sotho.1563.hloni
O bapatsa talente
ya ba bang
Ka mora ho tlohela mosebetsi wa hae wa pele, Hloni Modise o ne a hlwe mekwalaba indastering ena ya mmino jwalo ka ha e se e le yena ya phatlalatsang talente ya dibini tsa rona tse pele. Bala o utlwe hore Hloni o di beha jwang...
MOHIRI wa ka wa pele e ne e le dihele tsa sebele. Ka mora dilemo tse tharo kapa tse nne, ke ne ke re ho bona: "Mpheng tjhelete ya ka, ke le siye ka kgotso." Tjhelete eo ke ne ke e sebedise kaofela hona tsatsing leo. Ke ne ke hloile motho ohle wa khampane eo mme ke sa rate le ho ba le tjhelete ya bona mokotleng wa ka.
Jwale o se a sebetsa ha Sony-BMG ya mona Afrika Borwa jwalo ka molaodi wa letshwao la khampane ena e seng e hlahisitse dibini tse pele tse kang Beyonce, R. Kelly, Celine Dion, Brandy, Britney Spears, le tse ding tse pele tsa Afrika Borwa.
Ke ne ke qale moo ke le motho ya thusetsang feela, empa ka phakisa ka fumana sekgeo ha ho ne ho ba le tlhokeho ya motho ya neng a tla hokahanya khampane le diyalemoya tsa setjhaba e le hore di tle di kgone ho bapatsa dibini tsa rona.
Ke ne ke se na koloi, ke ne ke sebedisa tekesi ha ke ya dikopanong. Le Andile Gaelesiwe (sebohodi sa Khumbul'ekhaya) ke ne ke tsamaye ha jwalo le yena ha re ne re ya dipuisanong tsa radio!
Bomphato ba ka ba ne ba
dutse ba re "Hloni ha se yona tsela eo re sebetsang ka yona eo."
Empa ke ne ke tlameha ho tswelapele le mosebetsi.
Ke selemo sa boraro jwale ke le mona. Ke se ke pasitse lengolo la diploma dithutong tsa taolo ya tsa kgwebo mme jwale ke etsa tsa taolo ya diprojeke.
Mosebetsi wa ka o kenyeletsa taba ya ho netefatsa hore dibini di fumana papatso e anetseng ka mosebetsi wa tsona ho TV, radiong, dikoranteng esitana le dimakasineng.
Ke boloka ditokomane tsohle tse amanang le dibini tsa ka, ke boloke le dikoranta le dimakasine tse nang le dipale ka tsona. Ha ke rate hore ha ba ditaba ba se ba sa bue haholo ka bona, ba bolele hore ha ke ba etsetse letho.
Rona ha re na tsona dikgau tsa mmino, motho o kgotsofatswa ke ha motho a rorisa mosebetsi wa hao!
Hara mathata ao nkileng ka kopana le ona mosebetsing ona, ke hopola mohla dintho di tjhentjhang ka motsotso wa ho qetela, dikopano tsa ba ka nako e le nngwe, ke hopola ha ke na le kopano le KB, Malaika a nka ditshwantsho ho TV, Letta Mbuli yena a na le puisano ya makasine!
Ke dutse ke ya kopanong e nngwe le e nngwe ho netefatsa hore tsohle di sa ya ka theko.
Banana ba bangata ba thabela ho kena indastering ena, empa ka mora dikgwedi tse pedi tse tharo, ha o sa ba bona. Haeba o kenela bonaledi mona, o ke se atlehe.
Ke ne ke ithute leholo ho Lindelani Mkhize (monga lenaneo la I Want To Sing Gospel?) hore ha o a tlameha ho tshoswa ke dinaledi.
"Hopola," o ne a rialo, "batho ba nka dinaledi jwalo ka medimo ya bona, athe ha ho jwalo, le bona ke batho, ba na le dikoloto jwalo ka rona."
Nna ke atleha hobane batswadi ba ka ba nkema nokeng ha ho le hobe. E mong motho eo e leng letshepa la ka ke molekane wa ka, Kgothatso Mtau. Ke mohlompholli wa ditaba tsa kgwebo mme ha a kene ho tsa mmino.
E mong motho wa bohlokwa ke moraka, Thabang. Ho ba motswadi le hona ho nkgodisitse bophelong. Ho mpontshitse hore ke na le bokgoni, nka ba seo batho ba ratang ke be sona - mme, moratuwa, mosebeletsi, mosadi le moithuti.
Ho bobebe ho sebetsa le dibini tse seng di hodile kelellong hobane di e utlwisisa hantle kgatello ena. Ke nahana hore ba kgona sena hobane ba se ba sebeditse mosebetsi ona nako e telele mme ba nka mmino jwalo ka kgwebo.
Dibini tsena tse nyane, di atleha selemo feela, motho a nyamele. Ba nka hore setumo se bolela ho hloka boikarabelo le ho se hlomphe.
Ho shebana le taba ya boitshepo ba dibini ha se mathata a makalo mosebetsing ona, mathata ke ha sebini se hlokahala. Motho o tla hlaha a se a batla nalane ya sebini seo, bang ba batla difoto tsa sona, ba a lebala hore ho e be ho tshwana leha o hlokahalletswe ke setho sa lelapa. O ebe o utlwile bohloko.
Ke ne ke sebedisana le Jabu Ndaba wa Malaika pele a hlokahala. Leha a ne a se a kula, empa o ne a iqeka, a tla kopanong. Ke ne ke mo utlwisisa - ha motho o mo utlwisisa, o tswa pele pelong ya hao.
Ka nako e nngwe o tlameha ho tshwana le mme dibining tsa hao - le ho yena ke ne ke etse jwalo, ke ne ke mmatlele sutu bakeng la puisano le ba TV!
Ke ne ke etele Vuyo Mokoena le Jabu Khanyile sepetlele pele ba hlokahala. Ke a bona e ne e le yona tsela ya ho ba fonanisa.
Bohato bo latelang ba ka, ke ho itshebetsa. Kotsi indastering ena ke hore motho o dula dilemo tse ka bang 20 a etsa mosebetsi ona, a qetelle a se a sa tsebe hore hantlentle o batlang bophelong.
Ke motho ya nang le boitshepo mme ke rata ho sebedisa boitshepo boo ho sebetseng le dibini, e le hore ke tle ke se ke ka boela ka sebeletsa motho e mong hape. [s]
Pale: Patricia McCracken
MESEBETSI E METLE
O na le Lesley Mofokeng dikgaung tsa Channel O.
Hloni o hata kwekwe le mofu Jabu Khanyile.
HO MONATE HO SEBETSA LE BONA
Hloni o re bolella ka tse ding tsa dinaledi tseo a di ratang...
CHIPPA, sebini le sebapadi sa dipale:
Ha a tshabe ho bolella motho ha a sa etse mosebetsi ka nepo. Ke rakgwebo ya maikemisetso.
JABU HLONGWANE, sebini sa mmino wa bodumedi:
Ba bang ke e ke tswafe le ho ba letsetsa hobane ba e ba qetelle ba se ba ntshulafalleditse letsatsi la ka, empa Jabu wa Joyous Celebration yena, ha ke mo letsetsa, o tla le metlae ke be ke kgatholohe!
DJ SBU, sebini le rakgwebo:
DJ Sbu ke e mong wa ba lebohang ha ho le teng seo o mo etseditseng sona.
LETTA MBULI, sebini:
Dibini tse ding di dikgathatso, haholoholo ha re tla tabeng ya ho nka ditshwantsho. Di batla mokgabise enwa wa sefahleho le ya itseng wa moriri, empa leha ho le jwalo, o bone hore motho o ntse a sa kgotsofala. Empa e seng Letta. "Mpolelle hore ke etse eng, ke tla e etsa," o tlwaetse ho rialo.
SIBONGILE KHUMALO, sebini sa jazz le opera:
Ha a amohele leha e le papatso e fe feela o mo nehang yona, le meketeng ya ho phatlalatswa ha dialbamo tsa hae, o shebisisa haholo hore ho mengwa bo mang. O tseba maikemisetso a hae kgwebong ena ya mmino, ka hoo, ha a rate ho tlatsa holo ka batho ba se nang molemo. Ke mme ya molao o tiileng!
O thabile le bahlodi ba SAMA Jabu Hlongwane le Sipho Makhabane.
O na le Glen Lewis moketeng wa Dikgau tsa Metro FM...
