sotho.1492.muthi
re bua ka ditlhare
Alafa mathata a ho tsohelwa
BONA SESOTHO - January 2008
HA se nnete e tletseng hore ho se phethe mosebetsi wa kamoreng ka nepo ke ntho e ngongorehisang banna feela. "Ke ba dihlong," ho rialo mmadi e mong ya nang le mathata a ho phakisa ho rota thobalanong. "Na e be badimo ba na le kabelo mathateng a mofuta ona"
"Nna le mohatsaka re ratana e le ka nnete," ke yena hape, "empa ke na le letswalo hore bofokodi bona ba kamoreng bo tla senya dikamano tsena tsa rona."
Ho hlakile hore badimo ha ba na kabelo ya letho mathateng ana. Empa leha ho le jwalo, o rata ho bua ka mathata ana, ha a tshwane le banna bana ba kgethang ho shwella ka hare.
Mmadi e mong ya dilemo di 50 o boletse hore haesale a na le mathata a ho tsohelwa ho tloha dilemong tse 25 tse fetileng!
Ha ho kgathallehe hore o dilemo di kae... "Ke nka nako ho tsohelwa," ho bolela mmadi e mong ya dilemo di 21 wa Thekong.
"Mathata a na a qadile dikgweding tse leshome tse fetileng," ho bolela motjha e mong. "Ha ho sa qala, kgarebe ya ka e ne e nkutlwela bohloko, e bile e ntshehetsa. Empa eitse ha mathata a ntse a ja setsi, a mpolella hore jwale e ka mathata ao a tla re arohanya jwalo ka ha a ne a bona eka ha ke sa mo rata.
"O ne a se a bile a belaela hore ke na le kgarebe e nngwe!"
Mmadi e mong o re "basadi ba a rata ho qoqa ka thobalano ha ba kopane, mme jwale ha ke rate ho ba tshehisa ho bona."
Mathateng a ho tsohelwa, ha o hloke moriana feela o ka tiisang botona ba hao, empa o tlameha ho ba hlokolosi pele o o sebedisa...
O tlameha ho itlhahloba ngakeng ya hao. Ho ka etsahala e be o na le lefu la tswekere le ka bakelang mathata a ho tsohelwa.
Mahloko a tshwaetsanang ka thobalano le ona a baka mathata.
Ho etsa thobalano le mosadi ya nakong ntle le ho sebedisa kgohlopo ho baka mathata ana.
Ho nwa ho feta tekano ho baka mathata.
Ho tetebela maikutlo.
Kalafo
Ho thweng ka kalafo"
O ka sebedisa moriana o bitswang chukwane. O tla o thusa hore o tsohelwe. O ka o fumana dingakeng kapa mathueleng a Limpopo.
Seo ke sa bohlokwa! Netefatsa hore o fumana chukwane ngakeng e tummeng!
Hape o ka sebedisa le pitsa. O e nwe habedi ka letsatsi beke kaofela mme e tla o hlwekisa ka hare.
Di mefuta e mengata dipitsa tsena, empa o ka sebedisa ena e tswakilweng ka metsi a batang, mathunga le ingwavuma.
Empa o tlameha ho ya lethueleng le tla o laolela hore na e be meriana eo e tla o thusa kapa tjhe.
Matokomane, tlhapi, kase le lebese di ka o thusa ho tsohelweng.
Empa o hlokomele meriana ena ya ho tshela hobane e ka o lematsa diphio.
Ntle le moo, ho tshela ha se tharollo ya mathata a thobalano. Ho tshela habedi feela ka selemo ho lekane ha o thuswa ke ngaka e nang le bokgoni.
E tlameha ho lahla masapo ho bona hore o tlameha ho nwa o mo kae.
Haeba o sa ikutlwe hantle ka maleng ka mora ho tshela, enwa mekedikedi e kang, tee e ntsho, lesheleshele kapa ona mahleu ho thibela ho fellwa ke metsi mmeleng.
Hlokomela sena: o se leke o nke pitsa ya ho tshela kapa e nowang lekgoweng.
Ya ho qetela...
Ho ikwetlisa kgafetsa le hona ho ka o thusa ho matlafatsa ho tsohelwa ha hao mme hape o sebedise meriana e kang ibhangalala o ka e tshelang le shelesheleng. [s]
ka FORCE KHASHANE
Ngolla ho Force bakeng sa dipotso tsa hao ka meriana, aterese ke: Re bua ka ditlhare, Box 473014, Parklands, 2121 kapa o mo romelle e-mail ho: muthi@caxton.co.za
