SOTHO.1475.muthi
ka FORCE KHASHANE
DIHLOBA le makgopho di qetella di siile matheba a mabe letlalong la sefahleho mme motho a fellwa le ke boitshepo... tsohle tsena di ka qetwa ka moriana.
Setlhare se ka o thusa le ho theola boima ba mmele
Motjhanaka eo e sa leng setlabotjha ditebeleng, o tlwaetse ho nketela jwalo ha a sa ikwetlisa ka nepo.
Leha a fihlile ho nna a bolela hore o rata ho theola boima ba mmele - ke ile ka belaela hore ho bonahala e ka o hlile o botswa.
E ne e re leha ke mmolella hore ha ho na taba leha a sa theola mmele haholo jwalo ka ha ntwa ya hae e ne e se e le ka le hlahlamang, empa yena o ne a tswelepele le ho nqeka ka mabaka a neng a sa utlwahale. O ne a bolela ha a sa ka a fumana nako ya ho ikwetlisa ka lebaka la mosebetsi o mongata lapeng le sekolong. Ekaba setlhare se ka mo thusa"
"Mamela!" Ke re. "Se nahane dintho di hana ho fela. Setlhare se ka thusa mesebetsing yohle eo ngwana a tlamehang ho e etsetsa batswadi ba hae."
Empa he ke nna ya tlamehang ho ikwahlaya. Lekgetlo la pele ha a ne a tlo kopa moriana wa ho theola mmele, o ne a bolele ha e ne e le ntho ya tshohanyetso jwalo ka ha a ne a kene ntweng bakeng sa e mong ya neng a tlameha ho lwana.
Ke ne ke mo arubetse, mme moriana wa ka wa mo sebeletsa.
Ka ho mo arubetsa hoo, ke ne ke kgone ho theola boima ba mmele wa hae ka dikilokgrama tse pedi kaofela letsatsi pele ho ntwa ya hae.
Ho mo arubetsa hoo, ho ne ho mo hlwekise mmele wa hae mme a kena sedikadikweng a le bohale sa tau ya motswetse.
Ka mora ho hapa ntwa eo ka ho kakalatsa sera sa hae, o ne a bone hore ho arubela ho molemo ho ena le ho qeta dihora sebakeng sa boikwetliso!
Ha ho jwalo!
Ho boradipapadi, ho arubela ha se se ka nkang sebaka sa boikwetliso. O tlameha ho theola mmele ka ho ikwetlisa le ho ja ka nepo.
Ho arubela hona ho ka thusa boraditebele ba hlileng ba nang le mathata a boima ba mmele, e seng bana ba tswafang ho ikwetlisa.
Ha ho bolele hore motho o tlameha ho ema ho fihlela letsatsi la ho qetela pele ho papadi, e be e le hona motho a arubelang, o tlameha ho etsa sena habedi ka beke ho sa setse dikgwedi tse ka bang pedi pele ho ntwa.
Ho arubela ha se ntho ya boradipapadi feela. Mang kapa mang a ka ho etsa jwalo ka Moafrika! O ka arubela ka mora ho ja le ho nwa haholo esitana le ho phomola nako e telele. Sena se ka o thusa ho ntsha mafura mmeleng.
E bile hape ho ntlafatsa letlalo la hao, ho le hlwekise, ho ntshe ditshila tsena tse bakang dihloba.
Seo o ka se etsang le seo o ke keng wa se etsa ha o arubela...
lSe arubele o lapile - kapa o na le modikadikwane, o kula, o fellwa ke matla, o nyekelwa ke pelo kapa o tla nka leeto hanghang ka mora moo.
lHa ho a lokela bana ba dilemo di ka tlase ho tse 12.
lHa ho a lokela baimana.
lHa o sa tlwaela, se arubele nako e telele.
lSe ye sebakeng sa batang hang feela ha o qeta ho arubela hobane ho etsa jwalo ho ka o bakela mokgohlane.
lNako e hantle bakeng sa ho arubela ke ka phirimana o tsebe ho phakisa o kene dikobong. Boloka mmele o futhumetse ho fihlela letsatsi le hlahlamang.
lHaeba o atisa ho arubela, o tlameha ho nwa metsi a mangata - bonyane dikgalase tse robedi ka letsatsi ka ha ho qeta metsi mmeleng hobane o a fufulelwa.
lO se tiise mmele ha o "arubela."
Ha o tla arubela ka tsela e nepahetseng, o tlameha ho tsebisa ngaka ya hao nako eo o tla fihla ka yona, o se ke wa bitoha feela hara nako hobane o tlameha ho o lokisetsa, a bese mollo ho sa setse dihora tse tharo ho ya ho tse nne pele o fihla mme a behe majwe a be mafubedu.
Motho o arubela a hlobotse a dutse sutulong, a arubelle ka pitseng kapa sejaneng se nang le moriana.
Ngaka kapa lethuela la hao lona le tla kenya majwe ao a mafubedu a tjhesang ka moo ka morianeng ka bonngwe ho fihlela a fella.
Sena se tla etsa hore metsi a kubelle mmele o fufuletswe ke ho kubella hoo ha moriana. [s]
34 BONA SESOTHO - March 2006
Re bua ka ditlhare
Ho arubela
Ha o na le potso ka ditlhare, ngolla Force atereseng ena:
Re bua ka ditlhare, Box 473014, Parklands, 2121 kapa o mo romelle email atereseng e reng:
forcek@caxton.co.za
