sotho.1490.winnie
MASHABA
Re lapeng le
WINNIE
O ikgopotsa tse ding tsa dipina tsa hae.
BOPHELO BO MONATE
Sebini sena sa mmino wa bodumedi se ne se re amohele ka mofuthu lapeng la sona... Pale ka Pule wa Sekano, ditshwantsho ka Judas Hlongwane
SEBINI se ntseng se hola sa mmino wa bodumedi, Winnie Mashaba o a ithatela ho ba ka kitjheneng. Dijo tseo a di ratang haholo ke mohodu le maotwana a dikgoho. Tseo tsohle o na le bokgoni ba ho di pheha hantle.
Mosadi enwa ya buelang fatshe wa mane Soshanguve, Tshwane, o ne a amohele ba ha BONA ka tse mofuthu lapeng la hae.
Re ne re mo fumane a ikaparetse tsa setso, a bile a rwetse le tuku, o ne o ke ke o kgolwe hore sena ke sebini se amang meya ya batho ka mmino wa sona ha se hlwella kalaneng.
Ha o mo sheba o bonahala jwalo ka motho ya ratang... dipapadi tsa khomputara! O ile a dumela.
"Ke a di rata dipapadi tsa khomputara, ke rata haholo Solitaire," ke yena eo.
Winnie o se a kgethilwe makgetlo a mangata bakeng sa SAMA le KORA. Albamo ya hae ya pele ke Exodus, eo a neng a e hlahise ka 2000 mme ya morao tjena ke Ke Rata Wena.
Albamo ya hae ya 2006, Thola Ngwaneso, e ne e fihlelle maemo a platinum habedi mme ya re ka 2007, Ke A Le Tshaba Lefatshe yona ya finyella maemo a platinum.
O bolela hore toro ya hae e kgolo ke ho bina le mekauere e kang Steve Kekana le Babsy Mlangeni.
O re o ne a angwe haholo ke lefu la Vuyo Mokoena hobane o bolela hore ha ho mang ya tla kgona ho kwala sekgeo seo a se butseng.
Mokoena o ne a hlokahalle lapeng la hae mane Nigel ka Motsheanong ka mora ho ba le mathata bokong. O ne a atisa ho bina le Rebecca Malope mme le dialbamong tsa hae tse ngata lentswe la hae le a utlwahala.
"Lefu la hae le ne le thefule indasteri ya mmino haholo," ho rialo Winnie.
"E ne e le lesedi le bonesetsang setjhaba. Tahlehelo ya hae re e tshwantsha le ya Lucky Dube mmoho le Stompie Mavi. Sekgeo sa bona ho boima ho ka fumana ya ka se kwalang."
Winnie o nyetswe ngwahola ka Loetse, o dula le bana ba habo ba babedi, Karabo le Helen hobane ha a so be le ba hae bana. [s]
Winnie kitjheneng ya hae. Mohodu le maotwana a dikgoho ke tsona dijo tseo a di ratang.
Winnie le koloi ya hae. Leha a rata ho eta, empa lelapa ke sona sebaka seo a ratang ho ba ho sona.
Winnie le bana ba habo Helen le Karabo bao a dulang le bona.
BONA SESOTHO October 2008
