sotho.1425.sheila_2
Kopana le naledi ya SA e maphathephathe
O phela bophelo bo hlwekileng
pale ka DOMINICK SEGOATLE
MMINONG ho bonahala ekare batho bohle ba na le mefuta e meng ya kgwebo lehlakoreng. Ha ba thabise batho feela, ba na le mesebetsi e meng. Le Sheila Silindile Maseko, katleho ya hae e totobala kamehla.
"Ke phakisa ho ba le bodutu ha ke etsa mosebetsi o le mong, ke batle o mong o nang le phephetso," ho bolela Modulasetulo enwa ya nang le khampane e hlahisang mananeo.
"Sa bohlokwa ke ho etsa dintho hantle ka ho hlahlamana ha tsona," o boletse jwalo ha a botswa ka bokgoni ba hae ba ho laola mesebetsi kaofela. "O ipha nako e lekaneng ya mesebetsi yohle eo a tobanang le yona. Ha Modimo o ka mpha matla, ke lakatsa ho tlohela ho sebetsa ha ke le dilemo di 35."
Hodima tseo tsohle, Sheila ke sebohodi sa lenaneo la Gospel Stars le Thabo Mdluli ho SABC 2.
Hape ke mookamedi khampaneng e nngwe e rekisang meriana ya dikhemising. O re: "Ho hole moo ke yang. Ha ke so fihlelle seo ke se labalabelang, ke sa tla sebetsa ka thata."
Empa o kgona jwang"
"Mosebetsi ke mosebetsi empa nako ya lelapa ke ya bohlokwa ho di feta kaofela." ho bolela Sheila. "Nna le ba lelapa la ka re a utlwana. Ba a ntshehetsa hobane le nna ke ipha nako ya bona."
O motlotlo ka lenaneo la hae la Gospel Stars.
"Re na le dinaledi tsa Pop Stars le Idols, jwale ke nako ya Gospel Stars," ho bolela yena. "Batho ba rata mmino wa Bodumedi mme ona ke monyetla wa hore batjha ba hlahelle ho TV.
"Lenaneo lena le tla hlahisa dinaledi tse ntjha, e seng batho ba etsisang dibini. "Ha re nyatse motho, ha o sa tsebe ho iqapela dipina, o tseba ho bina, o amohelehile," ho bolela Sheila.
"Re nahana hore bohle ba kenelang lenaneo lena ke BaKreste ba batlang ho tlotla lebitso la Jesu empa leha ho le jwalo ha re kgetholle motho."
Sheila o holetse lapeng la BoKreste empa o ne a qale ho amohela Jesu Kreste e le Mopholosi, ka 1999.
"Le yena o hotse jwalo ka batjha ba bang, a rata diaparo tsa feshene le meketjana, a bile a thabela ho ba le bahlankana ba maemo. Empa ka shebisisa bophelo ba ka mme ka se ke ka bo rata. Ka batla ho phela bophelo bo hlwekileng, ke be le maikemisetso. Ka bona moruti e mong ya neng a bua dintho tseo ke neng ke fumane di le bohlokwa haholo bophelong ba ka mme ke hona moo ke neng ke etse qeto ya ho ba MoKreste wa sebele."
O nka batho bohle e le dikgaitsedi le baena ba hae ho sa kgathallehe hore ke BaKreste kapa tjhe e leng ntho e seng bonolo dinaleding tse ngata. "Batho ba rata ho dula ba shebisisa bophelo ba rona, ba batla ho netefatsa hore re fela re phela ho ya ka moo re buang ka teng. Ke dumela hore motho o lokela ho ba le boikarabello ho sohle seo a se etsang," ho hlalosa yena.
"Ha ke bone phoso ha batho ba eya meketjaneng - seo ke se llelang feela ke boitshwaro bo botle, ba tsebe ho ithiba."
Ke yona tumelo ena e thusitseng Sheila hore a atlehe. "Bophelong ha ho kgomo ya boroko.
"Qala hona jwale ho etsa ho hong ha bohlokwa bophelong ba hao, leha e ka ba ntho e nyenyane feela mohlomong o bale buka. Iketse mohlala ho wena mme o ithute ho hong diphosong tsa hao."[s]
KA HODIMO: Sheila o sebetsa le Thabo Mdluli lenaneong la Gospel Stars.
Ho ba sebohodi sa lenaneo le letjha la TV ke o mong wa mesebetsi ya Sheila Maseko e mengata...
BONA SESOTHO - October 2007
