sotho.1476.hip
Di a kgabola!
pale ka WALTON GOLIGHTLY
Bala ka seo e leng kgale o rata ho se utlwa ka mofuta ona wa mmino...
BONA SESOTHO - May 2006
ditshwantsho ka GREAT STOCK!
ONA ke motjeko wa setso se itseng o neng o potolohe le lefatshe mme dibini tsa mona haholoholo tsa kwaito tsa nkeha ke ona. Ena le tshusumetso motjekong, fesheneng esitana le puong e buuwang. Re ka re e fetola tsela eo batjha ba nahanang ka yona, ba etsang dintho, ba apare esitana le tsela eo ba buang ka yona. Ho jwalo, ke Hip-hop, e fihlile - e sa tla ba teng nakwana.
Ho hong hape - ke tshepa hore sena o keke wa se kgolwa - hip-hop haesale e le teng dilemong tse fetang tse 30 tse fetileng!
Mokotaba wa mofuta ona wa mmino ke hore sebini se bine ka mokgwa wa rap, se fetise molaetsa o kang wa bohlale ba sona, wa tsa thobalano, bodulo jwalojwalo mme ka nako eo kaofela, DJ yona e ntse e tswaka mantswe ao ka morethetho wa diletsa. Hangata e ba le dikarolo tse latelang:
lSampling: Sena ke ho tswaka dikarolwana tsa dipina tsa batho ba bang dipineng tsa hao ntle le tumello ya bona. Karolo eo e leng ya mannete mofuteng ona wa mmino ke mantswe ao a sebini feela. Ho ntse ho na le ho phehisana ka yona sampling ena hobane ha ho motho ya dumeletsweng ho sebedisa dipina tsa motho e mong ntle le tumello kapa hona ho bolela hore pina eo ke ya mang.
lDikupu: Sekaja le bothata ba morethetho ona di bontsha tsela eo ho tlamehang ho hatiswa ka yona. Merethetho e meng ke e kopilweng ha e meng e le e etswang ka metjhini e bitswang Roland TR-808.
lHo ngwapa di-CD: Ho ngwapa di-CD ke e nngwe tsela ya ho etsa morethetho mme e ntse e le morethetho ka boona.
E ne e qale jwang
Mothapo wa hip-hop o tebile o bile o phatlaletse. Ho na le ba ipitsang griots ho tswa Afrika Bophirima ba kopanyang dithothokiso le mmino motjekong wa bona. Mane Caribbean haesale ba sebedisa mmino wa rap mehwantong ya bona dilemo tse fetang tse leshome. Ka dilemo tsa bo 1960, James Brown ya tsebisahalang ka mmino wa maikutlo, o ne a fetisa molaetsa wa hae ka mmino, a tsanyaola.
Empa he hip-hop e ne e qalwe ke monna a le mong - DJ Kool Herc.
Ka bo 1970, mona meketjaneng Herc o ne a fetola merethetho e tlwaelehileng e be ditlabolane, di be le dikarolo tse tjekehang - dikarolo tseo, ho ya ka mekaubere ya hip-hop e kang Afrika Bambaataa, "e o hlatswang dikahare!"
Herc o ne a etse dintlafatso mofuteng ona wa mmino a eketsa metswako e meng medumong ya diletsa a tswaka le dipina tsa ba bang a kopanyetsa le hona ho ngwapa di-CD hona ho ntseng ho tswelapele le kajeno.
Ka nako eo, DJ moo a neng a tsamaya, o ne a tsamaya le Modulasetulo, eo e leng yena ya tla bolela hore ke e fe pina e tla binwa.
Hanyane hanyane, bo MC ba qala le bona ho hlahisa mantswe a bona ka ditsela tse fapaneng jwalo ka ho etsa metlae, ho phephetsa letshwele, ho etsisa dibini, empa tseo tsohle e leng tse tla dumellana le morethetho wa DJ. Dibini tsa hip-hop le rap di ne di qale ka mokgwa oo.
Hip-hop e ne e hape dipelo tsa batho ba bangata ho tloha nakong eo Rapper's Delight ya SugarHill Gang e ne etswa pele ho tse 40 tse ratwang.
E ne e tswelepele jwang
Ka dilemo tsa bo 1980, ho ne ho bonahale diphetoho tse kgolo. Bo MC ba bangata ba qala ho fetisa molaetsa wa dipolotiki le wa bodulo ka mokgwa wa rap. Le morethetho wa teng o ne o hlile o kopane.
Ho hlahella ha Kurtis Blow dipapatsong tsa Sprite, ho ne ho mo etse hore e be yena sebini sa pele ho tswa pele ka hip-hop le rap se neng se be le balatedi ba bangata.
Empa he mmino wa nna wa ratwa haholo ke batho ba dibaka tsa kantle ho moo mmino ona o neng o qadile teng. Dibini tse kang LL Cool J, DJ Jazzy Jeff le sehlopha sa basadi sa hip-hop, Salt-N-Pepa e ne e be tsona dinaledi tsa pele mminong ona.
Ka mora moo, ha fihla dikakapa tse kang Will Smith, ya neng a hape kgau ya Grammy ka 1988.
Mahareng a dilemo tsa bo 1980, dibini tse kang Ice-T le Public Enemy, le tsona tsa qala ho itlhahisa ka dipina tsa tsona tseo le tsona ho neng ho phehisanwa jwalo ka ha le bona ba ne ba tswakile dipina tseo e neng e se tsa bona.
Ke hona ka nako ena moo hip-hop e neng e qale ho phatlalla le lefatshe ka bophara - leha e ne e sa tshwane hantle le mmino o neng o fihle pele dinaheng tse kang Jeremane, Japan le Afrika Borwa, empa le ona o ne o hloka motjeko wa bo roba letheka.
Hip-hop ena ya "sejwalejwale" e ne e qale ka 1993, nakong eo ho neng ho qaleha rap e neng e tswa pele mme Dr Dre ka The Chronic a hlaha le mofuta o bitswang G Funk, oo e neng e be ona o tswang pele ho hip-hop.
Seo se ne se etsahala ka lebopong le ka bophirima. Ho le ka botjhabela teng, New York, e ne e le yona setsi ka dikakapa tse kang The Wu-Tang Clan le Busta Rhymes.
Dira tsa tsoha mme merusu le dipolao tsa latela meketeng, dipapatsong tse ngata mme le Tupac Shakur le Notorious B.I.G. le bona ba ne ba sale kgotla ka ditsela tse sa nepahaleng.
Empa dilemong tse leshome ka mora moo, re leboha katleho ya dihlopha le dibini tse kang Eminem, Backstreet Boys le Britney Spears ka ho sebedisa morethetho wa hip-hop dipineng tse ngata tsa bona.
Fesheneng
Dilemong tsa bo 1980, ho ne ho rwalwa diborele tse kgolo, dikatiba tsa Kangol, matsoho a tlala direng, ho rwalwa dieta tsa ha Addidas tse nang le maqhwele a maholo mme tsena tsohle di ne di tume ka dibini tse kang Run-DMC LL Cool J.
Ka dilemo tsa bo 1990, dibini tsa rap tsa bona dibini tsa hip-hop di se di kgahlwa ke feshene ya bashemane ba diterateng esitana le e neng e sebediswa ditjhankaneng. Re ka etsa mohlala ka ho apara marikgwe a maholo a tepisitsweng - eo ke feshene ya tjhankaneng moo mabanta e leng tse ding tsa dintho tsa pele tse amohuwang batshwaruwa ba fihlang ha ba nehwa diaparo tsa bona.
Ka dilemo tsa bo 1990, ho ne ho tume Sean "Puffy" Combs mane New York, ka disutu tsa bona tsa "polasitiki" le mabenyane a platinum a neng a le pele ka dilemo tseo.
Ena e ne e le nako eo ba neng ba senya tjhelete, ba bontsha katleho ya bona ka ho bonahala ka mabenyane a mangata a kgauta le taemane esitana le tsona dikoloi tsa majabajaba.
Matsatsing a kajeno, feshene ya hip-hop e se e le kgwebo e pele mme dibini tse ngata tsa hip-hop di se di ipuletse dikgwebo tsa tsona ha tse ding di se di na le matshwao a tsona a diaparo.
Dibini tse ngata tseo e seng tsa hip-hop di ne di nyefola tshenyo ena ya tjheletele.
Rap ha e a loka"
Haeba o se motjha, o ka bona feshene ena ya hip-hop e sa loka. Haeba o le motswadi o ka ngongorehiswa le ke mantswe a teng
Dibini tse ding tseo e seng tsa hip-hop, di nyatsa melaetsa e sa lokang e dipineng tse kang tsena e tshwanang le ya ho kgothaletsa dipolao tsa mapolesa esitana le tlhekefetso ya basadi, empa leha ho le jwalo, ho ntse ho le teng seo re tlamehang ho ba rorisa ka sona.
Ha se hangata moo batho ba susumetswang ke melaetsa ya dipina tse kang tseo. Jwalo ka ha e nngwe ya dingaka tsa kelello e boletse: "Bongata ba batho ba a tseba arohanya pakeng tsa molaetsa wa nnete le morethetho wa boithabiso feela."
Batho ha ba mamele leha e le eng feela - mme ha re kgutlela batjheng, haeba ba hodisitswe hantle, ba keke ba nna ba ngongorehiswa ke mmino oo ba o mamelang.
Empa he ho ka thweng, ke sekgahla seo hip-hop e keneng ka sona Afrika Borwa mme ba nkehile haholo ke setaele le feshene ya Amerika.
Dintho tseo batjha ba rona ba tlamehang ho shebana le tsona, ke maemo a hodimo a bonokwane, thuto esitana le ho tsetlallela ho ipheha maemong bophelong.
Ke sona sena seo batjha ba lefatsheng ka bophara ba tlamehang ho nka mohlala ho sona, haholoholo batjha ba Amerika! [s]
Pinyane ka hip-hop
BONA SESOTHO - May 2006
KA HODIMO: Le diaparo tsa boradibaeseke di se di fetohile feshene ya hip-hop jwalo ka ha o bona LL Cool J.
LETSHEHADI/KA TLASE: Ka bobedi Ice Cube (le letshehadi) le Will Smith ba atlehile ho tloha ho di-studio ho ya ho diipone tse kgolo.
QETELLONG LE LETSHEHADI: Snoop Dogg. Haeba o ne o sa tsebe, "dogg" e bolela "motswalle" ka puo ya rap.
u
t
Ho nyehlisa marikgwe le ho se tlame mabanta ke mokgwa o qadileng ditjhankaneng
BONA SESOTHO - May 2006
