sotho.1394. lobola
Ekaba o kgotsofetse"
Se lebale resiti!
KA DILEMO tsa bo 1980, sehlopha sa Stimela se ne se bina pina a neng e re: "Who's fooling whom" (ke mang ya etsang e mong sehole") Ke lefa mahadi empa ha ke fumane resiti." Kajeno ka mora dilemo tse ka bang 20 kaofela, Mpho Lebogo, wa Moletjie, Limpopo o kentse mantswe ao pelong ya hae.
O butse kgwebo e thusang batho ba ratang ho nyalana, ba ratang ho ntshetsana mahadi mane Joburg.
Mpho o ne a fihlelwe ke monahano ona nakong eo a neng a fihla Jorbug a utlwa mathata ao batho ba seng ba kile ba kopana le ona ka moetlo ona.
"Moholwane wa ka o ne a hlokahale pele ba nyala moratuwa wa hae, empa o ne a se a ntshitse mahadi," ho rialo Mpho. Ka lebaka leo, mosadi eo wa hae ha a ka a kgona ho tseka lefa la hae.
"Haeba a ne a fumane resiti eo Stimela se buuwang ka yona, dintho di ka be di le ka mokgwa o mong."
Ke ne ke fihlelwe ke monahano wa mahadi mme ka tsoha hoseng ka ngola tumellano eo ke neng ke e nehe mohatsaka," ke yena eo.
"O ne a bale a re: 'O ntse o lora!'" Mpho o ne a ise tumellano eo moreneng.
"Morena o ne a nthorise mme a mpolella hore e tla nthusa kae kae ha ke hlahelwa ke mathata mabapi le mahadi."
A mang marena ha a ka a thahasella kgwebo eo ya Lebogo. "Ha re tsamaisane le tsela ya ho hweba ka moetlo ona wa rona, ho bula dikantoro tse kang ena, ke e nngwe taba," ho rialo Morena Mwelo Nonkonyane.
Ha se tumellano ena feela e tenang Nonkonyane, empa le temana ya ho batla batho ba baholo ba tla ya ntshetsa banyalani mahadi.
"Ka ho ya ka moetlo, ha re romela batho ha ba ele temana ya tjhelete, empa hobane re batla ho theha sekgotsi se tiileng pakeng tsa malapa ao.
"Ka hoo, rona jwalo ka marena, re tla lwantshana le dikgwebo tse kang tsena ho fihlela!"
BATHO bana ba boele hape ba tswelepele le ho thusa leha mahadi a se a ntshitswe.
"Re ka etsa mohlala haeba mohlomong banyalani ba ena le mathata ka mora lenyalo," ho rialo Nonkonyane. "Ke bona ba tla leka ho rarolla mathata ao.
"Jwale mpolelle hore o ka tshepa motho eo o sa mo tsebeng mosebetsing o kang ona""
Empa Lebogo o re mathata a maholo a banyalani, ke tjhelete. "Ke ka hona ke fanang ka keletso ya ditjhelete le matsete," ke yena eo - se lebale hore o sebetsa bankeng.
Ha a dumele hohang hore kgwebo ena ya hae e kgahlano le moetlo wa mahadi le lenyalo.
O kgolwa hore "resiti" e tla rarolla mathata ao baholo ba rona e sa leng ba na le ona ho tloha kgale.
"Ke mang ya reng o ke ke wa kopa ho kgutlisetswa mahadi a hao"" ho botsa Mpho.
Ha jwale o bitsa R500 sebakeng sa Gauteng, empa haeba a tlameha ho tswela kantle Mabatoweng a mang, ke R1 500.
"Athe hape re kgona ho thusa batho ba batlang ho ya ntsha mahadi empa ba se na ditlhoko tse feletseng tse kang dipalangwang, dikobo, meseme jwalo jwalo." [s]
BONA SESOTHO - April 2006
Leha ho ntse ho na le kgwao ka khampane ena e ntjha, empa e ka o thusa tabeng ya mahadi.
pale ka TEDDY GOMBA
setshwantsho ka NOMPUMELELO NGCOBO
Mpho Lebogo o hlakisetsa baeti ba hae ka tumellano ya mahadi mme hape o araba le dipotso tseo ba ka bang le tsona.
BONA - April 2006
