SOTHO.1599.muthi
BONA SESOTHO - January 2007 39
ka FORCE KHASHANE
HO TSHOHA ke e nngwe ya ditlamorao tse bakwang ke dintho tse kang lefu kapa yona kotsi kapa hona ho tshwarwa poho. Re tshoha ha re utlwa ditaba tse bohloko jwalo ka lefu kapa ho tswa kotsi ha batho bao re ba ratang.
Erekaha letswalo le hlasela kelello le qete mmele matla - hape haeba o tshoha o lemetse, o ka nna wa ba kotsing e kgolo.
Ho na le batho ba phelang le bothata bona bophelong ba bona.
Seo re buang ka sona mona ke letswalo, e leng ntho e bapiswang le bomadimabe kapa lefu.
Mobadi e mong eo e leng mme wa bana ba babedi o re bolella ka masisapelo ao a phelang le ona bosiu le motsheare.
"Ke dutse ke tshohile. Matsoho le mangole a ka a dutse a thothomela, ke be ke utlwe mofufutso o keleketla sefahlehong le ka mokokotlong."
O bile o tshaba le ho isa moradinyana wa hae sekolong. "Ke e ke bone eka o kotsing e makatsang ha a le ka koloing, ke e ke otlwe ke letswalo ha ke bona koloi e tsamaya le yena le haeba e tsamaya hanyane hakakang. Ho ba hobe haholo ha ke tlameha ho mo tshedisa mmila o phetheselang."
"Ha ke sa kgona le ho kganna koloi," ke yena hape. Motho ya nang le letswalo o tshoha haholo ha ho na le ntho e etsang lerata ka tshohanyetso jwalo ka phala ya koloi kapa ho feta sethuthuthu."
Ha a mong bothateng bona.
Ho etsa dintho di sele
Ke hopola ke sa le ngwana sekolo ho le teng ntate e mong ya neng a tlwaetse ho etela lapeng - o ne a dutse a etsa dintho tse makatsang.
Ntate enwa o ne a dutse a tshwere kwae le semamina letsohong. Ha ho le teng motho ya etsang lerata le mo tshosang o ne a otla motho eo ka ntho eo e letsohong, a boele a tswelepele le seo a neng a ntse a se etsa e ka ha ho se etsahetseng.
Ke ne ke qete nako e telele pele nka utlwisisa se neng se etsahala bophelong ba hae.
E ne e le letswalo le neng le etsa hore a otle mang kapa mang ya neng a mo tshosa ka seo a neng a se fupere ka nako eo. O ne a netefatsa hore se letsohong la hae e ne e ba ntho e seng kotsi!
Ke ne ke be le bothata bo jwalo pele ke kena lefehlong.
Ke ne ke nyaroha ha ho le teng ntho e wang. Maemo ana a ne a fele ha ke kena lefehlong.
Ha ba boi
Hangata batho ba nang le bothata bona ke batho ba atisang ho ba le moya, empa ha ke bolele moya wa bothuela.
Hangata basadi ba nang le bothata bona ha ba tshabe ho bua ka bona, ha banna bona ba tshaba - bona ba e ba bone e le boi boo, mme hape banna ba bang ba ba nka jwalo ka ditlaela.
Ho ba le letswalo ha ho bolele hore motho o boi, o mpa a le letswalo feela.
Hape o se leke ho nna o tshosa batho ba jwalo. Hape o se etse metlae ka bona.
Ho etsa metlae ka bona kapa hona ho nna o tsamaya o ba tshosa ho ka ba kotsi hobane ba ka qetella ba tshwerwe ke lefu la pelo.
Bohloko bona bo a alafela ka tsela ya setho
Letswalo le a alafeha ka tsela ya setho. Ho na le moriana o bitswang umfazi othethayo.
Ke nahana hore motho ya neng a reha moriana ona lebitso, leo ka Sesotho le bolelang "mosadi ya omanang" o ne a leka ho bolela hore motho ya letswalo o tlameha ho omanngwa hore a tle a alafehe.
Moriana ona, umfazi othethayo, o sebediswa ka mokgwa ona: o koma kotara ya kgabana, o o theolele ka metsi hararo ka letsatsi beke
kaofela! [s]
40 BONA SESOTHO - January 2007
Re bua ka ditlhare
Alafa letswalo
Ha o na le potso ka ditlhare, ngolla Force atereseng ena:
Re bua ka ditlhare, Box 473014, Parklands, 2121 kapa o mo romelle email atereseng e reng:
forcek@caxton.co.za
