sotho.1609.corrup
Bobodu dipolotiking tsa Afrika Borwa
Ba re utswetsa bokamoso
Boradipolotiki ba ipokelletsa ka tjhelete, ba nyenyefatsa mmuso wa demokrasi mme seo se ama maphelo a rona
NAHA e bobodu haholo lefatsheng, ke ya Haiti. Eo ke tlaleho ya Transparency International, e phatlalatswang hang ka selemo ho Corruption Perceptions Index (CPI) e bontshang dinaha tsa lefatshe ho ya ka moo basebetsi ba mmuso le boradipolotiki ba teng ba etsang bobodu ka teng.
Mokgatlo ona o nka bobodu e le "ho iketsetsa phaello ka ho senya ditshebeletso tsa mmuso." Ho ya ka dipatlisiso tse entsweng dinaheng tse 163, Iceland, Finland le New Zealand ebile tsona tseo mmuso wa tsona o se nang bobodu haholo.
Ho a makatsa ho bona UK e behilwe maemong a bo 11 ha USA e le ho 20, ho bontshang hore le dinaha tse pele di ntse di etsa bobodu. Ka Mphalane 2006, Washington Post e ne e phatlalatse hore ho na le sehlopha sa boradipolotiki ba US se etsang bobodu haholo dilemong tsena, moo ho nang le ditho tsa lekgotla la mmuso tse 200 tse fuputswang ka qoso ya ho amohela tjotjo le ka diketso tse ding tsa bonokwane.
Leha ho thwe phoso ha e lokiswe ka e nngwe - hoo ha ho bolele hore ho se ho ke ke ha buuwa letho ka boitshwaro bona bo bobe. Potso e kgolo ke hore ebe jwale Afrika Borwa yona e behwa maemong afe ho Corruption Perceptions Index"
Maemo a rona
Re maemong a bo 51 hara dinaha tse 163, e leng maemo a matle ha re tshwantshwa le baahisana ba rona ba kang Mozambique (99), Namibia (55), Zimbabwe (130), Lesotho (79) le Swatsing (121). Ke Botswana feela e re hlolang, e ho 37.
Maemo a ka nna a mpefala kapa a ba betere. Bobodu ba moraorao tjena le bona bo sa tswa re totobaletsa ka moo boradipolotiki le metswalle ya bona ya borakgwebo ba re utswetsang ka teng...
Pappie Mokoena: Ho na le nyewe lekgotleng la Bloemfontein moo Ramotse wa mehleng wa Manguang a qoswang ka bobodu ba tjhelete e fihlellang ho R150 million.
Thuso Motaung: Sebohodi sa mehleng sa Lesedi FM, le mohatsae mmoho le borakgwebo bao a sebedisanang le bona, ba qoswa ka ho qhekella SABC tjhelete e ka hodimo ho R30 million.
Linda Mti: Pele khampane ya hao e ka fumana mosebetsi mmusong, o lokela ho hlahisa lenaneo la hao la kgwebo le tla bontsha ka moo o tla tsamaisa dintho ka teng, le ditjhelete tseo o tla di sebedisa. Thendara ka nngwe e hlahlojwa ka boyona.
Mti yena, khampane ya hae e ne e kenya le mookamedi wa ditjhankana mme e ne e kenye kopo ya thendara ya dimilione tse ngata tsa diranta - ya nehwa mosebetsi oo. Eitse ha seo se hlahella poyaneng, Mti a nyahlatsa mosebetsi.
Maanda Manyatshe: Ho bolelwa ha ka nako eo e neng e le CEO posong, a ne a lefshwa tjotjo ke boradikonteraka ba neng ba batla ho lokisa makala a posong hohle naheng ena, e leng mosebetsi o neng o bitsa R100-million. Taba eo ya hlahella e se e le mookamedi wa MTN mme a itokolla mosebetsing ka Pudungwane ngwahola.
David Malatsi: O ne a ahlolwe dilemo tse nne ka mora ho hlolwa ke nyewe mme letona lena la mehleng la tsa tikoloho le thero la Kapa Bophirima, le ne le amohele tjotjo e neng e bitswa hore ke "nehelo" ya R100 000 ho tswa mokgeng wa New National Party.
Ho ditjeho ho laola mokga wa dipolotiki haholoholo ha ho atamela dikgetho - ho lefellwa dipapatso. Empa hore motho a le mong a amohele mpho ya tjheletehadi e kaalo ha ho molaong jwalo ka ha ho etsahala le dinaheng tse ngata, hobane ba lefileng ba tla lebella melemo ha mokga oo o hlotse dikgetho.
Tony Yengeni: Ka nako eo rasephadi enwa wa mehleng wa ANC a neng a apara disutu tse bitsang, a kganna le koloi ya maemo, Mercedes Benz ML320 4x4 ha a sasanka Kapa, menyenyetsi e ne e qhome ya hore ke melemo eo a e etseditsweng ke bahwebi ba neng ba kentse dithendara tsa ho rekisetsa naha ena dibetsa tsa ntwa. Qetellong la phunyeha lethopa, Yengeni a ahlolwa dilemo tse nne tjhankaneng - empa a tshwarelwa mohla la 15 Pherekgong, a dutse dikgwedi tse nne feela tjhankaneng.
Divautjhara tsa maeto: Ditho tsa Palamente di tlameha ho eta kgafetsa, mme di lefellwa ka tjhelete ya lekgetho. Ditho tse ding di ne di rekisa ditekete tsa tsona tse ba dumellang ho tsamaya mahala hore ba fumane tjhelete, bao ba sale ba batla mmuso o ba buseletse tjhelete eo. Mmuso ka dilemo tse nne o lefile tjhelete e fihlellang ho R24 million, o qhekellwa, mme ditho tse 14 tsa bathehi ba melao, di ile tsa ikopela tshwarelo ka diketso tseo.
Jacob Zuma/Schabir Shaik: Rakgwebo wa Thekong, eo hape e leng moeletsi wa ditjhelete wa Zuma, Shaik, o fumanwe a le molato diqosong tse pedi tsa bobodu le e le nngwe ya bonyofonyofo mme a ahlolwa dilemo tse 15 tjhankaneng. Zuma le yena ka sebele a qoswa ka diqoso tse pedi tsa bobodu empa nyewe ya hae ya qhalwa.
Geophrey Ledwaba/Ayanda Dlodlo: Mookamedi wa mehleng wa Scorpions o tobane le diqoso tsa boshodu, bobodu le bomenemene ba tjhelete e ka hodimo ho R1,5-million.
Sebeletsa setjhaba
Mathwasong a Hlakubele selemong sena, batho ba 18 ba kenyeletsang le ditho tse tharo tsa lefapha la tsa kahisano la KwaZulu-Natal di ne di tshwarwe, tsa qoswa ka bonokwane bo hlophisitsweng ba ho qhekella lefapha tjhelete e fihlellang ho R20 million.
Ba ne ba utswa tjhelete ya pei ya batho ba holofetseng ho ya ka moo Superintendent Vincent Mdunge a bolelang ka teng.
Ho tswa mehlaleng e ka hodimo, ho a totobala hore bobodu ba boradipolotiki ha se ba ho utswa tjhelete feela. Ho bua nnete, ditjeho tseo re di behang mahetleng a mmuso, di hodimo ho feta ka moo o ka nahanang ka teng, mme bohle re ba mahlatsipa.
Boradipolotiki le basebeletsi ba mmuso, ba lokela ho sebeletsa naha ya habo bona. Ba lefshwa meputso e meholo, ha re etsa mohlala; Ditho tsa Palamente di pakeng tsa R410 000 le R450 000 ka selemo.
Athe ba bang ba bona ha ba sebetse le ho sebetsa, ba ikamohella tjhelete eo feela. Mohlomong ke ka hona ba bileng ba nang le nako e ngata hakana ya ho ya hlophisa diketso tsa bobodu ho ena le ho tlisetsa setjhaba ditshebeletso tseo se di hlokang.
Boradipolotiki ba boetse hape ba theha melao e amang ditjhelete tsa rona le maphelo a rona. Radipolotiki o lokela ho ba mohlala setjhabeng. Jwale ke sefe seo radipolotiki ya se nang boitshwaro a lokelang ho re bolella sona"
Bonneteng ho lokela ho thehwa molao wa hore radipolotiki ya bobodu o kotsi le ho feta mmolayi setjhabeng, ka ha ha a tshepahale, a ka nna a bolaya setjhaba kaofela, a fetola naha ya habo rona dihele tse tshabehang. [s]
BONA SESOTHO - June 2007
pale ka ISAAC KWELA
ditshwantsho ka CLIVE THOMPSON
KA HODIMO: Ditho tse ngata tsa palamente di ipokelletsa tjhelete ka mekgwa esele bakeng sa ho sebeletsa ho thusa setjhaba.
u
Mefuta ya bobodu
u Tjotjo: Motho o lefshwa lehlakoreng hore a o etsetse mosebetsi oo a o hiretsweng ke mmuso.
u Ho nyoba: Ha ho kotsi jwalo ka tjotjo. Motho o rekelwa koloi ya maemo ha re etsa mohlala ha yena a tla nehelana ka mosebetsi wa konteraka e itseng. (Mane USA, mpho ya mofuta ofe kapa ofe e bitsang ka hodimo ho $200 e nehwang presidente e nkwa e le mpho ya kantoro eo ya presidente e seng ya hae ka sebele. Ha a theoha setulong, a ka e reka ha a batla ho tsamaya le yona.)
u Ho seolla: Ho kgetha batshehetsi ba mokga wa hao feela bakeng sa dikgeo tsa mosebetsi wa mmuso.
u Kgethollo: Mona ho hirwa batho ba leloko le metswalle feela hobane ba bile le seabo katlehong ya motho eo ya ba hirang.
u Bomenemene: Boshodu le ho sebedisa thepa ya mmuso le tjhelete ya ona ka tsela e sele.
u Manyofonyofo: Moputso o basebeletsi ba mmuso ba o fuwang bakeng sa ho iphapanya ha ba bona diketso tsa boshodu le bobodu.
BONA SESOTHO - June 2007
t
Moputso wa ditho tsa Palamente o pakeng tsa R410 000 le R450 000 ka selemo
KA HODIMO: Ka hara meaho ena e metle ya tsa toka, ebe ke mang moahlodi ya tla diha kahlolo kapa yena radipolotiki ya tla nehwa tjotjo ya mofuta o itseng"
BONA SESOTHO - June 2007
Mehleng ya pele...
Mmusong wa mehleng, bobodu bona bo ne bo entswe pinyane. Mokga wa Nats o busitse dilemo tse ka hodimo ho tse 40 o ntse o iketsetsa bobodu ka bolokolohi nako le nako - jwalo ka tsa "Muldergate," tsa Ngaka Connie Mulder (letona la dintlha le diketsahalo) le Ngaka Eschel Rhoodie.
Ka 1973 Tonakgolo John Vorster o ne a tjhaele monwana leano la Mulder la ho nka R64 million seabong sa sesole a e sebedisetse ho nyoba boraditaba ba matjhaba le ho reka koranta ya Washington Star.
Ha ho motho ya neng a tsebe hore tjhelete eo kaofela e ne e sebedisetswe ho phetha mesebetsi eo feela kapa tjhe. Vorster ho ile ha hlahella hore le yena o bile le seabo tshebedisong ya tjhelete e neng e reke koranta ya The Citizen. Ka 1979 komishene ya dipatlisiso ya hlahisa hore Vorster o ne a tseba sohle ka bobodu boo, a bo mamelletse. O ne a itokolle mosebetsing ke tlotlollo.
