sotho.1535.parenting
Mo kgethele dintho tsa ho bapala
O ferekane hore o ka rekela ngwana hao eng ya ho bapala? O batla ho kgetha pakeng tsa tsa boithabiso le tsa ho mo ruta? O rata ho tseba hore na tseo o nang le tsona di nepahetse bakeng sa dilemong tseo ngwana a leng ho tsona? Se kgathatse, re ka o thusa...
RE tlameha ho tseba hore ho buuwa ka mang ha ho buuwa ka "ngwana." Mona re bua ka motho ya selemo ho ya ho tse tharo. Nakong ena, ngwana o ba mafolofolo, a hole ka pele. Ha a phomole, o dutse a eya hodimo le tlase, a hloka setsha.
Ena ke nako eo ka yona o batlang ho rekela ngwana dintho tsa ho bapala tse tla mo thusa kgolong ya hae mmeleng le kelellong esitana le hore a utlwisise maemo a bophelo.
O boetse hape o rata ho netefatsa hore ha o senye tjhelete ka dintho tse se nang molemo!
O ka ikgethela...
Kgolo
Bana ba rata ho bapalla kantle ba mathe, ba tlolatlole le hona ho kgasa. Dipapadi tse kang tsena di a mo thusa kgolong ya hae esitana le ho tsamayeng. O ka boela wa ntlafatsa sena ka ho mo rekela dintho tsa ho bapala tse palangwang, tse suthumetsang kapa tse hulwang.
Dilemong tsena ngwana o ebe a so ka a kgona hore matsoho a hae a sebedisane le mahlo a hae, ka hoo mo rekele dintho tse tla mo thusa ho ntlafatsa sena.
Ba rata haholo tse mebala e hlakileng (ditene tsa ho aha kapa direng) leha e le tsa dibopeho di fe feela.
Direng di ba le masoba ao ngwana a tlamehang ho akgela dintho tse tshwantshetsanang le tsona ho ona.
Tsena tse hulwang kapa tse suthumetswang ke tseo bana ba di ratang haholo ha ba se ba tseba ho tsamaya. Bashemane, ha re etsa mohlala, ba rata ho laitsa dintho di loring kapa dikoloing tsa bona.
Ha ngwana a se a tsamaya, o a kgona ho ipalamela dintho tsa hae tsa ho bapala. Netefatsa hore o palama le hona ho theoha ka bonolo, o kgona ho dula hantle le hore hape e tsamaya ka bolokolohi.
Bana ba ka sebedisa hape le dibuka tsa dintho tse kang merabaraba le tse ding tse jwalo ho bapala, empa bana hangata ha ba thabele ho dula ba konametse ntho e le nngwe nako e telele.
Haeba ngwanahao ho bonahala a na le bokgoni ba ho taka, ho molemo o mo rekele dintho tsa ho etsa jwalo ho ntlafatsa bokgoni ba hae.
Ho mo hodisa kelellong
Ho mmapadisa ka dintho tseo a ka kgonang ho bua le hona ho di bapadisa, a di sike, tse kang di-teddy bear ho tla hodisa kelello ya hae.
Ho mo hodisa bophelong
Bana ba bang ba thabela ho ipapalla ba le bang ho ena le ho bapala le ba bang. Leha ba ka bapala mmoho, e mong le e mong o tla bapala ka dintho tsa hae a le mong, e seng ba bapadisane.
Dintho tse ngata tsa ho bapala tseo bana bana ba nang le tsona, ke tse ba dumellang ho bapala ka mokgwa ona. Bashemane ba atisa ho bapala ka dikoloi banana bona ba bapale ka dipopi. Ho ba boima ha ba sa qala bana hore ba adimane ka dintho tsa ho bapala hobane motho wa teng o e a nahane hore o ebe a se a fana ka tsona, empa ha nako e ntse e tsamaya, ba a tlwaela.
Ntlafatso ya puo
Tsela e bobebe ya ho ntlafatsa tsebo ya puo ngwaneng, ke ho mmalla dibuka, empa he ha o a tlameha ho fella moo.
Ho qoqa le yena ka dintho tsena tsa hae tsa ho bapala, ho tla ntlafatsa tsebo ya hae ya puo. Re ka etsa mohlala ka hore o qoqe le mora hao ka koloi ya hae, mabidi esitana le mosebetsi wa dikarolo tse ding tsa yona.
Ka mokgwa ona, tsebo ya puo ya ngwana e tla ntlafala.
Ha re phethela...
Ha re tla tabeng ya ho thusa ngwana hore a ithute ka tsa bophelo, di ngata dintho tsa ho bapala tseo a ka ithutang ka tsona nakong eo a bapalang ka yona.
Ntle le tseo re seng re di boletse, ho na le tse ding tse kang marangrang, ditene tsa ho aha le metjhini ya ho aha.
BONA SESOTHO October 2008
BOTSWADI
Dimpho tsa ha Reggie's
BONA e fana ka mangolo a ho reka a robedi a ha Reggie's ao ka leng le bitsang R500.
Haeba o sa tsebe seo o ka se rekang ka lengolo leo, Reggie's e na le dintho tse ngata tsa bana tsa ho bapala tse bitsang hantle.
O ka fumana lengolo lena la ho reka leha e le lebenkeleng lefe feela la ha Reggie's ho a 36 naheng ka bophara ka tjhelete o e hlokang mme o fe motho o mo ratang mpho.
Ho ka kenela, romela lebitso, aterese, lebitso le mohala o fumanehang ho ona motsheare ho: BONA/Reggie's Giveaway, Box 32067, Mobeni, 4060, kapa o romele REGGIES ka SMS ho 35919.
(SMS ka nngwe e bitsa R3.)
Letsatsi la ho kwala:
Mphalane 31, 2008.
BONA SESOTHO October 2008
Ekaba ngwanahao
feletseng?
BOROKO ke ntho ya bohlokwa bophelong ba rona bohle. Ha re robetse, mmele ya rona e fumana ho phomola le hona ho matlafala. Empa he potso ke hore o tlameha ho robala nako e kae, haholoholo bana?
O se lebale hore ngwana ka mong o hloka nako ya hae e sa tshwaneng le ya e mong bakeng sa ho robala. Ke ena tataiso eo re o nehang yona...
Lesea le sa tswa hlaha: Hangata a robala dihora tse 16 ho ya ho tse 19, a tsohe dihora tse pedi ho ya ho tse tharo bakeng sa ho ja. Jwalo ka ha masea a atisa ho tsoswa ke tlala, lesea le ke ke la robala dihora tse fetang tse nne kapa tse hlano le sa phaphame.
Dikgwedi tse tharo: Ana ona a robala dihora tse 13 ho ya ho tse 15 ka letsatsi tseo ho tsona tse hlano a di robalang motsheare, mme tsena tse ding e ba bosiu. Nakong ena boroko bo etsa lesea le hole ka potlako ho feta nako e fe kapa e fe feela ya bophelo ba lona.
Dikgwedi tse tsheletseng ho ya selemong: Mona ngwana o robala dihora tse 12 ho ya ho tse 14 ka letsatsi. Ngwana o tlameha ho robala haholo bosiu mme jwale o tla qala ho hlokomela ho lla ka mekgwa e sa tshwaneng ba keng sa dintho tse fapaneng jwalo ka ha a lapile, a kula kapa a kgathetse.
Selemo ho ya ho tse tharo: Bana ba ba mafolofolo haholo nakong ena, ba ntse ba tla hloka nako e anetseng ya ho robala, hangata dihora tse 11 ho ya ho tse 13 ka letsatsi. Ke ntho e ntle hore o be le tsela ya ho robatsa ngwana.
Dilemo tse tharo ho ya ho tse hlano: Ngwana ya keretjhe yena o hloka ho robala dihora tse robong ho ya ho tse 11 bosiu. Ho tlameha a se a tlwaetse dinako tsa ho robala jwale mme o tlameha a robale ka bonolo jwale... le wena jwale o tlameha ho ba le nako ya ho phomola!
o robala ka ho
NA O NE O TSEBA?
Lesea le sa tswa hlaha ha le tswe meokgo ya nnete dibekeng tse tharo le hlahile mme ka nako e nngwe ho fihlela dikgweding tse nne ho ya ho tse hlano! Meokgo ena ya lona e ebe e na le di-hormone tsa mokgathala, mme he ha lesea le lla, le theola mokgathala ona.
