SESOTHO.1596.uniforms
Theola theko ya seaparo sa
SEKOLO
Tjhelete ya sekolo, dibuka le diaparo tsa sekolo, di etsa hore Pherekgong e be kgwedi e boima ho di feta selemong. Leha ho le jwalo, ba ba kae batswadi ba tsebang hore ba na le karolo eo ba ka e bapalang seaparong sa sekolo? Ho tseba ka sena ho ka o bolokela tjhelete
HA ditjeho tsa bophelo di nyoloha, re lebala ntho ya bohlokwa: ke bolela seaparo sa sekolo! Re dutse re bona dithelevesheneng tsa rona difilimi tsa Amerika tsa dikolo tse se nang seaparo sa sekolo.
Ho senyehile kae? Ke ha kae o ntse o utlwa taba ya moithuti ya ratang ho itereka jwalo ka ba bang?
Ka ho itereka hona, re bolela hore ba apare motho e ka o ya moketjaneng.
Nahana ka kgatello e bang batswading ba kojwana di mahetleng!
Ha se tjhelete ya sekolo feela eo ba tlamehang ho e lefa, empa ba tlameha ho ba rekela le diaparo tse bitsang.
Ka mantswe a mang, a mang a maikemisetso ka seaparo sa sekolo ke hore bana ba apare ka ho tshwana, ho tle ho be boima ho arola ba barui le ba bafutsana.
Lefapha la Thuto le lona le tshehetsa taba ya seaparo sa sekolo hobane dipatlisiso di bontshitse hore sena se nyolla maemo a boitshwaro ba bana esitana le ho bontsha hore ngwana ke wa sekolo se fe.
Teng ke ntho e molemo ho tseba, empa seo se ba thusa ka eng batswadi jwalo ka ha ditjeho di ntse di nyoloha?
Ha jwale ditjeho tse tlwaelehileng tsa ngwana wa Grade 1 wa moshanyana (para ya marikgwe le hempe e le nngwe) di ballwa ho R65 ha ngwanana yena ho R55 (sekete le hempe).
Empa ho molemo hore ngwana o mo rekele para ya diaparo tsa sekolo, o ntshe mohlomong R130.
Ba seng ba le dikolong tse phahameng bona, ba ka hloka le baki e bitsang ho tloha ho R250 ho ya ho R500.
Dikolo tse ngata di na le tse ding diaparo tse nang le letshwao la sekolo tse kang jeresi le kgama. Diaparo tseo di ka bitsa tjhelete e ka bang R100 le ho feta.
Ho na le tse ding tse kang dieta le dikausi, tse ka o bitsang R80.
Kopanya ditjeho tsena le tseo re qadileng ka tsona (R130) mme o tla fumana R310.
Re a tseba ka moo bana ba sa rateng ho ba mokgelo ka teng ho ba bang, empa bongata ba rona ha re elellwe hore batswadi ba na le tokelo tabeng ya seaparo sa sekolo.
Nnete ke hore, jwalo ka ha Letona la Thuto la Gauteng, Mzi Khala a boletse, ha ho molao o behilweng mabapi le diaparo tsa sekolo, se teng feela, ke dikeletso tse behwang ke Letona la naha Naledi Pandor.
Ho ya ka dikeletso tsena, baithuti ba ka sebedisa tse ding tsa diaparo tsena: dieta, meqathatso, diteki, marikgwe, marikgwe a di-tracksuit, dikete, mese esitana le tunic.
Seaparo sa sekolo le sekolo se kgethwa ke lekgotla la sekolo mme se sebediswe ho ya ka melao ya sekolo.
Sena se bolela hore ngwana ya hanang ho apara seaparo sa sekolo a ka nehwa kotlo e itseng.
Leha ho le jwalo, lekgotla lena la sekolo le tlameha ho netefatsa hore seaparo seo ba se kgethang, ke seo bana bohle ba tla kgona ho se reka - e seng hore ngwana a qetelle a sa ya sekolong hobane a hlolwa ke ho reka seaparo sena sa sekolo.
Khala o boletse hape hore lekgotla lena la sekolo le tlameha ho beha melao ya ho atjarwa ha seaparo sena ka hloko.
Re ka etsa mohlala ka hore banana ba Ma-Muslim ba dumellwa ho apara marikgwe ka tlasa mese ho ya ka tumelo ya habo bona.
Lekgotla lena le tlameha ho ikopanya le batswadi pele le ka nka qeto ka seaparo seo.
Haeba ba kgethile seaparo seo o bonang se bitsa haholo, kopana le batswadi ba bang ba maemong a hao, le kope lekgotla la sekolo hore le ke le shebe se seng se bitsang betere.
Seaparo sa sekolo se re hopotsa feela hore re ya sekolong, re ilo ithuta, e seng ho itereka ka sona.
Ka mantswe a mang seaparo sena ha se bohlokwa ho feta thuto, ka lebaka leo, ha ho ngwana ya tlamehang ho lelekwa sekolong hobane feela a hloka seaparo sa sekolo!
Pale: Thandi Zulu
KELETSO HO BAREKI
Kopa-nang le ba kobe ho kgetha se bitsang betere
FUMANA THUSO
Makgotla a taolo ya dikolo a na le boikarabelo ba ho thusa batswadi ba baithuti bana ba sa kgoneng ho reka seaparo sa sekolo, ho bolela Hendrik Mthombeni, Free State Chief Director: District Management, Institutional Development And Support.
Ke ena e meng ya mekgwa e ka thusang:
Mafapha a mabatowa jwalo ka la Gauteng le la Foreisitata a kopile borakgwebo ho ba tshehetsa ka diaparo tsa sekolo tse kenyeletsang le dieta bakeng sa bana bao e leng dikgutsana le ba kojwana di mahetleng.
Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba, le fa bana ba kenang tlasa leano la Bana Pele seaparo sa sekolo
Bakeng sa dintlha, ba letsetse ho: 011-355-7760/7929.
Mekgatlo e meng ya setjhaba kapa dikgwebo di fana ka diaparo tsa sekolo kapa ba tshehetse ka tjhelete mabapi le tsona diaparo tseo tsa sekolo jwalo ka karolo ya leano la bona. BAKENG SA DITLHAKISETSO:
O ka fumana khophi ya National Guidelines On School Uniforms ho tswa ho Director General, Department Of Education, Private Bag X895, Pretoria, 0001. Mohala: 012-312-5123;
fax: 012-325-4001.
