sotho.1485.triviaoct
Lengau
Tsohle ka...
lKa Senyesemane lengau ke "cheetah," ke lentswe le nkilweng ho Sehindu le bolelang "speckled," ke hore matheba.
lLengau ke katse e tshepang lebelo ha e tsoma.
lLe lebelo ho feta diphoofolo tsohle lefatsheng, le ka kgona ho matha ka lebelo la 100km ka hora sebakeng se bokgutshwane ba 457m.
lLengau le na le hlooho e nyenyane le mahlo a phahameng. Le metsero e kang dikeledi ka thoko ho nko ho ya tswa molomong, e thusang mahlo hore a se fahlwe ke letsatsi ke ka hona le tsebang ho bona ntho e hole le lona.
lLe leholo le boima ba 40kg ho ya ho 65kg. Le letona le ba leholo ho le letshehadi ka mmele hape le ba le hlooho e kgolwanyane, empa ha ho bonolo ho bona phapang eo o a bonele thokwana.
lBoya ba lona bo bosehla bo na le mabala a matsho a le thusang hore le tsebe ho ipata.
lKe yona feela katse e sa tsebeng ho honyetsa dinala tsa yona. Le tshwarella ka dinala fatshe ha le matha.
lLengau ke phoofolo e boi. hara mefuta yohle ya dikatse ke lona feela le diehang ho amohela maemo a matjha a tikoloho eo le phelang ho yona.
NA O NE O TSEBA"
Ha le tshwane le dikatse tse ding, lona le a kgona empa ha le rore. Tau, nkwe, phiri le tse ding di a rora empa ha di kgone ntle leha di hemela hodimo.
BONA SESOTHO - October 2006
Maqephe a boithabiso a BONA
Dipapadi tsa mefutafuta
Leka bokgoni ba hao ba puo. Setshwantsho ke ona mohlala. Ke sefe seo o se bonang moo"
Monna ya ratang ho bala
Abdul Kassem Ismael, molaodi wa Persian o ne a tsamaya le dibuka tsa hae kaofela hohle moo a yang. A laitsa dikhopi tse 117 000 tsa dibuka dikameleng tse 400, a di rutile ho tsamaya ka ho latellana ha mabitso a dibuka tseo.
Ho na le merabe e 556 ya Maindia a Mafubedu mane Amerika
MMUSO wa Malaysia o ne o rere ho rarolla mathata ka ho bolaya menwanng ka ho e fafatsa ka DDT ho pholosa maphelo a batho.
Ya ka ho ba betere pele maphela a bona dijo, a iphedisa ka menwanng eo e shweleng. Mekgodutswane le yona ya thaba, ya iphepa ka maphela a shweleng. Leha yona esa ka ya bolawa ke tjhefo eo empa ya ameha methapokutlo mme ya tsamaya butle.
Dikatse tsa ja mekgodutswane eo e ntseng e nanara le tsona tsa shwa ka bongata - e ntse e le tjhefo ya DDT. Ditadi tsa nyalasa jwale ha dikatse di eshwa ka bongata mme beng ba dikatse ba qala ho kgathatseha.
Mokgatlo wa World Health Organisation wa kenella mme wa laela hore ho kwalwe DDT ka kgopolo ya ho lokisa maemo a tlhaho. Ba romela sefofane se tletseng dikatse hore di tlo ja ditadi tseo tse ngatangata.
Ke eo mehlolo!
Fumana lentswe
Fumana mantswe ka ho bala o lebisa pele, morao, hodimo, tlase hape o tshekalle. Bala o se tlole tlhaku. Etsa sedikadikwe lentsweng leo o le fumaneng mme o le hlakole lenaneng le ka thoko.
BONA SESOTHO - October 2006
Tshollo ya madi!
PELE ho eba le meriana e bolayang methapokutlo motho o ne a etswa opereishene a bokolla ke bohloko mme seo dingaka di neng di se leka ka matla ohle ke ho potlaka feela! Ngaka Robert Liston wa London e ne e le e nngwe ya dingaka tse neng di tshetjwa. Empa lebelo le lona, le a bolaya...
Opereisheneng e nngwe mafelong a dilemo tsa bo 1800 Liston o ne a bolaye batho ba bararo. Mokudi o ne a phele empa ka mora nakwana a bolawa ke tshwaetso mading.
Ka nako ya opereishene Liston o ne a kgaole ka phoso monwana wa mothusi e mong wa hae, ya neng a hlokahale ka pele le yena ke tshwaetso ya madi. Ngaka ya kgaola qola ya baki ya mothusi e mong ya neng a shebelletse - monna wa batho a bona eka o kgaolwa botona a akgeha, a shwa hanghang ke letswalo!
Leralla le letle
Maqehe a boithabiso a
Uluru, eo hape e tsebisahalang ka la Ayers Rock, ke tutudu ya lehlabathe e mane Australia - eo hape e leng sebaka se makatsang lefatsheng lohle. Uluru e bophahamo ba 346m le 8km ya maralla a potapotileng thabana ena e thibelang lehlabathe ho heleha mme jwale sena se etsa e be ditepisi tse sa tlwaelehang ha o tloha fatshe. E bonahala hantle ha letsatsi le phahama hobane e tjhentjha mebala ho ya ka dinako tsa selemo, ha le tjhaba, le dikela jwalojwalo, e be botle bo babatsehang. Pitjantjatjara Aborigines o re Uluru ke sebaka se halalelang.
BONA SESOTHO - October 2006
Marangrang a ditshwantsho
Setshwantho ka seng ke mohlala o bontshang lebitso leo o lokelang ho le ngola.
BONA
O lewatle
Australia o le kae kapa kae, ha o be hole le lewatle ka bolele bo ka hodimo ho 1 000 kilometres.
NA KA NNETE" Bank Of Vernal, mane Vernal, Utah, ke yona feela banka lefatsheng e ahilweng ka ditene tse neng di romelwa ka poso.
Ka nnete! Ho tloha ka 1919, baahi ba ne ba hlokomele hore ha ho bitse haholo ho romela ditene ka US Postal System (ho kenngwe ditene tse supileng sephuthelwaneng ka seng) ho ena le hore ba di romelwe ka sekepe ho tloha Salt Lake City.
Pina ya setjhaba ya Makiriki e na le dikgaolo tse 158
Thatolla
Mampodi wa Rock & Roll
TINA Turner ka ditlhafu tsa hae tse telele, sehlotho le lentswe la hae le makgerehla, ke mokaubere mminong wa Rock.
Lebitso la hae la nnete ke Anna Mae Bullock, o ne a hlahe mohla la 26 Pudungwane, 1939, mane US sebakeng sa Tennessee.
Ha a le dilemo di 16, a leba St. Louis, Missouri moo a neng a tume teng ka motjeko wa hae sehlopheng sa Ike And Tina Turner Revue dilemong tsa bo 1960 le 1970.
Ke hona moo a neng a ntlafatse sebaka seo a binelang ho sona mme a tlameha ho kampela ka terata ya motlakase.
Ka lentswe la hae a ikgetha a bina dipina tse kang A Fool In Love, River Deep, Mountain High le I Want to Take You Higher tse neng di ratwe haholo diradiong lefatsheng ka bophara.
Ike le Tina ba nyalana ka 1962, mme dilemong tsa bo 1970 lenyalo la bona la qala ho ba le mathata.
Ba arohana mme ka mora ho phela dilemo tse mmalwa bofutsaneng bo tshabehang, Tina a qala a bina a le mong.
Dintho tsa qala ho mo tsamaela hantle ho tloha ka 1984, ka albamo e reng Private Dancer. Albamo eo e ne e atlehe haholo mme Tina a se ke a hlola a kgutlela morao lekgale.
Ka Tshitwe 2005, Tina Turner a hlontjhwa ka kgau ya Kennedy Center Honors moketeng wa mabenyane mane John F. Kennedy Center For The Performing Arts ho la Washington, DC. A qala ho ballwa hara dibini tse pele tse kenyeleditseng le Aretha Franklin, Michael Jackson, Ray Charles, Little Richard le Chuck Berry.
Leeto la hae la ho qetela le leholo le ne le le ka 2000 ha a ne a hahlaula le Amerika Leboya. Leha a se a tlohetse ho hahlaula maeto a malelele, Tina o sa ntse a bina ka bokgabane bo boholo ho fihlela kajeno.
NA O NE O TSEBA" Tina botjheng ba hae o ne a leke ho tjhentjha mmala wa moriri wa hae ka bleach e ngata mme wa fothoha. A qala ho rwala diwiki ho tloha ka nako yona eo.
Hlahlamanya mantswe ao ka nepo.
BONA SESOTHO - October 2006
Ditadi
di mosa!
HA HO kgolahale hore ditlou ha di tshabe ditadi. Polokelong efe kapa efe ya diphoofolo o fumana ditadi di ituletse ka kgotso le ditlou. Ditadi di ja qoba la poone e thonokilweng ke tlou hape di ithoballa mmoho.[s]
