sotho.1483.complain
Nteka!
Jwalo ka moreki, o na le tokelo ya ho tletleba. Ke ena tsela e nepahetseng ya ho etsa jwalo... Pale ka Patricia McCracken
BONA SESOTHO June 2008
OTENEHILE o fedile mme ha o sa batla letho! Ke ha kae o ba le mathata, o tletleba ka seo o se rekileng? Ka mora moo, o sala o ferekane ka lebaka la hobane ba sa o thusa ka letho tletlebong ya hao.
O ka thusahala. Ke ena mekgwa e ka etsang hore mantswe a tletlebo ya hao a ahelwe lesaka...
1: ITSHIRELETSE
Dipatlisiso tse sa tswa etswa ka maemo ana ho bareki, di bontshitse hore bareki ba robong ho ba leshome ka labaka la ho ferekangwa ke ho se ananelwe ha ditletlebo tsa bona, ba qetella:
Ba buile mantswe a hlohlontshang ditsebe (29%)
Ba opelwa ke dihlooho (21%)
Ba na le mahloko sefubeng (6%)
Ba bile ba lla (5%).
Ka hoo, jwalo ka moreki, itshireletse. Qala e sa le jwale ho intsha ditabeng tsa ho nna o tletleba ka hore o shebe pele o reka hore seo o se rekang, e fela e le seo o se hlokang e le ka nnete kapa tjhe.
2: NKA BOHATO
"Ho reka kapa ho sebedisa sehlahiswa kapa tshebeletso ya khampane e itseng, ho bolela hore re a kgotsofala ka yona," ho bolela Patrick Deale, e mong wa Bathehi ba dikhampane tse e amohelang ditletlebo ka Internet, e bitswang getclosure!
O re dipalopalo di bontsha hore ke moreki a le mong ho ba bahlano lefatsheng ka bophara ya kgotsofalang ka dihlahiswa kapa tshebeletso a e fumanang! O tswelapele ka hore, ho bohle ba sa kgotsofalang, ba robong ho ba leshome ho bona, ba a thola, ba se nke bohato.
Sena se a mo makatsa jwalo ka ha ho tletleba e le e nngwe ya ditokelo tse robedi tsa matjhaba tsa bareki tse bileng di tshehetswang ke mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng le ona mmuso wa Afrika Borwa. Empa o bolela hore borakgwebo ba Afrika Borwa, ha ba sa thabela ditokelo tseo.
Tsela ya ho bontsha dintho tse sa lokang tse etswang ke dikhampane, ke ho tletleba.
3: KE MOSEBETSI WA HAO
Se ka tshaba. Leha dikhampane di tseba mantswe a reng "moreki ha a be phoso" empa borakgwebo ba bangata ba dutse ba lakatsa eka bareki ba ka se tletlebe. Ka bomadimabe, ke sona sena seo bareki ba bangata ba se etsang.
Bareki ba bangata ba bolela ha bona ba sa rate ho bua kapa ba hloka nako ya ho nna ba tsetselakaka jwalo ka masea, e leng se etsang hore dikgwebo di nne di tswelepele le ho etsa dintho tse sa lokang. Diale o kgollwa hore bareki ba bangata ba bona ho tletleba ho sa ba tswele molemo.
Ho bula metswalle ya hao mahlo, ho ka atisa mathata haholo - tse ding tsa dipatlisiso tsa mane US, di bontshitse hore bareki ba babedi ho ba bararo, ba boletse ha ba ke ke ba boele ba reke mabenkeleng a itseng hobane feela metswalle ya bona e sa ka ya tshwareha hantle nakong e fetileng.
Empa Diale yena o kgollwa hore pele ho fihla 2010, rona Maafrika Borwa re tlameha ho lokisa maemo ana, ho seng jwalo, baeti ba ka bang 400 000 ba tla beng ba tlile kwano, ba tla oroha ba sa kgotsofala!
4: TSEBA MOO O KA QALANG
Ha o tletleba ka seo o se rekileng, ho eletsa Lillibeth Moolman, mookamedi wa SA National Consumer Union, tletleba lebenkeleng leo o rekileng kapa o fumaneng tshebeletso ho lona. Lebaka la sena ke hobane tumellano e ne e le pakeng tsa hao le bona, e seng bahlahise ba mabidi, motjhini, dieta kapa eng feela eo o e rekileng.
Ha ho kgoneha, ikise ka bowena mme o kope ho thuswa ke motho ya ka sehloohong jwalo ka motshwari kapa letsoho la hae.
Beha taba ya hao e hlake ntle le ho phahamisa maikutlo mme o ka tshehetsa sena ka tletlebo e ngotsweng fatshe le wena o sale le khophi ya yona le ya resiti eo o rekileng ka yona.
Netefatsa hore ho na le ya saenang haeba sehlahiswa seo se nang le mathata o se siya.
"O se hlabehe, o phahamise moya kapa o sokele," ho bolela Moolman. "Bua hantle le bona, o bontshe setswalle mme seo se tla etsa le ya o thusang, leha phoso e se ya hae, a be motlotlo ho o thusa."
5: SE FELE MATLA
Khampane e tsebang dintho, e tla rarolla mathata a hao ka potlako. Empa ha o bona hore ha o a kgotsofala ka moo mathata a hao a rarolotsweng ka ona, o ka fetela ho ba ka sehloohong jwalo ka motswari ya tshwereng seterekeng ho fihlela ho ya tshwereng naheng ka bophara - pele o ka ikopanya le mekgatlo e meholo e tobaneng le ditletlebo tse kang ya hao.
Websites tsa mekgatlo e thusang bareki jwalo ka SA National Consumer Union le National Consumer Forum, di ka o thusa ka ho hatella ba tlamehang ho o thusa hore ba etse jwalo ka potlako. Se dumele ho lefa mang kapa mang ho o rarollela tletlebo ya hao!
O se lebale hape hore ho na le mokgatlo wa lebatowa wa bareki mmoho le Lefapha la Dikgwebo le Diindasteri. Bona ba tla o eletsa hore o ka nka taba ya hao o ise Lekgotleng la Tseko ya Ditjhelete tse Nyane kapa Lekgotleng la ditaba tsa Bareki. [s]
Moo o ka fumanang thuso
Thuso e ngata bakeng sa ditletlebo e fumaneha ho Internet kapa ka e-mail. A ko leke:
SA National Consumer Union: www.sancu.co.za
National Consumer Forum: www.ncf.org.za
getclosure!: www.getclosure.co.za
Ba tla ba ntena ba
KELETSO HO BAREKI
FAELE YA DITLETLEBO
Qala faele ya ditletlebo hang feela ha o hlokomela mathata ka dihlahiswa tseo o di rekang kapa yona tshebeletso eo o e fumanang. Leka ho ngola fatshe dintlha tsa tletlebo di sa le ntjha kelellong ya hao.
Boela hape o di ngole ka bokgutshwane, empa o nne o behelle tseo tse feletseng hantle ho etsetsa haeba khampane e ba le dipotso.
Boloka diresiti molemong wa boleng (karanti) o boele o boloke le mangolo ohle ao le ngollanang ona mmoho le dikhophi ho etsetsa ha ho le teng tseo ho hlokahalang hore o di romele ka potlako. Dula o na le dikhophi tsa teng tsa nnete.
Ha tletlebo ya hao e ntse e tswelapele, o tla kgona ho boela bukeng ya hao ya ditletlebo, o kgone ho hopola hore o kile wa bua le mang a reng, hona o ne o mo letseditse kapa o ne o mo etetse - le hona neng.
Boela o romela lengolo kapa e-mail ho ba hopotsa ka taba ya hao.
BONA SESOTHO June 2008
