sotho.1696.yourbackpage_last
Ho bitswa 'Madlanduna'...
O ke ke wa nkgolwa, hona hoseng hona. Ke ne ke le boikwetlisong, ha mosadi e mong a hwelehetsa a re: "Helang, dumela bo Madlanduna." Ke o bolella nnete hore ba hlola ba mpitsitse jwalo ebile ha ho nkgathatse ka letho ha batho ba mpitsa ka karolo eo ke neng ke e bapala - ho bontsha hore ke e bapetse ka bokgabane.
Ho nka ditshwantsho...
Dibekeng tse tharo tse fetileng. Ke ne ke bapala papading e bitswang Ingxoxo. E ne e hatiswa ke khampane ya poraefete, ka hoo ha ke tsebe hore e tla hlahiswa neng ho TV. Ke rata ho bapala hona hoo leha ke se ke laola papadi ke ikutlwa eka nka ipona ke se ke eme ka pela khamera.
Ho laola filimi...
Ka Phupu hona monongwaha. Ke ne ke laola filimi ya Muvhango mme ke dilemo di robong jwale ke sebetsa le bona. Ke ne ke qale ho sebetsa moo ke le mohlophisi ya ka sehloohong wa ditlhoko tsa papadi pele ho nako e kae ka nyollelwa maemong a mothusi wa molaodi ho fihlela ke eba molaodi.
Ho sebetsa mosebetsing o mong ntle ho wa TV...
Ka 1984. Ke ne ke le mohokahanyi wa Kereke ya Wesele. Pele ho moo ke ne ke sebetsa lebenkeleng la dibuka la Jutas dilemo tse 11. Ke ne ke qale ke le moromuwa empa ka nako eo ke neng ke tlohela ke ne ke se ke le tlelereke e amohelang thepa.
Ho nahana ho tlohela ho sebetsa ho TV...
Hohang. Ha ke so e nahane eo taba. Ke ne ke qale ho sebetsa teng dilemong tsa bo 1980 ha ke ne ke bapala filimi e kgutshwane e neng e bitswa Honour Thy Father. Ka rata mosebetsi wa ka ho tloha hoo mme ha ke sa batla ho hong.
Ho bona lebitso la hao makasineng...
Dibekeng tse pedi tse fetileng. Ba ne ba ngotse ka diketsahalo tsa e-tv ka filimi ya eKasi eo le nna ke bapalang ho yona. Leha ke se ke tlwaetse ho sebetsa ditabeng empa ke ntse ke thabela ho reka makasine mme ke bale ka nna.
Ho ya lebaleng la dipapadi...
Dibekeng tse tharo tse fetileng. Ho ne ho bapala Moroka Swallows le Santos. Ke motshehetsi e moholo wa Swallows - ke nahana hore ke tswetswe ke le motshehetsi wa Swallows! Hape ke rata ho shebella kolofo le ditebele.
Ho ya kerekeng...
Maobane bosiu, ke rata ho ya kerekeng haholo mme Sontaheng se fetileng ke nna ya neng a rera kerekeng ya heso
ya Wesele, lekaleng le haufi le haeso. Ke e mong wa baholo ba kereke ena mme hape le motlatsi wa Mopresidente wa baholo ba kereke tikolohong ya heso.
Ho ja seneke se nang le phepo...
Hoseng hona. Ke jele mangangajane a ditholwana mmoho le Bulgarian yoghurt. Ka boetse hape ke ja le sejana sa bran le lebese hoseng ho hong le ho hong. Ke ne ke bapala bolo mme eitse ho ba ke e tlohela, ka nona haholo. Ke boetse hape ke ya boikwetlisong dihora tse tharo kamehla.
Ho kganna leeto le le lelele...
Ka Loetse hona monongwaha. E mong wa baruti ba rona o ne a hlokahetse mme a ilo patelwa Thekong. Ke rata ho kganna hobane ke kgona ho bona naha hantle ho feta ha ke tsamaya ka sefofane - le ho bona batho ba ditoropong tse fapanesng.[s]
E bokeleditswe ke:
Ntokozo Maseko
LEQEPHE LA HAO LA KAMORAO
Mokaubere wa sebapadi sa difilimi, Magic Hlatshwayo o sa ntse a sebetsa ho TV mme o na le tshepo ya hore o tla tswelapele le mosebetsi ona wa hae a o ratang
