SOTHO.1542.muthi
ka FORCE KHASHANE
HO SE tsebe setso sa heno ho ka o kenya tjhankaneng" "Nna ha ke so ka ke ananelwa badimong ba heso," ho rialo monna ya ahlotsweng dilemo tse 15 tjhankaneng.
"Ke dilemo di 33 ha jwale, mme ha ke tswa mona ke tla ithuta meetlo ya heso.
Ha ke tshepe hore ke tla fumana nnete e tletseng ka seo hobane mohlomong ke tla tswa mona ntate a se a iketse boyabatho.
"Ke wena feela ya ka ntsholang qakabetsing ena."
Lengolo lena le ne le mmakatse hore na ebe ke eng se phatsamisang monna enwa... Ekaba ke ho se tsebe setso sa habo kapa ke botlokotsebe ba hae bo mo akgetseng ntlwanatshwana nako e kana"
Empa monna enwa o ile a ngola le hore: "Ke bile ha ke tsebe le seboko sa heso,"
Ke lona lesedinyana leo ke neng ke le hloka bakeng sa tharollo ya bothata bona ba hae.
Ke a ipotsa hore e be ba ba kae batho ba nang le bothata bo kang bona"
Ekaba ho tla etsahala eng ka bao ba sa ikgathatseng ka hore na setso sa bona se reng"
Hona ho thweng ka bana ba holang ba sa bolellwe le meetlo ya habo bona" Ekaba le bona ba tla qetella ba kene ditjhankaneng ka lebaka lena"
Ke ntse ke so kgotsofale le hona jwale hore se mo kentseng tjhankaneng ke lebaka la hobane a sa tsebe seboko sa habo kapa tjhe.
Rona jwalo ka mathuela, re leka ka hohlehohle hore re dule re ikopanya le badimo ba habo rona.
Seboko se ka thusa hore motho a tsebe bo ntataemoholo, a tsebe ba leloko labo ka ho hlahlamana ha lona, sebaka seo e leng setsi sa bona, morabe esitana le marena le marenana a teng.
Ke tsebong e kang ena moo katleho ya malapa a mangata e tlohang teng.
Nka etsa mohlala ka hore, mpho ya ho alafa ho rona mathuela, o a tseba ho e fetisetsa lelokong ka leloko. Ke ntho e tshwanang dimphong tse kang ho aha, leruo jwalo jwalo.
Meetlo e ka etswa molemong wa hore badimo ba tlise mahlohonolo ao lelapa leo le a behetsweng.
Ho ya ka motshwaruwa enwa, ha ho moetlo oo a kileng a o etsetswa: "Sena se bolela hore ha ananelwa, ha ho phoofolo eo a ileng a e hlabelwa ho mo amohela."
Ho ne ho tlamehile hore ka mora ho ananelwa ha hae, e be letlalo la phoofolo eo a neng a ananelwa ka yona, o ne a etsetswe thari ka lona eo mmae a neng a tlameha ho mo pepa ka yona.
Mehleng ya pele, lelapa le lelapa le ne le ananela ngwana e mong le mong ka nku.
Kajeno batho ba bangata ha ba sa tseba ho suwa matlalo - ka hoo, ha ba sa tseba ho etsetsa bana dithari.
Thari e ne e le karolo e kgolo ya dintho tsa lelapa. Haeba ngwetsi e ne e sa fumane bana, lethuela le baholo ba lelapa, ba ne ba laela hore ho hlajwe nku hore a etsetswe thari a tle a tsebe ho kgona ho pepa lesea.
Dibakeng tse ding, letlalo lena le ne le tlotswa ka letsoku ho etsetsa hore le se ke la omella.
Letsoku lena le lephoka le ratwang ke badimo. Hape le sebediswa ke mathuela a sa ntse a le lefehlong - le thusa ho ba kgokahanya le badimo ba habo bona!
Ka hoo, ngwana ya neng a petjwa ka thari e tlotsitswe ka letsoku, o ne a fumana mahlohonolo a tswang badimong.
Ka bomadimabe, banana ba sejwalejwale, bana ba rwalang dieta tse phahameng, ba shebela letsoku fatshe!
Empa he motho a ka ipotsa hore ebe thari ya letlalo la nku e ka thusa motho ya tjhankaneng jwang!
Seo yena a tlameng ho se etsa, ke ho fuputsa hore setso sa habo se tswa kae. Sa bohlokwa le ho feta, ke ho ikopanya le ba lelapa la habo, a fuputse hore na ebe o ne a ananelwe bongwaneng ba hae kapa tjhe.
Ke tshepa hore ka mora sena, a ka kgona ho bona hore na molato o ho kae. [s]
30 BONA SESOTHO - June 2006
Re bua ka ditlhare
Tseba setso sa heno!
Ha o na le potso ka ditlhare, ngolla Force atereseng ena:
Re bua ka ditlhare, Box 473014, Parklands, 2121 kapa o mo romelle email atereseng e reng:
forcek@caxton.co.za
