sotho.1470.gogo
Nkgono ya makatsang
LEHA sefahleho sa hae e se sa dipapatso, empa ho ya thobalanong e bolokehileng se bonahala hohle naheng ena mme batjha le bona ba a hlokomela hore nkgono Nomisile Msikinya (84) o na le tshusumetso e matla twantshong ya EITSI.
Haesale dilemong tse hlano tse fetileng nkgono enwa a puputlwa ke marole a etswa a kena dikolong, ditliliniking, dikerekeng esitana le matlong a boithabiso moo ho rekiswang jwala teng mahaeng a King William's Town a tsamaisa molaetsa wa thobalano e bolokehileng.
Bakeng sa ho pitika a natefetswe ke boqheku ba hae, titjhere ena e seng e le pensheneng, MaDleks - ho ya ka moo ba mo bitsang ka teng, o re ke lefu feela le tla mo arohanya le mosebetsi ona wa hae.
O ne a kenwe ke moya ona ka mora ho etela moradiae Theodora, Kapa ka Tshitwe 2000 moo a neng a kopane teng le metswalle ya Theodora - barwetsana ba batle, ba etsang mosebetsi wa profeshenale.
O ne a utlwe bohloko ha a utlwa hore ba ke ke ba hlole ba phela halelele.
"Ke ne ke qala bophelong ba ka ho bona motho ya nang le EITSI. Se neng se nkutlwise bohloko haholo ke hore bobedi ba bona e ne e le batswetse. Kajeno bara ba bona ba hola ba sa tsebe batswetse ba bona.
"Ka mora ho ruta dilemo tse 50, ke ne ke rerile hore ke tla dula hae ke phomole, ke rue dipodi le dikgoho...empa banana bao ba ne ba fetole bophelo ba ka ka ho feletseng."
BONNETENG basadi bao bobedi ba hlokahala MaDleks a sa ntse a le Kapa. A utlwa bohloko mme a etsa qeto ya ho kgutlela Kapa Botjhabela leha ho ne ho sa le monate Kapa - a ena le thuto eo a batlang ho ya e jala hara batjha ka EITSI, eo a reng o e bone ka mahlo.
"Ke ne ke utlwile bohloko ka botsa Modimo hore hobaneng a mpeile dilemo tse ngata hakale ha batjha ba rinngwa jwalo ka dintsintsi," ho bolela nkgono Nomisile.
"Ke tseba nna bana e le bona ba patang batswadi ba bona empa matsatsing ana a EITSI, ha ho jwalo. Nke ke ka shebella setjhaba se fela ka mokgwa o tjena."
Mosadimoholo ya hlomphehang wa Kereke ya African Methodist Episcopal, mme Msikinya - "o ne a tshwere Bibele feela letsohong, a tshepile neo ya hae ya bokgeleke - a tlalatlala le motse wa Mbaxa.
"Ke ne ke batla hore batho ba bue ka taba ena. Ke batla ba hlokomele tsietsi eo re tobaneng le yona e sa le nako," ho bolela yena.
"Ke ne ke batla ho hlokomedisa batho hore ha ba batla ho phela halelele, ba lokela ho tsamaela hole le HIV. Ya eba lepetjo la ka - ka bua le batjha.
ABA A reneketsa setloholo sa hae se dikgwedi di tsheletseng ka hore ke Born Free, mme MaDleks o tseba ho bala molaetsa wa papatso wa tlhokomediso ya EITSI a sa rwala le diborele.
Eo ke Evangeli e tsamaiswang ke nkgono MaDleks - ka mora ho bua le yena, o tla hlokomela lebaka le etsang hore ebe thatohatsi ho batjha. Ha a ba hatelle mme leha a le moholo ho bona, o bua ka tsa thobalano ka bolokolohi bo boholo.
"Ke bala sohle seo ke kopanang le sona ka EITSI mme ke bua le batho ba bangata ka hohle ka moo nka kgonang bao kaofela ke ba hlokomedisang ka moo ba ka phelang bophelo bo hlwekileng bo bolelele ka teng," ho bolela yena.
"Ke ne ke qale kerekeng ya heso, mme jwale ke bua le tikoloho ena kaofela." Ha se bohle ba thabelang ho mo mamela empa MaDleks o re ha a kgonne ho pholosa a le mong feela, o a kgotsofala. "Batho ba baholo ba lokela ho thusa batjha ka hore ba itlwaetse ho bua le bona ka bolokolohi ka EITSI le thobalano," ho bolela yena.
"Ke nnete ho a swabisa ho bua ka thobalano le bana empa ho molemo ho swaba mme le phela ho ena le ho thola o be o shwe."
METSWALLE ya hae e mo kgothaletsa ho dula hae a phomole, ba re a tlohele ho ikopisa hlooho ka EITSI - empa MaDleks o re ho bona: "Modimo o mpolokile dilemo tse ngata hakana ka lebaka mme le leng la ona ke ho thusa batjha hore le bona ba tsebe ho phela halelele jwalo ka nna."
Lentswe la mosadimoholo le qetelletse le fihlelletse le ho ba loveLife - mokgatlo wa batjha ba lwantshanang le EITSI.
Karolo eo hangata ho sebediswang motho ya dilemo di 18 ho ya ho 25, ba ile ba kgetha ho sebedisa nkgono Msikinya papatsong ya maemo a hodimo e neng e hatiswe selemong se fetileng mane Joburg. Jwale sefahleho sa hae se bonahala hohle naheng ena.
Lepetjo la hae le ntse le eme "Born Free, embrace life"(O tswetswe o se na mathata, natefelwa ke bophelo) MaDleks o eme pela Philemon Moikanye (20) ya manyetse.
Nkgono enwa ya hlonephang meetlo o sebetsa mmoho le motjha ya ratang mmino wa hip hop ya aparang diaparo tsa sejwalejwale, ya bileng a nang le selefoune ya maemo empa bobedi ba bua ka ntsweleng. Philemon o re ho bonahala dipapatsong a ena le MaDleks ho yena o ho bona e le tlhohonolofatso. "Batho ba sheba sekgeo pakeng tsa batho ba baholo le batjha ba kajeno mme ba lebale ho sheba mathata ao re tobaneng le ona ka ho tshwana, a kang a bofutsana, kgethollo ya bong le EITSI," ho bolela yena.
MOYA o ne o hlaba mohla BONA e etetseng MaDleks lapeng e mo fumana a besitse setofo sa parafine a shebelletse dihanyata tsa WWE, lenaneo leo a le ratang haholo. "Ho a bata kajeno," o boletse jwalo a bile a raoha a kwala TV a kopa ho re etsetsa tee.
Ho sa le jwalo, metswalle ya hae le yona ya kena e batla ho phokiswa tee. Thobile Manyonga (22) o re MaDleks o tsofetse empa pelo ya hae ekare ya motjha. "Dithaka tsa hae di tshaba ho bua ka tsa thobalano le EITSI le batjha empa yena o tjho jwalo ka ha e le jwalo - ke lakatsa ekare a ka phela dilemo tse ding hape tse 84."
Leha baahisane ba hae Nosiza Diza (62) le Cecilia Mbeki (74) ba bona bohlokwa ba mosebetsi wa hae, empa ba nahana hore o lokela ho phomola. Boraro ba bona ba na le nako ya ho bala Bibele mmoho mme ke hona moo ba keng ba leke ho bua le yena hore a phomole empa o latole bosehla.
"MaDleks o batla batjha bohle ba phele halelele jwalo ka yena," ho bolela mme Mbeki.
"Mohlomong le ho feta yena!" o boletse jwalo Diza. [s]
@LiveWire
BONA SESOTHO - October 2006
pale ka DAVID MACGREGOR
ditshwantsho ka @LIVEWIRE
LE LETONA: Bonkgono - MaDleks o na le baahisane ba hae Nosiza Diza (62) le Cecilia Mbeki (74).
Nkgono ya re rutang tsela ya bophelo!
Ya dilemo di 84, ke thatohatsi hara batjha ka matsapa a hae a ho lwantshana le lefu la EITSI...
KA HODIMO: Nomisile le Thobile Manyonga. "O bua dintho jwalo ka ha di le jwalo," ho bolela yena.
LE LETSHEHADI: MaDleks o fumane sebaka sa ho phomola kajeno le setloholo sa hae Phila Msikinya (18), le setlohotloholwana, Born Free.
BONA SESOTHO - October 2006
