng a dumella ho tshwarwa ha bona.
Re ile ra fumana hape hore le motshwari wa toropo, Michael Sutcliffe o ne a ntse a etsa tsa hae diphuputso mme ra tlameha ho isa kopo ya rona ho yena.
Re ile ra romela kopo ya rona ka e-mail a le Jeremane moo a neng a natefetswe ke Mohope wa Lefatshe wa FIFA.
Ha re a fumana letho ho Sutcliffe kapa mang feela wa batshwari ba sepolesa sa toropo, empa re kgonne ho qoqa le ba bang ba bakganni ba kileng ba welwa ke sewa sena sa ho kwallwa moo...
O ne a sa tsebe ditokelo tsa hae
Pale ya Magcaba
E ne e le letsatsi le monate ho William Magcaba jwalo ka ha e ne e le letsatsi la hae la pele mosebetsing wa hae o motjha khampaneng e tsamaisang thepa (courier).
"Mapolesa ana a ne a nkemisi a mpatla mangolo a ho kganna mme a qeta a mpolella hore ke se ke le motshwaruwa ka lebaka la tjhelete ya kotlo eo ke neng ke e kolota masepala," ho bolela ntate enwa ya dilemo di 43 wa bana ba bane.
Ho se tsebe ke lebote hobane ntate enwa o ne a dumele ho tshwarwa ntle le ho bontshwa lengolo le neng le ba dumella hore a tshware.
Le haeba ba ne ba fumana tumello ya ho mo tshwara, ba ne ba tlameha ho mo nka ba mo ise diahelo tsa sepolesa sa SAPS kapa lekgotleng la dinyewe, empa bona ba mo isitse diahelong tsa mapolesa a toropo ba mo kwalla letsatsi kaofela.
"Ke ne ke sa tsebe ditokelo tsa ka, ke ile ka dumela ha ba nkuka ka vene ba ilo nkwalla," ho rialo Magcaba.
Le seo ba neng ba se etse koloing e neng e kgannwa ke Magcaba le sona ha se molaong.
Ba ne ba kganne lori eo a neng a e kganna ba e isa polokelong ya makoloi a boshodu mmoho le thepa e bitsang eo e neng e tlameha ho fihla moo e yang ka ho panya ha leihlo. Ba ne ba hane ho e lokolla ho fihlela ho lefuwa "tjhelete" eo a neng a e kolota.
Mohiri wa hae, Chris Felton, o ne a hlolehe ditekong tsa hae tsa ho lokolla koloi eo mmoho le thepa.
"Ba ne ba hane ho ntokollela lori eo pele ho lefuwa molato oo," ke Felton eo.
Magcaba o ne a kolota tjhelete ya kotlo eo a neng a e nyaolwe nakong eo a neng a kganna koloi ya khampane eo a neng a sebetsa ho yona pele e neng e se maemong a ho ba mmileng eo tekete ya yona a neng a e nehe monga khampane.
"Ke ne ke qetelle ke tlameha ho lefella khampane e nngwe hore ke fumane koloi ya ka mmoho le mokganni wa teng," ho tletleba Felton.
Ha ho tumello
Pale ya Anthony
"E ne e le ka bo 7.30 ho seng mohla 15 Hlakubele hona selemong sena," ho rialo Leon Anthony ya dilemo di 43 eo mosebetsi wa hae e leng 'shopfitter'. "Ke ne ke emiswe ke mapolesa mme a mpatla mangolo a ho kganna.
"A ne a mpolelle hore ke a kolota mme ke ha a nkamoha dinotlolo tsa koloi ba nkwalla veneng.
"Ha ba a ka ba mpontsha lengolo le ba dumellang ho ntshwara, athe hape ke ne ke so ka ke fumana le samane, ka ho se tsebe ditokelo tsa ka, ka dumela ho kwallwa.
"Eitse ha re se re le 20 ka veneng ka moo, ra iswa diahelong tsa mapolesa a toropo moo re neng re kwallwe ka tlung e le nngwe.
"Ha ke a bontshwa sekoloto sa ka, ke ne ke bolellwe feela ha ke kolota R450 bakeng sa tlolo tse tharo tsa molao."
BONA e ile ya botsa Anthony hore na ba ne ba kwalletswe ka tlung e neng e na le ditshepe kapa tjhe.
"E ne e na le ditshepe," ke yena eo. Re ne re notlellwe moo nako e fetang hora. Ke ne ke kope ho ya ntlwaneng, ba hana.
"Ke ne ke bolele ha ke tla rotela fatshe moo, mme ke ha lepolesa le leng le mphelehetsa ho ya ntlwaneng, la boela la nkgutlisetsa moo tjhankaneng ya rona."
Ka mora hoba motswallae a fihle a lefe R450, o ne a lokollowe mme Leon jwale a qalella ho ya polokelong ya makoloi a boshodu ho ya lata koloi ya hae.
"Basebeletsi ba ka ba ne ba tsamaye tsatsing leo hobane ha ba a ka ba kgona ho sebetsa, mme ka lebaka leo ke ne ke lahlehelwe ke tjhelete e fetang R450 eo," ke yena ka bohloko bo boholo.
BONA e ile ya felehetsa Anthony ho ya diahelong tseo tsa mapolesa ao a toropo ho ya bontshwa lengolo la tumello ya ho tshwarwa ha hae. Re ne re bue le batho ba babedi ba neng ba hlolehe ho re thusa.
Ketso e tshosang
Pale ya Bullock
Ngwahola mohla 2 Pudungwana, mosebetsimmoho le Magcaba le yena o ne a emiswe ke mapolesa mme a mo "kwalla" ntle le ho mmontsha lengolo le neng le ba dumella ho etsa jwalo.
Le yena o ne a sa ka a fumana samane - athe o bolela ha molato oo e ne e le wa koloi eo a neng a e rekise nakong e ka etsang selemo e fetileng.
"Re ne re kwallwe veneng re le 20 mme ra iswa diahelong tsa mapolesa a toropo.
"Ba ne ba bolele hore ha ke no lokollwa ho fihlela ho lefuwa R900 eo ke neng ke e kolota."
Radebe o ne a letsetse kantoro ya hae mme Angela Bullock a mo ntshetsa tjhelete ho tla mo lefella.
"E ne e re ha ke fihla," ke yena eo, "lepolesa le neng le nthusa la kopa bukana ya ka ya boitsebiso a e sheba a re 'ke maswabi le wena o a kolota' mme ka kwallwa le banna ntle le ho bontshwa lengolo le dumellang hore ke tshwarwe.
"Lebitso le neng le hlahella moo e ne e le la monna, le koloi e le eo ke sa e tsebeng ya moetso wa Jetta e mmala o motala esitana le dinomoro tseo ke sa di tsebeng.
"Ke ne ke mmolelle hore ha ke o tsebe molato oo, empa a se mmamele - o ne a mpolelle hore ke kolota R1 200 mme ke tla dula moo ho fihlela ke lefa molato oo wa ka.
"Ke ne ke mmolelle hore ke rata ho ya itseka lekgotleng, yena a re ke tla robala moo ho fihlela ka le hlahlamang ha ke eya lekgotleng.
"Ya neng a tlo ntefella o ne a hane ho kena, ka tlameha ho felehetswa ho ya ho yena koloing.!"
Ba reng bakganni ba ditekesi
Zakhele Ngidi ke mohokahanyi wa Clermont And KwaDabeka Taxi Association e nang le bakganni ba 500 ba ditekesi.
"Ke ntho ya kgafetsa," ke yena eo. Ba dutse ba kwala mebila ho hlahloba ditekesi, ba kwalle bakganni ntle le mangolo a dumellang seo mme ba nkele ditekesi polokelong ya makoloi a boshodu.
"Ha ba tsotelle hore ho etsahala eng ka bapalami - ba siuuwa sa mooko wa pere moo ka thoko ho mmila.
"Bothata bo boholo ke hore mokganni hangata e ebe e se monga koloi.
"Ba sheba feela nomoro polata ya koloi. Ka nako e nngwe mokganni o qeta matsatsi a mabedi kapa ho feta a le ntlwanatshwana moo, e seng 'sebaka se monate' ho fihlela a lefellwa."
Ditokelo tsa hao
Mapolesa a Masepala a ka kwalla bakganni ba kolotang ditjhelete tsa kotlo ha feela ba na le mangolo a ba dumellang ho etsa seo.
Lekgotla le ntsha lengolo la ho tshwarwa ha motho ha feela motho eo a hlolehile ho hlahella lekgotleng ka mora ho romellwa samane ka tsela ya teng e nepahetseng.
Ditekete tse manamiswang difenstereng tsa dikoloi kapa tse romelwang posong ha se disamane.
Haeba bakganni ba sa lefe tjhelete eo ya kotlo, mapolesa a sephethephethe a tlameha ho fumana lenqosa la lekgotla le tla isa samane ho moqosuwa lapeng kapa mosebetsing mme moqosuwa eo o tlameha ho saena hore o e fumane pele a ka nkelwa bohato ba semolao.
Haeba moqosuwa a iphapanyetsa samane eo, kapa a sa lefe, lekgotla he le tla ntsha lengolo le dumelang hore a tshwarwe e leng lengolo leo moqosuwa a tlamehang ho le bontshwa pele a ka tshwarwa.
Mapolesa a tlameha ho isa motshwaruwa eo sepolesang sa naha kapa lekgotleng le ntshitseng lengolo la ho mo tshwara.
Mapolesa ana ha a ya tlameha ho mo kwalla tjhankaneng ya ona, ha a ya tlameha ho o emisa ka thoko ho mmila nakong eo ba sa emetse ho fumana lengolo le ba dumellang ho o tshwara, athe hape ha ba a tlameha ho o dudisa ka moo ka veneng nakong eo ba emetseng ho tlatselletsa vene eo.
Ba tlameha ho o dumella ho fumana mokganni ya nang le mangolo a ho kganna ho tla lata koloi ya hao kapa ba ikopanye le SAPS ho o hlophisetsa motho ya ka kgonang ho kganna koloi eo ya hao.
Le hona moo o ntse o na le monyetla wa ho ya itseka lekgotleng, ha se toka hore o tla lokollwa ha feela o se o lefile. [s]
#RE NGOLLE! O kile wa tshwarwa ntle le lengolo le dumellang seo, wa kwallwa tjhankaneng... Haeba ho le jwalo, o tshwerwe ka tsela e seng molaong ke Mapolesa a Toropo ya Thekong.
A ko re ngolle!
Ngolla ho: Mangolo ho Mohlophisi, Box 32083, Mobeni, 4060, South Africa.
BONA SESOTHO - August 2006
pale le ditshwantsho ka GAVIN FOSTER
Angela Bullock - "O ne a tshwarwe" a ilo lokolla mosebetsimmoho le yena.
Le mapolesa a tlola molao...
BONA SESOTHO - August 2006
Leon Anthony - diahelong tsa mapolesa moo a neng a kwaletswe teng.
u
t
BONA SESOTHO - August 2006
Tseba ditokelo tsa hao
Ha ho e mong, Motshwari wa Toropo ya Thekong, Mike Sutcliffe ke yena feela monna ya ka fuputsang diketsahalo tsena.
