sotho.1441.africa
Motlotlo wa Boafrika - 40
Mauritius
sehlekehleke sa nyakallo
MAURITIUS, ke naha e ikemetseng e ka bophirima ho lewatle, ka botjhabela ho yona ke Madagascar mme hape ho na le dihlekehleke tse kang: Mauritius, motsemoholo wa teng, Rodrigues ka botjhabela; Agalega ka leboya; le Cargados Carajos Shoals ka leboya botjhabela.
Naha ena e nametse le ho Chagos Archipelago (e laolwang ke UK) le Tromelin Island (e laolwang ke Fora).
Pele naha ena e fumanwa ke Mapotoketsi ka 1505, Mauritius e ne e buswa ke Maburu, Mafora esitana le Brithani pele e fumana boipuso ka 1968.
Mmuso wa teng ke o tsetsitseng wa demokrasi, dikgetho tsa teng di lokolohile mme hape e na le pale e ntle ya ho hlompha ditokelo tsa botho, dinaha tse ngata di ile tsa etsa matsete a mangata naheng ena, ka hoo ya eba e nngwe ya dinaha tse ruileng Afrika.
Motsemoholo - Port Louis
Mabatowa - a mararo - Agalega Islands, Cargados Carajos Shoals, Rodrigues - le ditereke tse robong: Black River, Flacq, Grand Port, Moka, Pamplemousses, Plaines Wilhems, Port Louis, Riviere du Rempart, Savanne
Maemo a lehodimo - ho mongobo ho bile ho futhumetse, mariha teng ho omme (Motsheanong ho ya ho Pudungwana); hlabula teng ho metsi ho bile ho a tjhesa (Pudungwana ho ya ho Motsheanong)
Tumelo - Hindu: dipersente tse 48; Maroma a Katolike: dipersente tse 24; Makreste a mang: dipersente tse 9; Muslim: dipersente tse 17; tse ding ditumelo: dipersente tse pedi.
Nako ya bophelo - banna: dilemo tse 68; basadi: dilemo tse 76
Puo ya semmuso - Sefora le Senyesemane
Tjhelete - Mauritian rupee
Naha
Boholo ba yona: 2 040 square kilometres.
Naha: phula e nyane e lebopong e nyolohelang dithabeng e be e yo fella sehlabaneng se ka hodima dithaba tseo.
Sehlekehleke seo naha ena e reheletsweng ka sona ke sona se seholo ho feta tsohle naheng eo mme se ratwa ke difefo hape se na le ditutudu.
Sehlekehleke sena sa Mauritius se itshetlehile haholo tlhahisong ya mmoba. Ka lebaka la ho rata temo ha baahi ba naha ena, ba qeteletse ba se ba sebedisa meriana ena e bolayang dikokonyana haholo hoo qetellong tse ding tsa tsona di neng di se di sa shwe.
Batho ba teng
Mauritius ena le batho ba ka bang 1 230 602 (2005), e leng se bolelang hore ke batho ba ka bang 666 ho square kilometre ka seng, e leng palo e hodimo lefatsheng.
Dikarolo tse pedi ho tse tharo tsa batho ba moo, ke Maindia mme karolo e nngwe e setseng ke ya motswako wa Maafrika le Mayuropa bona ba bitswa Creoles mme ba etsa palo e ka tlase hanyane ho karolo e le nngwe ho tse tharo.
Ho na le methwaelanyana ya Matjhaena; Mauritius ke e nngwe ya dinaha tsa Afrika tse nang le palo e hodimo ya Matjhaena ho yona.
Sefora le Senyesemane di sebediswa haholo mmusong le dikgwebong. Matshwao a tsela ona a ka puo ya Senyesemane ha dikoranta esitana le mehlodi e meng ya tsa kgokahanyo e sebedisa Sefora.
Bokgeleke ba makgoba
Pina le motjeko o ikgethang o bitswang séga, ke wa setso sa naha eo wa ho tloha nakong ya bokgoba. Motho wa bohlokwa ha re bua ka séga re ka bala Ti Frère (1900-1992). Mmino oo re ka o tshwantshang le séga, ke wa reggae.
BONA SESOTHO - November 2005
e bokeleditswe ke WALTON GOLIGHTLY
setshwantsho ka GREAT STOCK!
Dipersente tse 90 tsa mobu, ho lengwa mmoba ho ona, o kenyang phaello ya dipersente tse 25 ho tswa dinaheng tsa kantle
KA TLASE: Lewatle le letle le futhumetseng le etsa hore Mauritius e be naha e ratwang haholo ke bahahlaodi.
PALE
LEHA e sa le dilemo tse ka tlase ho tse 400 batho ba qadile ho dula naheng eo, naha ena ya Mauritius e kile ya etelwa ke Maarabo ka dilemo tsa bo 900 le Malays ka dilemo tsa bo 1400 esitana le Mapotoketsi ka dilemo tsa bo 1500.
E ne e hatjwe ke monna e mong wa Nertherlands, Maurice wa Nassau, eo e neng e le manki e moholo wa Netherlands.
Ka 1715, Fora ya nkela puso ya naha ena ho yona. Ka 1810, nakong ya ntwa ya Napoleon, sehlekehleke sena sa hatjwa ke Brithani eo ka 1814 e neng e nehelwe ho yona semmuso.
Ho rarolla mathata a leqeme la basebetsi ka lebaka la ho qetwa ha makgoba ke Mmusi wa Brithani, balemi ba meru ba naheng eo, ba ne ba dumellwe ho lata basebetsi ho tloha naheng ya India, e le se neng se bake hore ho tloha ka 1861, bongata ba batho ba naha eo e be Maindia.
Mauritius e ne e fumane boipuso mohla 12 Hlakubele 1968. Mokga wa Mauritius Labour Party (MLP), o neng o eteletswe pele ke Sir Seewoosagur Ramgoolam, o ne o busi Mauritius dilemo tse 14 tsa pele tsa boipuso ba naha eo.
Mokga wa kganyetso, Mauritian Militant Movement (MMM), o ne o be matla ka dilemo tsa bo 1972 mme ka 1982 wa phamola matla a puso boetapeleng ba Anerood Jugnauth.
Ka lebaka la diqhwebeshano tsa ho tseka matla a puso mokgeng oo wa MMM, ke ha Jugnauth a theha mokga o motjha, Mauritian Socialist Movement, oo tshebedisanong ya ona le MLP, o neng o hape ditulo tse ngata palamenteng ka 1983. Mokga wa kopanelo wa Jugnauth o ne o boele hape wa hapa ka 1987 le 1991. Ka 1992, Mauritius ya ba repabliki mme Cassam Uteem ya ba mopresidente.[s]
Mmuso wa sehlekehlekeng sena
Ho tloha ka 1968-1991, naha ya Mauritius e ne e buswa ke Mmusi wa Brithani. Ka Hlakubele 1992, naha eo ya ba rebaboliki mme Mmusi eo wa Brithani, ya ba yena mopresidente. Cassam Uteem e ne e be mopresidente mekgahlelo e mmedi ya dilemo tse hlano ho tloha ka Phupu 1992 ho ya ho Hlakola 2002.
Palemente ya teng, e ne e na le ditho tse 62 tse kgethwang ke batho bohle, le tse nne tse kgethwang ke khomishene ya dikgetho ho tswa mekgeng e hlotsweng. Hlooho ya mmuso ya ba tonakgolo eo e leng yena motshwari wa Khanselara ya Ditonakgolo.
BONA SESOTHO - November 2005
Projeke ya BONA
