sotho.1690.penpals
BONA SESOTHO - January 2007
HAEBA o batla ho etsa setswalle, re ngolle atereseng ena: BONA/Etsa Setswalle, Box 32083, Mobeni, 4060. Re bolelle ka wena - se lebale ho re bolella lebitso la hao le aterese!
Nonhlanhla Msomi (29), a ka thabela ho ngollwa ke banna ba dilemo di pakeng tsa 30 le 38. O rata ho mamela mmino le ho shebella dipapadi. Batshwaruwa le ba nwang le ba tsubang ba se ikgathatse. (Ba nang le bana ba amohelehile.) Aterese ya hae ke: 1013 Umbelebele, P.O. KwaMashu 4360. Mangolo a hae a ngolwe ka Sezulu. O kopa le difoto.
M.D. Myeni o dilemo di 38 ke setho sa phutheho ya ha Shembe. A ka thabela ho ngollwa ke basadi ba dilemo di pakeng tsa 30 le 38. A ngollwe ka Senyesemane le ka Sezulu, a kenyetswe le difoto. Aterese ya hae ke: Qalakabusha Centre, Private Bag X 20088, Empangeni, 3880.
Moketsie Tshepo (35), wa Modderbee Prison, Private Bag X1045, Benoni, 1500, a ka thabela ho ngollwa ke basadi ba dilemo di pakeng tsa 25 le 32. O etsa dithuto tsa kgwebo mme o rata ho mamela mmino wa classic le wa R&B. A ka ngollwa ka dipuo tsa naheng ena. O kopa le ho kenyetswa difoto.
Siphiwe Zungu, Private Bag X501, Dalton, 3236, a ka thabela ho ngollwa ke ditabane tsa banna tse dilemo tse pakeng tsa 34 le 48. O rata ho shebella difilimi, ho eta le ho bala. Mangolo a hae o kopa a ngolwe ka Senyesemane.
Bonginkosi Nxumalo, Qalakabusha Prison, Private Bag X20088, Empangeni, 3880, a ka thabela ho ngollwa ke basadi ba dilemo di pakeng tsa 27 le 39 ba sa nweng, ba sa tsubeng. Bonyane a mpe a be le bana ba babedi ha ba le teng. Bohle ba amohelehile ho mo etela tjhankaneng.
Malehlwa Makwae (42) o na le bana ba babedi ba hodileng mme a ka thabela ho etsa setswalle le banna ba dilemo di pakeng tsa 43 le 50 ba Lesotho kapa Freistata. Aterese ya hae ke: 509 Block G, Botshabelo, 9781.
Daniel Radebe wa Medium A Centre, Private Bag X23, Kroonstad, 9500, a ka thabela ho ngollwa ke basadi ba itlhomphang ba sa nweng ba sa tsubeng. Ba ngole ka Sesotho kapa Senyesemane. O kopa ho kenyetswa le difoto.
Ntsoaki Joyce Paulus (26) a ka thabela ho ngollwa ke banna ba dilemo di pakeng tsa 30 le 45 ba ratang kereke le ho mamela mmino wa Bodumedi. Ebe ba tshepahalang. Mangolo a hae a ngolwe ka Senyesemane kapa Sesotho a kenyetswe le difoto. Aterese ya hae ke: 530/2 Location, Ficksburg, 9730.
Jeanette M. Khomoealeburu a ka thabela ho ngollana le banna ba ratang Modimo ba dilemo di pakeng tsa tse 32 le 40, ba seng ba ikemiseditse ho nyala. Aterese ya hae ke: 530/2 Location, Ficksburg, 9730. A ngollwe ka Sesotho, Sepedi, Sexhosa kapa Setswana. O rata ho ya kerekeng, ho mamela mmino wa Bodumedi le ho bala BONA.
Benzi Sinah Jack (38) wa 785 Moumo Street, Tshing, Ventersdorp, 2710, a ka thabela ho ngollwa ke banna ba dilemo di pakeng tsa 37 le 40 ba sa nweng, ba sa tsubeng. O rata ho ya kerekeng, ho shebella TV le ho mamela mmino wa Bodumedi. A ngollwe ka Senyesemane, Setswana kapa Sesotho. Ebe ba ikemiseditseng ho nyala.
Thabi Tshabalala, (29) o na le ngwana, ke setho sa kereke ya Universal. A ka thabela ho ngollwa ke monna ya dilemo di pakeng tsa 30 le 40 ya ratang Modimo. O rata ho ya kerekeng, ho pheha le ho shebella difilimi. A ngollwe ka Sezulu, Sesotho kapa Senyesemane . Aterese ya hae ke: 1327 Matebeleng Village, Motlokoa Shop Sec, Witsieshoek, 9870. O kopa ho kenyetswa foto.
Alfred Magongowa (35) a ka thabela ho ngollwa ke bohle. Mangolo a hae a ngolwe Setswana, Sesotho, Sepedi kapa Senyesemane. O kopa ho kenyetswa le foto. Aterese ya hae ke: Ga-Maraba, Box 29, Sepanapudi, 0705.
J.L. James, 11 Friedman Street, Irene Park, Klerksdorp, 2570, a ka thabela ho ngollwa ke banna ba dilemo di pakeng tsa 41 le 45 ba sa nweng, ba sa tsubeng. O na le bana ba bararo bao a ba ratang haholo. O rata mmino wa Bodumedi, ho ya kerekeng le ho pheha. A ngollwe ka Senyesemane, Sesotho kapa Setswana.
Sbu Madlala ha a nwe, ha a tsube, a ka thabela ho ngollwa ke basetsana ba dilemo di pakeng tsa 18 le 26. Aterese ya hae ke: Glendale Sugar Limited, Box 39098, Stanger, 4450. O kopa le foto.
Kingdom Thamsanqa Ngcobo o dilemo di 43, a ka thabela ho ngollwa ke basetsana ba dilemo di pakeng tsa 34 le 40 bao bonyane ba nang le ngwana a le mong. Ke modumedi wa kerekeng ya Universal. Aterese ya hae ke: Pietermaritzburg Male Prison, Private Bag X9022, Pietermaritzurg, 3200. O kopa ho kenyetswa le foto.
R.S. Motaung (45) a ka thabela ho ngollwa ke basadi ba dilemo di pakeng tsa 32 le 44. O rata ho bala ditaba tsa kgwebo. A ngollwe ka Senyesemane kapa Sesotho. Aterese ya hae ke: 334 Taung Street, Bophelong, 1911.
Constance Mogoe, (49) a ka thabela ho ngollwa ke banna ba dilemo di pakeng tsa 49 le 53. O rata ho shebella TV le ho ya kerekeng ya ZCC. O kopa ho ngollwa ka Setswana a kenyetswe le foto. Aterese ya hae ke: Box 39, Nietverdiend, 2874. [s]
Etsa Setswalle
