sotho.1431.blige
Katleho ya kgalala
Ke a lla ke amehe maikutlo
BONA SESOTHO - June 2007
Mary o lebetse ka masawana, o motlotlo ho ba mohlala ho batshehetsi ba hae ba bangata.
HO etela Afrika Borwa ke ntho e babatsehang dibining tse ngata, empa ha se lona feela lebaka le ka etsang hore ba bolele ha 2007 e tla ba selemo seo Mary J Blige a tlang ho ipabola ka sona ho feta pele. O kgethetswe dikgau tsa Grammy lekgetlo la borobedi ka CD ya hae, The Breakthrough. Dikgaung tsa bo 49 tsa Grammy, o ne a hape kgau ya ho ba Sebini se pele sa mosadi sa R&B le pina e pele ya R&B ka Be Without You, mme hape a fumana le ya albamo e pele ya R&B.
"Ke lehlohonolo hore dintho di tsamaye ka mokgwa ona," ke yena eo. "Ke ntho e ntle hore e be ke ntse ke atleha.
"Katleho ya dibini tse ding e ba 'lai, lai, fi' mollo wa dipampiri. Ba bangata batho ba nang le talente, empa ha ho mang ya tsebang hobaneng ha ba bang ba atleha ba bang ba sa atlehe. Ke mang hape ya tsebang hore katleho eo e tla ba ya nako e kae"
"Ka The Breakthrough ke bontsha thabo ya ho ba mohlodi, e seng lehlatsipa."
Blige o kile a phela bophelo ba tsitsipano, ba bofuma, dithethefatsi mmoho le tlhekefetso ka thobalano...
Maima le mathata
O hlahetse The Bronx, New York mohla 11 Pherekgong 1971 mme ntatae eo e neng e le sebini sa jazz, o ne a tsamaye lapeng a mo siya a le dilemo di nne feela. O ne a sihe mmae, Cora, le bana ba babedi.
O boela a bolela hore o ne a hlekefetswe ka thobalano ke e mong wa metswalle ya lelapa la habo a le dilemo di hlano feela. Dithethefatsi di ne di mo ntshe sekolong se phahameng moo a neng a ithuta teng.
Bophelo bo ne bo le boima. "Ke ne ke dutse ke lwana kamehla. O ne o tlameha ho ba kanyane le diretsana hore o tle o hlole bonokwane ba sebakeng seo.
"Ke ne ke phela ka mathata le maima. Ha o ne o tlohela hona, o ne o kena ho ho hong."
O ne a kene mminong ka phoso. O sebeditse nakwana dibakeng tse fapaneng. O ne a rata le ho lokisa metswalle ya hae moriri moo habo. "Ha ke setsebi sa moriri, empa ke a tseba ho lokisa batho moriri," ke yena a ntse a tsheha. Ka le leng a ntse a le mabenkeleng, a kopana le e mong wa metswalle ya hae ya neng a mo memele studio moo Anita Baker a neng a ilo hatisa Rapture teng. Mmae o ne a fetisetse khasete eo ya hae ho mohlankana wa hae, yena a e neha motswallae ya neng a e fetisetse khampaneng ya ho hatisa e moo toropong...
Masawana
Blige o ne a saene tumellano e neng e mo hlahisetse What's The 411 ka 1992. Albamo eo e ne e hlahiswe ke Sean "Puffy" Combs mme mesollane e kang You Remind Me le Real Love ka bobedi di ne di hlwe mekwalaba nalaneng ya R&B.
Blige a qala ho ba maphathephathe, a nka ditshwantsho, a etsa di-video, a ba le dipontsho setjhabeng, a ba le dipuisano, a bua diyalemoyeng. Ho tsena tsohle re ne re sa bale taba ya ho hahlaula ha hae lefatshe ka bophara le dibini tsa kang Bobby Brown le Boyz II Men.
Ka mora nakwana, ha utlwahala menyenyetsi ya hore Mary J jwale o ne a se a sa fihle dibakeng tsa ho nka ditshwantsho le moo a lokelang ho ya bina teng le dipuisanong.
Kajeno o a swaba ha a nahana ka masawana ao. Empa o re le batsamaise ba hae le bona ba tlameha ho nyatswa ka seo.
"Ba ne ba nka qeto ntle le ho bontshana le nna." Ke yona ntho e mpe mminong eo batshehetsi ba sa e tsebeng. "O tlameha o sebetsa ka thata mona mminong pele o tla kgola molemo," ho rialo Blige.
"Ka nako e nngwe ke ne ke sa fumane tjhelete, e leng se neng se sa nthabise hohang."
Dintho di fetohile kajeno. "O ka nna wa bolela hore ke mmakgwebo ya atlehileng. Ke se ke kgona ho laola dintho tsa ka hobane o ke se tshepe motho tjheleteng, bophelong esitana le seriting sa hao."
A fetoha
My Life le yona e ne e hlahiswe ka Pudungwana 1994 ke Combs, eo e neng e le mookamedi wa Blige. Jwalo ka ha sehlooho sa yona se bolela, e ne e bua ka bophelo ba Blige mme albamo ena e ne e fete ya pele.
Sebini sena se a dumela hore leha se ne se tuma jwalo, empa se ne se ntse se lwantshana le dithethefatsi, jwala mmoho le kgatello, empa ditlhekefetso o ne a se a tswile ho tsona.
Ka 1995, Blige o ne a hatise albamo ya mosollane e neng e rekise platinum, Not Gon' Cry, e neng e ngotswe ya ba ya hlahiswa ke Babyface eo pina ya yona e neng e re Waiting To Exhale. I'll Be There for You/You're All I Need to Get By. Ho bina ha hae le The Method Man, ho ne ho etse a hape kgau ya hae ya pele ya Grammy.
Lentswe la Blige le tshwantshwa le la Aretha Franklin mme sena se ile sa pakelwa ke Mary ya 1999. Leha a se a tswile mminong wa hip-hop, empa o ntse a hopoleha dipineng tsa mmino wa maikutlo wa dilemo tsa bo 1980 tse kang tseo a neng a bina le Elton John (ya neng a bapala piano ho Deep Inside, e neng e tshwana hantle le pina ya hae ya 1970, Bennie And The Jets), Eric Clapton (Give Me You), Lauryn Hill (ya neng a ngole a ba a bina ho All That I Can Say) - ha mmoho le Aretha Franklin.
Ha ke phete
Mohla 28 Phato 2001, MCA e ne e phatlalatse albamo ya bohlano ya Blige, No More Drama. Albamo e neng e tle pele ho eo ke ya mosollane, Family Affair, e neng e hlahiswe ke Dr. Dre, e ne e be lenaneng la tse 100 tse pele mme ya ballwa moo dibeke tse tsheletseng kaofela.
Lebitso la albamo ena le ne le bontsha ho fetoha ha bophelo ba Blige mme dipina tse kang eo e reheletsweng ka lebitso la albamo, Where I've Been le Flying Away di paka sena.
Ha o re 'ha ke sa batla masawana', o ebe o hlokometse hore ke se fe sera sa hao - wena ka sebele! O a hlokomela hore ke yena feela ya ka lokisang maemo ao. Empa ke mosebetsi o moholo," ho rialo Mary.
"O tlameha ho lwana, empa ke a bona hore ke se ke sebeditse.
"Ke se ke bona moo ke entseng hantle, le moo ke tlaitseng. Leha ho le jwalo, ke a tseba hore ho bua ho bonolo ho feta diketso."
O ne a tlameha ho ba le mamello hobane albamo ya hae e latelang, Love & Life, e ne e nyatswa haholo. Leha e ne e fihlele ho platinum, ke yona feela e neng e rekwe butle butle ho fihlela kajeno. The Breakthrough e neng e phatlalatswe ka Tshitwe 1995, e ne e be albamo ya pele ya sebini sa mosadi sa R&B ya mosollane ho rekisa hantle ka beke feela.
Kajeno o nyalane le Kendu Isaacs, mme Blige o fana ka molaetsa wa lerato dipineng tse kang Can't Hide From Luv, Be Without You, I Found My Everything le tse ding mme albamo eo e ntse e rekwa.
Ke ya pele
Blige o re Isaacs o mo tlohedisitse jwala jwalo ka ha a ne a mmolelle hore ha a ka fihla lapeng a tahilweng, e tla ba ho arohana ha bona. Ba ne ba nyalane mohla 7 Tshitwe 2003 mme jwale Blige o hodisa bana ba bararo ba Dendu ba lenyalong la hae la pele. Leha a so ka a rata ho ba le bana, empa ha a ka ima, a ka ho amohela hoo.
Ha a botswa ka merero e meng ya hae, Blige o re: "Seo ke se batlang ke ho bina. Ke tla bina ho fihlela ke tjha lentswe. Ho seng jwalo, ke rata ho ba mohlahise.
"Ke ntse ke tsetselela katleho," ke yena hape. "Ho ne ho se na motho ya neng a nnatsa pele. Kajeno bana le ba baholo ba se ba ntseba ka lebaka la mmino wa ka. Ke motlotlo ka seo."
Ha re tsebe le haeba o tla dula a tshepahetse batshehetsing ba hae.
"Le wena a ko ipehe maemong
a ka. O fete maimeng ao ke fetileng ho ona. "O ka utlwisisa hobaneng ke ne ke lla ke utlwa bohloko, ho
le boima, empa ke tsetselela ho etsa se nepahetseng."
"Ke tla leka ho dula ke tshepahetse, ke boloke seriti
sa ka." [s]
Ke mofumahadi wa mmino wa hip-hop le wa maikutlo, leha e le naledi e kileng ya hapa le dikgau tsa Grammy, Mary J Blige dintho ha di a ka tsa mo tsamaela hantle hohang, mme bopaki ke molaetsa o totobetseng dipineng tsa hae tse phetang pale ya maima le mathata ao a fetileng ho ona...
O qadile ho bina a tshwantshwa le "Aretha Franklin," empa Mary o ne a potlake ho fumana setaele sa hae se ikgethang sa ho bina.
BONA SESOTHO - June 2007
pale ka ISAAC KWELA
ditshwantsho ka GETTY IMAGES/GALLO IMAGES
t
'Ke ntse ke rata ho hlwa mekwalaba.'
BONA SESOTHO - June 2007
"Ke mmakgwebo ya atlehile matsatsing a kajeno," ho rialo Mary, "ke se ke kgona ho laola bophelo le mosebetsi wa ka."
