sotho.1637.kidjo
Angélique Kidjo, wa Benin ke sebini sa matjhaba mme o bontsha ka moo o ka sebedisang mmino ka teng ho lwantshana le kgatello
DIKETSAHALO tse pedi tsa bophelo ba Angélique Kidjo... E ne e re a le konsareteng mane Houston, Texas, o ne a kope batho ba neng ba le hara letshwele ho tla bina le yena sebayeng, ka potlako o ne a hlokomele ha ho ne ho na le mosadi e mong ya neng a bokolla. "O llelang?" ho botsa sebini le sengodi sena sa dipina sa Afrika Bophirima.
"Ke lliswa ke thabo," ke mosadi eo. "Ke ne ke bolellwe ha ke ne ke na le kankere ya letswele dilemong tse mmalwa tse fetileng mme ke ha ausi a nthekela mmino wa hao. Haesale ho tloha mohlang oo ke ntse ke bapala mmino wa hao. Ke ikutlwa ke eba betere!"
Konsareteng e nngwe... Harare ka 2006, Angélique o ne a kgaole pina ya hae ka lehare a re: "Ha ke utlwisise hore ho ka ba teng motho ya ka bolayang naha ya habo le hona ho sotla setjhaba sa habo jwalo.
"Haeba o sa kgone ho hlokomela batho ba hao ha o moetapele wa letho. O tshwana le sebata hara setjhaba. Ha o rata morusu, le wena o tla shwa ka morusu."
Ka ho ya ka tlaleho ya Time, basebeletsi ba mokgatlo wa mautlwela a Mugabe ba ne ba itshohlometse matshweleng ba batla ho leba sebayeng, empa matshwele a ba thiba, a sireletsa Kidjo.
Diketsahalo tse kang tsena di bontsha hore Kidjo o na le kgollo ya hore mmino o ka kopanya setjhaba lefatsheng ka bophara - athe hape ka ona ho ka lwantshanwa le kgatello.
Batho ba a makatsa, haholoholo indastering ena ya boithabiso. Dibini tse ngata tsa lehaeng di e di tlalehe hore ha o se o fihletse maemo a itseng a katleho, menyenyetsi e atisa ho qala ho hlaha dikoranteng ka wena.
Ka nako e nngwe bamanolli ba tsa mmino ba e ba bolele ha o se o felletswe ke tjheseho, ba bue e ka o tlameha ho hlahisa mmino o tshwanang motjhaotjhele. Haeba ba tla o nyatsa, ba tla o nyatsa le haeba o sa nyatse letho ka mmino wa hao.
Mekgwa e sa lokang
Kidjo o a tseba hore ho na le botsebanyane ba dutseng ba nyefola mmino wa hae. Ba bolela ha e se e se wa Seafrika.
"Ke o fe mmino wa Senyesemane?" ke yena eo. "Mpolelleng hore le nna ke tsebe ho hlalosa mmino wa ka ho lona. Ke mang ya kileng a botsa hore Rolling Stones e bina mmino wa Senyesemane?"
Ena ke ntlha ya bohlokwa eo dibini tsa rona di tlang ho tobana le yona ha di ntse di hlahella mminong wa matjhaba. Ke bolela moo ba tla qetella ba ipehile kotsing ya ho lahla setso sa mmino wa habo bona e leng wa -"Seafrika" - mme he o lebelle hore dibini tsohle lefatsheng ka bophara le tsona di hlahise mmino o tshwanang le ona, ke bolela le diletsa.
"Bongata ba batho bana ba nyefolang mmino ha ba so ka ba le beha mona Afrika," ho rialo Kidjo. "Ba tseba jwang hore mmino wa Seafrika o jwang?"
"Le nna ha ke o tsebe mofuta wa mmino oo ke o binang," ho bolela sebini sena se seng se kgethetswe dikgau tsa Grammy makgetlo a mane kaofela, eo hara ditlabolane tsa hae re ka balang Agolo, Ayé le Batonga. Sebini sena hape se ka bua dipuo tse robedi kaofela tseo hara tsona re ka balang Fon, Fora, Yoruba le Senyesemane.
O reng ho bao ba bolelang hore mmino wa hae ke motswako wa mmino wa kgale le o motjha?
Ke "diteboho feela" ho yena tseo mme Kidjo o iphapanyetsa tseo kaofela. "Nna ke bitsa seo ke se etsang e le mmino," ke yena eo. "Mmino ohle oo e sa leng ke o utlwa ho tloha kgolong ya ka, o nkgothaditse.
"Ke kgothaditswe ke mefuta e mengata ya mmino, nka tloha ho wa setso sa Afrika ho ya ho wa The Beatles, the Rolling Stones, le wa James Brown, Otis Redding, Carlos Santana - bao e leng bona ba nkgothaditseng.
"Ke Moafrika ya tlisang meetlo ya ka bathong ba Bophirima," ho rialo Kidjo a ntse a tsheha. Ke kopanya merethetho e fapaneng, rhythm and blues mmoho le jazz."
Benin
Angélique o hlahetse Ouidah naheng ya Benin. Ke e mong wa bana ba robong lapeng la habo. O ne a qale mmino nakong eo boabutiae ba neng ba iqalla sehlopha sa bona sa mmino. Le pele a ka kgona ho bua, Kidjo o ne a rata ho tantshetsa mmino wa Jimi Hendrix le James Brown.
"Ha ke ne ke le dilemo di tsheletseng," ke yena eo, "le nna ke ne ke kene sehlopheng. Ho ne ho le boima ho fumana tjhelete ya ho tshehetsa sehlopha seo, empa o ne a re, 'ke tla hloleha ke lekile!' O ne a rekisa diaparo ho ka fumana tjhelete eo a neng a e hloka."
Mme o ne a bone hore le yena o rata mmino mme a re le yena a kene sehlopheng. O ne a re 'o tlwaetse ho re bakela lerata o ntse o bina, kajeno ke rata hore o re bontshe seo mona kalaneng.'
"Ke ne ke thothomela lekgetlo la pele ke ba kalaneng!" ho hlalosa yena Kidjo. "O ne a ntshutumeletse teng, a re: 'Re bontshe. Etsa e ka o lapeng, o a ithabisa. Ha o ithabisa, le batho ba tla thaba.' Ke ne ke qale ha jwalo ho ba kalaneng."
Ho holela Afrika Bophirima ha hae ho mo rutile mathata a mmino matjhabeng.
"Ke ne ke ratane le monna e mong dilemo tse nne kaofela mme ke ne ke mo lahle hobane a ne a bolela hore a ke ke a nnyala ha feela ke ntse ke le sebini. "Ke ne ke mo leleke. Benin ngwanana ya itshwereng hantle, o bontsha ka lenyalo le letle."
Kidjo o ne a tlohe Benin ka 1983. Baetapele ba makomanisi moo ba ne ba laele hore dibini di tlameha ho thoholetsa boradipolotiki ha di bina. "Ke ne ke etse hoo makgetlonyana, ka tlohela," ke yena eo.
"Haeba ke ne nka kgona ho ba moo, ke bue ka dipolotiki, ke ne ke tla ikenya kotsing nna le ba lelapa leso."
Paris
Jwalo ka ha Benin e ne e ntse e le tlasa puso ya Fora, Paris le yona haesale e rata mmino le meetlo ya Seafrika.
"Ke ne ke fiela dihoteleng. Ke ne ke bolawa ke tlala, empa ke le motlotlo ho sotlehela mosebetsi wa ka. Ke ne ke tswelepele le ho sebedisa lentswe."
Kidjo o ne a qale ho bina ditlelapong. O ne a ithute mmino wa tlelasiki sekolong seo ho sona a neng a kopane le mohlankanahae, Jean Hebrail eo e leng mohlahise wa mmino wa hae. Mafelong a dilemo tsa bo 1980, e ne e se e le sebini se tummeng moo Paris.
Dialbamo tse kang Parakou le Logozo ke tsona tse neng di qale ho ahela Angélique lebitso matjhabeng.
Ka 1988, Kidjo le monnahae le moradi wa bona, Naima, ba ne ba fallele New York moo a neng a fihle a hlahisa Oremi, e neng e bontsha kamahano ya R&B ya Amerika le Benin le Afrika.
CD ya Black Ivory Soul e ne e bontshe kamahano pakeng tsa Benin le Bahia mane Brazil, moo makgoba a Afrika a neng a romelwa teng.
Ka Phupu 2002, Kidjo o ne a kgethelwe ho ba moemedi letsholong la UNICEF le neng le ruta bana ka bohloko ba HIV/AIDS.
"Ho nna thuto e bohlokwa hobane tsohle di itshetlehile ho yona jwalo ka dipolotiki le ntshetsopele," ke yena eo.
"Batjha ke lona letshepa la kontinente ena ya rona. Ha ke sheba bana ba Afrika, ke bona ditoro di phethahala. Ka leng leng, bophelo bo botle bo tla ntlafatsa kontinente ya habo rona."
Ka Motsheanong, monongwaha o thakgotse letsholo la Batonga, leo ka lona a thusang banana ba Benin, Cameroon, Ethiopia, Mali le Sierra Leone hore ba kgone ho ntshetsapele thuto ya bona dikolong tse phahameng le diyunivesithing.
Ha ho mmala
Ka Motsheanong, 2007, Kidjo o ntshitse albamo ya hae e ntjha Djin Djin. Albamong eo o ka utlwa dibini tse kang Josh Groban, Carlos Santana, Alicia Keys le tse ding ditlabolane tse neng di e behe maemong a hodimo matjhabeng.
Lebitso la albamo le bolela lerata la ditshepe tse llang Benin jwalo hoseng ho hong le ho hong, empa Kidjo yena o se a le ntlafaditse hantle. "Ke leboha Modimo ka monna enwa wa ka mmoho le dikhomputara tsena tseo re di sebedisang," ho rialo Angélique, ya tlwaetseng ho kopa monnahae, Jean hore a sebetse ka potlako. "Ke eng seo ke se tsebang ka dikhomputara? Dikhomputara ke tsa makgowa." O bolela ha monnahae e le lekgowa. Batho ba dutse ba mpotsa hore ho tlile jwang ke nyalwe ke lekgowa. Ke mo nka e le monna jwalo ka ba bang, ha ke na taba le lebala."
"Le mmino le ona ha o na mmala, kapa yona puo," ke yena eo. "Mmino o a alafa. O kopanya matjhaba. O qeta le dintwa.
"Ha o o mametse mmino, mmala le puo ya motho di a fela. Le dira le tsona di mamela mmino." [s]
BONA SESOTHO - August 2007
SE SEHOLO: Kidjo ha a tshabe ho bua masa-a-kokometse ka dintlha tsa bohlokwa mmino le dipolotiking.
KA HODIMO LE LETSHEHADI:Kidjo o a ikgetha matjhabeng ka mmino wa hae.
LE LETSHEHADI le KA TLASE: Kidjo o mosebetsing wa hae wa UNICEF.
Mmino wa matjhaba
BONA SESOTHO - August 2007
pale ka ISAAC KWELA
ditshwantsho ka GALLO IMAGES/AFP
u
t
BONA SESOTHO - August 2007
Ha ke bona bana ba Afrika, ditoro di a phethahala
"Batjha ke letshepa la ka," ho rialo Kidjo, o tshepa hore thuto e tla rarolla mathata a Afrika.
