sotho.1656.legends
MONNA eo lefatshe lohle le neng le mo tsebe ka la Sol Plaatje o ne a hlahele polasing e nngwe ya Foreisetata mohla la 9 Mphalane 1876. Lelapa la habo le ne le ena le tumelo e kgolo mme ha a le dilemo di robong, Plaatje o ne a iswe sekolong sa Church of England se Pniel mane Kapa.
E ne e le morutwana ya bohlale ya ikemiseditseng haholo ka sekolo. Ha a le dilemo di 13 a pasa Sehlopha sa 4 tlasa Lefapha la Thuto la Kapa - mme ya eba morutwana wa pele seterekeng seo wa ho fihlella maemo ao dilemong tseo.
Ka 1892 a kgethelwa maemong a ho ba morutwana le titjhere, a ba moo dilemo tse pedi kaofela. Ka Hlakubele 1894, a ya sebetsa posong mane Kimberly.
Kimberly e ne e le toropo e kgolo haholo ha e tshwantshwa le Pniel, empa Plaatje a phakisa ho tlwaela bophelo boo bo botjha ba kantle ho mishoneng. Poso ena ya Kimberly le yona ya eba ya pele ho hira moromuwa wa motho e motsho sebakeng seo sa Kapa.
E seng hobane ba ne ba sa mo hlokomele empa ba ne etse seo hobane baokamedi ba iphumana ba ena le mathata a ho fumana monna wa lekgowa ya tshepahalang eo ba tla mo lefella tjhelete e nyenyane.
Ho hirwa ha motho e motsho ha halefisa makgowa haholo. Ho sebetsa posong ho ne ho thuse Plaatje ho ntlafatsa Senyesemane sa hae. Ka nako eo setjhaba sa Kimberly se ne se kopakopane mme ka mora dihora tsa mosebetsi Plaatje a qala ho kopana le batho ba kang Moruti Jonathan Jabavu (moena wa Tengo Jabavu, mohlophisi wa Imvo Zabantsundu), Gwayi Tyamzashe, David Msikinya le Isaiah Bud M'belle.
Banna bao ba ne ba ena le tjhebelopele mme ba tataisa Plaatje, ba mo tutubulla ho tsa dipolotiki - Plaatje a qetella a nyetse kgaitsedi ya M'belle, Elizabeth.
Ka Phupjane 1895 ba theha mokga wa South Africans' Improvement Society. Maikamisetso a ona e le ho kgothalletsa batho hore ba thusane ba rutane Senyesemane, ba se nna ba nyefola ba sa se tsebeng.
Toloko
Mohla la 5 Phato 1898, Plaatje a etsa kopo ya mosebetsi wa botoloko Lekgotleng la Maseterata la Mafikeng. Ka nako eo o ne a se a tseba ho bua Setswana, Sesotho, Sexhosa, Sezulu, Sekoranna, Senyesemane, Sedutch le Sejeremane.
Ka nako eo Mafikeng e ne e tuka malakabe ka dipolotiki. Morena e moholo wa Tshidi, Morena Montshiwa, o ne a hlokahetse dilemong tse pedi pele Plaatje a fihla moo, empa o ne a sa ntse a hlonetjhwa ka thata. Morena Montshiwa o ne a buisane le batshwari a hana hehehe hore setjhaba sa habo se tloswe moo, o ne a lwanela hore ba dule moo ba ipuse, ba se be tlasa taolo ya makgowa hona dilemong tseo tsa bo 1900.
Ka Mphalane 1899 ha qala ntwa ya Maburu e neng e bitswa Anglo-Boer War mme Mafikeng e ne e potapotilwe ke sesole sa Maburu. Boer War Diary ya Sol Plaatje ke e nngwe ya dintho tse sa lebaleheng hohang ntweng ena e neng e tume haholo.
Hang ka mora ntwa, Plaatje a itokolla mosebetsing, a kena ka setotswana dipolotiking.Ya eba e mong wa bathehi ba koranta ya Setswana le Senyesemane, Koranta ea Becoana.
Sengodi se seng se ne se re: "Koranta e thehilwe, mme yona mmoho le tse ding tse ntjha tsa dipuo tsa Seafrika hohle naheng ena di tla ba matletsatletse ho hlokomedisa setjhaba ka maemo a dipolotiki. Ke tsona tse hlahisang maikutlo a Maafrika - hore lentswe la ona le utlwahale - hape di sireletsa le ditokelo tsa Maafrika."
Konkrese
Yena mmoho le dihlalefi tse ding tsa batho ba batsho, ba ne ba kgathatsehile haholo ka Union Ya Afrika Borwa. Ho ne ho bonahala sekgeo sa mokga o tla tobana hantle le diphephetso tsena. Ka mora ho ba le dikopano tse ngata, ba theha South African Native National Congress mohla la 8 Pherekgong 1910.
Presidente ya pele ya mokga ona o neng o bitswe ANC ka mora nakwana ya eba John Langalibalele Dube. Sol Plaatje ya eba mongodi kakaretso wa ona wa pele.
Plaatje le baetapele ba bang ba ANC ba lwana ka thata hore mokga ona o amohelwe e le o molaong.
Ka 1914, ya eba e mong wa ditho tsa ANC tse neng di etele Engelane.
Leha Plaatje a ne a tshepile Manyesemane ho feta Madutch empa mmuso wa ona ha o ka ba le kutlwelobohloko hohang ho ANC.
Ka Ntwa ya Pele ya Lefatshe, ANC ya itshola dinyefolong tsa mmuso wa Afrika Borwa ka ho hwantela moreneng ba hanyetsa ntwa ya Majeremane. Eitse ha ho bonahala hore batho ba batsho ba a hlokomela se etsahalang, ha hlophiswa maano a mang a matjha a bokgopo, ba tingwa naha le ditokelo tse ding tse ngata tsa botho.
Ka Phupjane 1917 Plaatje a tshwarwa mane Joburg a qoswa ka mantswe a hae a reng: "ho behwa melao e mengatangata ya ho hatella batho ba batsho ba naheng ena."
Mesebetsi ya hae
Plaatje a tswelapele ho lwanela tokoloho ya Maafrika Borwa ho fihlela lefung la hae a bolawa ke pneumonia mane Nancefield, Joburg, mohla la 19, Phupjane 1932.
Phupung ya hae ho ne ho buuwa phatlalatsa hore ke mohale wa naha ya habo, ya neng a inehetse bophelo bohle ba hae ho lwanela tokoloho ya setjhaba sa habo. Dlomo o ne a mo bitse ka hore ke: "mohale hape le moetapele ya bohlale."
Katleho ya Solomon Plaatje e ne e totobetse ho bohle. Ntle le hore ebile yena motho wa pele wa Moafrika Borwa ya neng a ngole buka ka Senyesemane - Mhudi - o ne a sebetse ka thata bophelong ba hae bohle ho ipeha maemong a hodimo letlobong la Maafrika Borwa leo a neng a hola le lona ka nako eo.
E ne e le monna ya boswaswi haholo. Ka nako eo a neng a tshwarwa ke mapolesa mme a re ho yena a "se lebale melemo eo makgowa a mo etseditseng yona,' Plaatje o ne a araba ka hore: "Nke ke ka e lebale lekgale - haholoholo ka jwala ba sekgowa le ka lefu la
mokaola." [s]
BONA SESOTHO - January 2007
'Mohale wa sebele'
Sengodi sa dibuka, titjhere, moqolotsi wa ditaba, Plaatje ke e mong wa bathehi ba mokga wa ANC
KA HODIMO: Baromuwa ba ANC ba neng ba ye London ka 1919. Ka morao, ho tloha ho le letshehadi: RV Selope Thema, Jt Gumede le LT Mvabaza. Ka pele: Sol Plaatje le Moruti HR Ngcayiya.
pale ka ISAAC KWELA ditshwantsho ka hlompho ya HISTORICAL PAPERS, WITS UNIVERSITY
BONA SESOTHO - January 2007
'IY'"
Ho a makatsa ho utlwa hore, Plaatje o ne a hloile lebitso lena "South African Native National Congress." O ne a dumela hore ANC e lokela ho tsejwa ka lebitso le ikgethang la Seafrika.
Ke ka makgetlo Plaatje a hatella Konkrese ena hore e tjhentjhe lebitso lena empa nako le nako o ne a sa atlehe.
Ke lefe lebitso leo a neng a le ratela ANC"
Ke Imbizo Yabantu.
