sotho.1592.iron
Ketso e sehloho
Batjha ba se nang
Dimilione tse ka bang nne tsa bananyana ba Maafrika di hlekefetswa ka sehloho se tshabehang hobane feela ho sa ratwe hore ba be le matswele...
JOSIANE ke ngwanana ya dilemo di 11 ya qalang ho kena borwetsaneng. O tla qala ho kena mathateng jwale. Ho hola ho fetohile thohako ho Josiane. Ho Josiane Matia le bananeng ba bang, ho hola ho tletse masisapelo a tshabehang.
Ha a tsebe le ho ya sekolong. Ba qobellwa ho tsamaya ba itlamme sefuba ka mabanta - ke dikgwedi tse tharo jwale sena se qadile.
"Mme o ne a hlola a sitse majwe a a futhumetse mme a ntjhese ka ona sefubeng," ke yena eo. "Bosiu bo bong le bo bong mme o ne a ntlhahloba diolamolora mme a di tjhese ka thata, ka matsatsi a mang a sebedise le lehlohlojane," ke yena eo.
Ke sehloho sang baneng" Ho thibelwa matswele ho hola hobane ho thwe a tla hohela banna.
Bessem Ebanga wa National Network Of The Associations Of Aunties o re mane Cameroon, dipersente tse 24, di etsa sena.
HO sebediswa majwe, ditshilwana, dikgaba tsa mapolanka, mahlaku, oli le letswai ho ka thibela diolamolora ho hola.
Ho ya ka diphuputso tse entsweng ka Tshitwe 2005, ho bonahetse hore tlatlapo ena e etswa ke dipersente tse 58 tsa bomme, tse supileng ke bonkgono, tse robong ke boausi le borakgadi tse leshome ke ba lebelang bana bao athe tse supileng teng di etswa ke bona bana ka bobona.
"Ntle ho bohloko, hape ke sesosa se seholo sa kankere ya matswele," ho rialo ngaka ya Cameroon.
Sebokeng sa letsatsi la United Nations International Day In Support Of Torture Victims Worldwide se neng se kgobokane Yaounde, motsemoholo wa Cameroon, monongwaha ka Phupjane mme Mathias Nyoh Dinga, wa lefapha la toka naheng eo, o bolela ha ho sidila matswele hona e le e nngwe ya diketso tse sehloho tse bileng di seng molaong.
Ba tshehetsang tlatlapo ena ba bolela hore ke "moetlo" hape ba re maikemisetso a yona ha se ho hlokofatsa hohang. Dinga o re ketso e ka ba ya moetlo kapa tjhe, empa ha e hlokofatsa feela, ha e a nepahala hohang.
Ka mora moo, mahlatsipa a qala ho buleha melomo. Ntho e makatsang le ho feta ka sehloho sena ke hore ha e phethe le morero wa yona!
HO sidila matswele hona ha ho etse hore banna ba se "kgahlwe" ke basadi! Lenane la batjha ba imang le ntse le le hodimo mane Cameroon. "Sena se hlakisa hantle hore ho sidila hona ha ho sebetse, empa e le sehloho feela se etswang baneng," ho rialo Dr Flavien Ndonko wa GTZ, leano la tsa bophelo le bitswang German-Cameroon HIV/AIDS.
Batjha ba etsang dipersente tse 5,5 tsa batho ba phelang le HIV, ke karolo e le nngwe ho tse tharo e leng dipersente tse 20-30 tsa banana ba imang ka phoso ba dilemo di pakeng tsa 13-25 bao ba ka hodimo ho halofo ho bona ba immeng lekgetlo la pele feela ba kena thobalanong ka ho ya ka GTZ.
"Ho boima ho batswadi ba bangata ho bua ka ditaba tse amang thobalano tlasa mabaka a ho hlonepha meetlo mme sena se etsa ba qetelle ba leka ho qeta matshwao a ka hohelang thobalanong ka ho sidila matswele," ho rialo Dr Ndonko.
Ka lebaka leo, bana bana ha ba qetelle e le mahlatsipa a ketso ena feela, empa ba qetella ba sa tsebe hore na ba ka itshireletsa jwang kgahlano le kokwanahloko ena, e leng se ba behang kotsing.Ba kena mathateng le ka ditsela tse ding...
JEANINE EFON, ya dilemo di 23 jwale, o boleletse Inter Press Service ka moo ho sidilwa matswele hona ho neng ho mo etse hore a balehe lapeng mmoho le malomae a le dilemo di 13 feela. Empa monna enwa le mohatsae le bona ba ne ba tswelepele le mosebetsi oo e leng se neng se etse hore ngwana enwa e be moleleri wa sebele.
O ne a hauhelwe ke moahisane e mong ya neng a mo nke a mo pata ha hae, empa a mo beta hona tsatsing leo.
Ariane Elouna o qoqa pale e tshwanang. Ka tsatsi le leng e ne e re Ariane a tswa sekolong, rakgadiae a mo latela ho ya kamoreng mme a mmotsa: "ke eng seo se sefubeng sa hao""
Mma Ariane mmoho le rakgadiae ba mo tsholohela ho mo 'tjhesa.' "Mme o ne a sebedise tshilwana e tjhesang.
"O ne a ntjhesa le ka makgapetla a coconut a phehilweng," ho rialo Elouna. "Ke ne ke bokolla ha bohloko, empa ba se na le mohau wa letho.
"Ka le hlahlamang ke ne ke balehele ha moahisane wa lapeng ka robala teng, mora wa teng o ne a mpete mme ka ima."
Elouna ya dilemo di 15 jwale o na le mora ya dikgwedi di tharo.
Leha mmuso wa Cameroon o le kgahlano le ketso ya mofuta ona, ha ba so ka ba kwala ho etswa ha yona e leng se bolelang hore banana ba kang Josiane Matia le ba bang ba dimilione ba ntse ba hlokofatswa ho ya ho ile.
"Ke ne ke lla haholo ka lebaka la bohloko boo ke neng ke bo utlwa," ho rialo Josiane, "empa mme o ne a re: 'tiisetsa moradiaka, o sa le monyane, ha ho lebaka le ka o etsang hore o be le diolamolora o le dilemong tsena tsa hao.'" [s]
BONA SESOTHO - September 2006
Matswele
Ho sebediswa majwe a tjhesang ho bolaya diolamolora.
pale ka ISAAC KWELA
setshwantsho ka CLIVE THOMPSON
