sotho.1519.purity
Sis Purity, setho sa moifo wa ditsebi phepong ya masea, se araba dipotso tsa hao mabapi le phepo ya masea
Potso ya 1:
Moradinyana wa ka, Cynthia, ke lesea le dutseng le thabile. O dikgwedi di supileng mme o rata dijo. O ja ka nepo, empa ntho e nngwe feela e mpe ka yena, ke hore ha o mo fepa, o rata ho phamola kgaba, dijo di hasane hohle! O rata haholo di-dessert le di-custard tsa ha Purity. Ho rata ha hae dintho tse tswekere, ho nngongorehisa haholo hore ho tla mo nontsha. Nka etsa jwang-
- P Ntai, Soweto
Karabo:
Leha di-dessert le di-custard tsa ha Purity di na le phepo, empa ho bohlokwa ho fepa Cynthia dijo tse fapafapaneng tse nang le nama ho ya ka dilemo tseo a leng ho tsona molemong wa iron bakeng sa kgolo ya boko. Dijo tsa ha Purity tse nang le nama tse dibotlolong, tse kang Purity Vegetables And Beef With Apples And Pears, Vegetables With Lamb And Apples And Peaches di na le metswako ya ditholwana le ditatso tse tla neha lesea la hao dijo tse mefutafuta.
Ha a se a tlwaetse tsena, o ka mo fetisetsa ho macaroni, nama ya kgomo le tse ding. O se kgathatsehe ka hore e be Cynthia wa hao o tla thabela mofuta ofe hobane ba ha Purity ba na le mefuta e fetang 80 ya dijo le di-dessert eo o ka kgethang ho yona. Haeba o hlile o rata hore a se ke a nona haholo, qoba ho ma fa dino tse tswekere haholo, ditjhips esitana le dibiskiti tse tswekere.
Cynthia ke lesea le letle, ka hoo, ke tshepa hore ha a na o phoqa, o tla ba motlotlo ka yena. Haeba a o amoha kgaba ha o mo fepa, mo nehe ya hae ya ho bapala nakong eo o mo fepang!
Potso ya bo 2:
Hobaneng dijo tsa ha Purity tse dibotlolong di sa kengwe sehatsetsing mona mabenkeleng- Ke na le bonnete ba hore di ne di sa tlo dula di le foreshe ka mokgwa ona haeba di ne di se na metswako e thibelang ho bola leha di na le letsatsi la ho fellwa ke nako!
Mooki wa tliliniking o dutse a bolela ha a ngongorehiswa ke masea a tliswang moo ka lebaka la letshollo mme sena ha ke rate ha se ka etsahala ho Bongani wa ka ya dikgwedi di robedi. A ko ntlhalosetse hobaneng ha dijo tsa ha Purity di dula di le foreshe nako e telele hakana-
- Z Mkhize, Vryheid
Karabo:
Potso ena ya hao e nketsa ke be ke bue le ka taba ya polokeho.
Dijo tsa ha Purity, ha di na metswako e thibelang ho bola hobane di phehwa di se ntse di kwahetswe ka dibotlolong, e leng se etsang hore dikokwanahloko di se kene. Netefatsa hore sekwahelo sa Purity sekwalehile ka nepo pele o e reka. Ha o e bula, e tlameha ho etsa lerata le itseng ho bontsha hore ha e so ka e bulwa. Ke motlotlo haeba o dutse o hlokomela le letsatsi la ho fellwa ha boforeshe ba dijo tsa ha Purity. Ha o fepa Bongani, ekga dijo tseo o tsebang hore o tla di qeta, o di tshele sejaneng se hlwekileng. Ha o ka mo fepela ka botlolong, o ke se kgone ho boloka tse setseng hobane diqenqe tsa hae di tla di hlapolla.
Ha dijo tsa ha Purity di se di butswe, tsa sebediswa, o ka di boloka matsatsi a mabedi ho ya ho a mararo ka sehatsetsing.
Sis Purity o re...
leqephe la papatso
BOMME BA TLAMEHA HO IKOPANYA LE BA BOPHELO BO BOTLE PELE BA QADISA MASEA A BONA ho ja DIJO TSE THATA. DINGAKA TSA BANA TSA AFRIKA BORWA DI ELETSA HORE MASEA A QADISWE HO JA DIJO TSE THATA KA TSA HA PURITY.
Nako e dibotlong tsa ha Purity e ntjhintjhile! Lebaka la sena ke ho tsamaisana le Mokgatlo wa Matjhaba wa Bophelo bo Botle (WHO) mmoho le Lefapha la Bophelo bo Botle la Afrika Borwa mme ka hoo, ba ha Purity BA RERILE HO TJHENTJHA NAKO YA HO QALA DIJO TSE THATA HO YA DIKGWEDING TSE TSHELETSENG MEFUTENG YOHLE YA DIJO. Leha tseo di fetohile, empa dihlahiswa tsa ha Purity e ntse e le ona motla-o-tutswe oo e sa leng o tshetjwa ke bomme melokong ka meloko phepong ya masea. JWALO KA HA DI SE NA DIFETOLA MMALA LE METSWAKO E THIBELANG HO BOLA, dijo tsena di fumaneha ka mefuta le ditatso tse fapafapaneng tse nang le phepo e tla thusa lesea la hao ho hola hantle mmeleng le kelellong! [s]
